Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 20 January
BEKE E QALANG KA LA 20 JANUARY
Pina ea 34 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 1 ¶18-23 le lebokose le leqepheng la 14 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 11-16 (10 mets.)
No. 1: Genese 14:17–15:11 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Haeba e Mong a Re, ‘Ke Eng ho Etsang Hore U Nahane Hore ho na le Bolumeli bo le Bong Feela bo Nepahetseng?’—rs leq. 82 ¶1 (5 mets.)
No. 3: Abadone—Lengeloi la Mohohlo—Ke Mang?—it-1-E leq. 12, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Re Ithuta’ng? Puisano. Kōpa hore ho baloe Matheu 7:6-11. Tšohlang hore na litemana tsena li ka re thusa joang tšebeletsong ea tšimo.
10 mets: Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Har’a Lōna. (1 Bathes. 5:12, 13) Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang: (1) Ke ka litsela life baholo ba sebetsang ka thata ka phuthehong? (2) Re ka bontša joang hore re ba ela hloko haholo? (3) Ke hobane’ng ha ba etellang pele ba hloka ho khothatsoa? (4) Re ka khothatsa baholo le ba malapa a bona joang? (5) Ho mamela ba etellang pele ho tsoela phutheho le baholo molemo joang?
10 mets: “Kamoo re ka Khothatsang Bao re Sebetsang le Bona Tšimong.” Lipotso le likarabo. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse molemo tseo ba ithutileng tsona ho motho eo ba neng ba sebetsa le eena tšimong.
Pina ea 93 le Thapelo