Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/15 leq. 27
  • Na U sa Hopola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso ea Westphalia e Ile ea Tlisa Phetoho ea Bohlokoa Europe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ho Khetholla Sebata le Letšoao la Sona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Ntoa e Nkile Sebōpeho se Seng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Letšoao la 666 le Bolela’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/15 leq. 27

Na U sa Hopola

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Ke eng se bontšang hore Jesu o ne a e-na le barab’abo le baralib’abo?

Ho Matheu 13:55, 56 le ho Mareka 6:3 Bibele e cho joalo. Lentsoe la Segerike (adelphos) le fumanoang litemaneng tsena le sebelisoa mabapi le “batho ba amanang ka mali kapa ka molao, [ebile] le bolela feela mor’abo motho ka ’m’ae le ntat’ae kapa ka motsoali a le mong.” (The Catholic Biblical Quarterly, January 1992)—12/15, leqepheng la 3.

• Ho bonahetse ntoa e nkile sebōpeho sefe se seng, hona hangata lisosa tsa ntoa e ’nile ea e-ba life?

Lilemong tsa morao tjena, boholo ba lintoa tse hlorisitseng batho e bile lintoa tsa lehae—e leng lintoa pakeng tsa lihlopha tse hanyetsanang tsa baahi ba naha e le ’ngoe. Lisosa tsa sena e bile lehloeo la merabe le la meloko, ho se tšoane ha bolumeli, leeme le merusu ea lipolotiki. Sesosa se seng e ’nile ea e-ba meharo ea matla le chelete.—1/1, leqepheng la 3-4.

• Re tseba joang hore Jesu o ne a sa rera hore Bakreste ba phete ka hlooho mantsoe a thapelo ea mohlala?

Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ne a ile a fana ka mohlala oa hore na ho rapelloe eng. Likhoeli tse ka bang 18 hamorao, o ile a pheta lintlha tsa sehlooho tsa thupelo eo a neng a ile a fana ka eona mabapi le thapelo. (Matheu 6:9-13; Luka 11:1-4) Hoa hlokomeleha hore ha aa ka a pheta lentsoe le leng le le leng la eona, e leng se bontšang hore o ne a sa rute thapelo e hlomamisitsoeng e lokelang ho phetoa ka hlooho ntle le ho nahana.—2/1, leqepheng la 8.

• Ka mor’a Moroallo, leeba le ile la nka lekhasi la mohloaare hokae leo le ileng la le isa arekeng?

Ha re tsebe hore na metsi a Moroallo a ne a le letsoai hakae le hore na a ne a bata kapa a chesa hakae. Empa lifate tsa mohloare li ’nile tsa tuma ka ho hlomela hape esita le ka mor’a ho pongoa. Kahoo mohlomong lifate tse ling li ile tsa pholoha moroallo oa metsi tsa ba tsa beha makhasi ka mor’a moo.—2/15, leqepheