Na Bolumeli ke Motso oa Mathata a Moloko oa Batho?
“HA BOLUMELI bo sa khothalletse ntoa bo sebetsa joaloka sethethefatsi se thethefatsang letsoalo la motho le se tlatsang kelello ka lintho tse inahaneloang tse lebatsang motho mathata. . . . [Bo] etsa hore batho ba nahanele lintho haufinyane, ba kholoe litumela-khoela, ba tlale lehloeo le tšabo.” Eo e kileng ea e-ba moromuoa oa Momethodiste ea ngotseng mantsoe ana o ile a phaella ka ho re: “Liqoso tsena ke ’nete. Ho na le bolumeli bo botle le bo bobe.”—Start Your Own Religion.
Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Ka sebele ho etsa qoso e joalo ke ho hloka toka.’ Empa ke mang ea ka hanyetsang linnete tsa histori? Hangata bolumeli—bo hlalosoang e le “ho sebeletsa le ho rapela Molimo kapa matla a phahametseng tlhaho”—bo na le tlaleho e sisimosang. Bo lokela ho re ruta le ho re susumetsa. Leha ho le joalo, seo bo atisang ho se etsa ke ho ritela ntoa, ho hloka mamello le lehloeo. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
“Lengeloi la Leseli” le Khelosang
Ho ea ka Bibele ho na le karabo e bonolo haholo. Satane Diabolose ea iketsang eka ke “lengeloi la leseli” o khelositse ba limilione hore ba latele lithuto tsa hae ho e-na le tsa Molimo. (2 Bakorinthe 11:14) Moapostola Johanne o ile a bontša hore tšusumetso ea Satane e pharaletse hoo ‘lefatše lohle le rapaletseng matleng a ea khopo.’ (1 Johanne 5:19) Johanne o ne a tseba hore Satane ‘o khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9.
Liphello tsa see e ’nile ea e-ba life? Satane o hlahisitse litsamaiso tsa bolumeli tse bonahalang eka lia halalela. Li kene ka har’a “lekoko la ‘bolumeli,’” empa litholoana tse khopo tseo li li hlahisang li senola seo li hlileng li leng sona. (2 Timothea 3:5, J. B. Phillips; Matheu 7:15-20) Ho e-na le ho thusa ho rarolla mathata a moloko oa batho, ha e le hantle bolumeli e ba karolo ea bothata.
U se ke ua potlakela ho qhela taba eo ka hore ke e ke keng ea etsahala kapa ke e sa utloahaleng. Hopola hore ho thetsoa ka bohona ho bolela hore motho ea thetsoang ha a hlokomele seo. Moapostola Pauluse o ile a fana ka mohlala oa sena ha a ne a ngola a re: “Lintho tseo lichaba li li etsang sehlabelo li li hlabela bademona, eseng Molimo.” (1 Bakorinthe 10:20) Ho ka etsahala hore ebe batho bao ba ile ba tšoha ha ba nahana hore ba ne ba rapela bademona. Ba ne ba nahana hore ba rapela molimo kapa melimo e itseng e molemo. Empa bonneteng ba ne ba thetsitsoe ke “makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo,” a thusang Satane boitekong ba hae ba ho khelosa moloko oa batho.—Baefese 6:12.
A re nke ka mohlala, kamoo Satane a ileng a atleha ho thetsa le ho khelosa ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba ileng ba khetha ho hlokomoloha temoso ea moapostola Johanne mabapi le tšusumetso eo e khopo.—1 Bakorinthe 10:12.
Seo Jesu a Neng a se Ruta se ne se Tsoa ho Molimo
Jesu Kreste o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) E, seo a neng a se ruta se ne se tsoa ho Molimo ea Matla ’Ohle. Kahoo lithuto tsa Jesu li ne li e-na le phello e matla ho ba mo mametseng, li ba khothatsa. Li ne li sa ‘thethefatse letsoalo la motho leha e le ho tlatsa kelello ka lintho tse inahaneloang tse lebatsang motho mathata.’ Ho e-na le hoo, lithuto tsa Jesu li ne li lokolla batho phosong ea bolumeli le lifilosofing tsa batho tse hlahisoang ke lefatše le ‘lefifing kelellong’ hobane le thetsitsoe ke Diabolose.—Baefese 4:18; Matheu 15:14; Johanne 8:31, 32.
Bakreste ba ’nete ba ne ba sa tsebahale feela ka ho ipolela hore ke balumeli, empa ba ne ba khetholloa ke tumelo e neng e bonahatsa litšobotsi tse ntle tse hlahisoang ke moea o halalelang oa Molimo. (Bagalata 5:22, 23; Jakobo 1:22; 2:26) E ikhethang har’a litšobotsi tsena—le eo e leng letšoao le khethollang Bokreste ba ’nete—ke tšobotsi e hlollang ea lerato.—Johanne 13:34, 35.
Leha ho le joalo, ela hloko ntlha ena ea bohlokoa: Jesu le baapostola ba hae ba ne ba sa lebella hore phutheho ea Bokreste e tsoele pele ka tsela eo e neng e le ka eona qalong ha e thehoa. Ba ne ba tseba hore bokoenehi bo ne bo tla ba teng le hore bolumeli ba ’nete bo ne bo tla pupetsoa ka nako e itseng.
Bolumeli ba ’Nete bo ne bo Patehile ka Nako e Itseng
Papisong ea koro le mofoka, Jesu o ile a bolela esale pele hore bolumeli ba ’nete bo ne bo sa tl’o bonahala ka nako e itseng. Ipalle tlaleho e ho Matheu 13:24-30, 36-43. Jesu o ile a lema koro tšimong, e leng “peō e ntle,” e emelang barutuoa ba hae ba tšepahalang ba neng ba tla theha phutheho ea Bokreste qalong. O ile a lemosa hore ka mor’a nako “sera,” e leng Satane Diabolose, se ne se tla jalella “mofoka” tšimong ea koro—e leng batho ba ipolelang hore ba latela Jesu Kreste empa ha e le hantle ba qhela lithuto tsa hae.
Nakoana ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu, ho ile ha hlahella batho ba ileng ba ipaka ho ba “mofoka,” ba khetha lithuto tsa batho tse sothehileng ho e-na le ho khetha “lentsoe la Jehova.” (Jeremia 8:8, 9; Liketso 20:29, 30) Ka hona, ho ile ha hlaha Bokreste ba bohata lefatšeng, bo sothehileng. Bo ne bo laoloa ke eo Bibele e mo bitsang “ea sa eeng ka molao”—e leng sehlopha sa baruti ba boitšoaro bo hlephileng ba keneletseng ka matla ‘thetsong e ’ngoe le e ’ngoe e sa lokang.’ (2 Bathesalonika 2:6-10) Jesu o ile a bolela esale pele hore boemo bona bo ne bo tla fetoha ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Bakreste ba kang koro ba ne ba tla bokelloa hammoho ’me qetellong “mofoka” o ne o tla timetsoa.
Ke Bokreste bona ba bohata bo ikarabellang ka “boqaba bo nkileng lilemo tse makholo” le ka lefifi la moea le ’nileng la aparela Bokreste-’mōtoana ka lilemo tse makholo tse latelang. Moapostola Petrose, a bonela sena pele le liketso tse ling kaofela tse silafetseng le tse mabifi tse neng li tla etsoa ka lebitso la bolumeli ho tloha nakong eo, ka nepo o ile a bolela esale pele hore “ka lebaka la [bana ba ipolelang hore ke Bakreste] tsela ea ’nete e [ne e] tla nyefoloa.”—2 Petrose 2:1, 2.
‘Ho Ruta Khalefo le Lehloeo’
Ka sebele hase Bokreste-’mōtoana feela bo sentseng bolumeli lebitso. Ka mohlala, nahana ka maikutlo a ba reng melao ea motheo ha e hloke tlhaloso a “ho sebelisoa ha mabifi bolumeling,” ao eo e kileng ea e-ba moitlami Karen Armstrong a reng a hlohlelelitsoe ke “lineano tsa malumeli ’ohle a maholo.” Ho ea ka Armstrong, ntlha e ’ngoe e khethollang bolumeli leha e le bofe ke hore bo lokela ho susumelletsa batho “ho bonahatsa kutloelo-bohloko ka liketso.” Malumeli a reng melao ea motheo ha e hloke tlhaloso a na le tlaleho efe ntlheng ee? Oa ngola: “Malumeli a reng melao ea motheo ha e hloke tlhaloso, ebang ke a Bojuda, Bokreste, kapa Bomosleme, aa hlōleha ntlheng ena e khethollang haeba a ruta khalefo le lehloeo.” (The Battle for God—Fundamentalism in Judaism, Christianity and Islam) Empa na ke feela malumeli “a reng melao ea motheo ha e hloke tlhaloso” a hlōlehileng a bileng ‘a rutang khalefo le lehloeo’? Histori e bontša se fapaneng.
Ha e le hantle, Satane o hahile ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, o khetholloang ka khalefo, lehloeo le tšollo ea mali e sa eeng moriting boholo ba nako. Bibele e re ’muso ona ke “Babylona e Moholo, ’mè . . . oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše,” ’me o tšoantšoa le mosali oa letekatse ea kaletseng tsamaiso ea lipolotiki e kang sebata. Ke ho hlokomelehang hore o nkoa a ikarabella bakeng sa “mali . . . a bohle ba bolailoeng lefatšeng.”—Tšenolo 17:4-6; 18:24.
Hase Bohle ba ’Nileng ba Thetsoa
Leha ho le joalo, histori e paka hore hase bohle ba ’nileng ba thetsoa. Melvyn Bragg o re esita le linakong tsa lefifi, “ba bangata ba khabane ba ile ba etsa se lokileng le ha ba ne ba pota-potiloe ke ba bangata ba khopo.” Bakreste ba tšepahalang ba ile ba tsoela pele ho “rapela [Molimo] ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:21-24) Ba ile ba ikarola tsamaisong ea bolumeli lefatšeng ka bophara e neng e entse botekatse ka ho “tšehetsa matla a sesole.” Ba ile ba hana ho sebelisana le Kereke le Naha, tseo histori e bontšang hore li ne li e-na le “selekane se entsoeng ke Satane ho fapana le Jesu oa Nazaretha.”—Two Thousand Years—The Second Millennium: From Medieval Christendom to Global Christianity.
Mehleng ea morao tjena, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tsejoa ka ho ba le tšusumetso e ntle. E le hore li se ke tsa silafatsoa ke ntho leha e le efe ea bolumeli ba bohata, li thehile seo li se lumelang le liketso tsa tsona ka ho feletseng Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Ho tšoana le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, li latetse taelo ea Jesu ea hore e se be “karolo ea lefatše.” (Johanne 15:17-19; 17:14-16) Ka mohlala, li ile tsa hana ho sekisetsa melao-motheo ea Bokreste Jeremane ea Bonazi ’me ka hona ea e-ba tse sa amoheleheng ho ea ka likhopolo tsa Bonazi. Hitler o ile a li hloea ka lebaka leo. Buka e ’ngoe ea sekolo e re: “Lipaki Tsa Jehova . . . li ile tsa latela seo Bibele e se rutang tabeng ea ho se nke lihlomo ka lebaka leha e le lefe. Kahoo li ile tsa hana ho sebeletsa sesoleng kapa ho ikamahanya le Manazi ka ntho leha e le efe. SS e ile ea busetsa molamu sefateng ka ho koalla litho tsohle tsa malapa a Lipaki Tsa Jehova chankaneng.” (Germany—1918-45) Ka sebele, Lipaki Tsa Jehova tse makholo tsa Jeremane li shoele ka lebaka la mahloriso a Manazi.
Ke ’nete hore batho ba sebete malumeling a mang ba ’nile ba hlorisoa ka lebaka la seo ba se lumelang. Empa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa etsa sena e le sehlopha se momahaneng sa bolumeli. Tse ngata li tšoareletse ka tieo molao-motheong oa Mangolo, o reng: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29; Mareka 12:17.
Motso oa Bothata
Ke ’nete hore ka lehlakoreng le leng bolumeli ke motso oa mathata ’ohle a moloko oa batho. Bolumeli ba bohata ke motso oa bothata. Empa Molimo o rerile ho tlosa bolumeli bohle ba bohata haufinyane. (Tšenolo 17:16, 17; 18:21) O laela e mong le e mong ea ratang toka le ho loka hore: “Tsoang ho eena [ke hore, Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata], sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae. Etsoe libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.” (Tšenolo 18:4, 5) E, Molimo o khopisoa haholo ke bolumeli ‘bo khothalletsang ntoa, bo thethefatsang letsoalo la motho, bo tlatsang kelello ka lintho tse inahaneloang tse lebatsang motho mathata le bo etsang hore batho ba nahanele lintho haufinyane, ba kholoe litumela-khoela ’me ba tlale lehloeo le tšabo’!
Ho sa le joalo, Molimo o bokella ba ratang ’nete hore ba kene bolumeling bo hloekileng. Ke bolumeli bo khomarelang melao-motheo le lithuto tsa ’Mōpi ea lerato, ea lokileng le ea nang le kutloelo-bohloko. (Mikea 4:1, 2; Sofonia 3:8, 9; Matheu 13:30) U ka ba setho sa bona. Haeba u lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le kamoo u ka khethollang bolumeli bo hloekileng kateng, ikutloe u lokolohile ho ngolla bahatisi ba makasine ena, kapa ho kōpa e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho u thusa.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batho ba limelo tsohle ba thabile bolumeling bo hloekileng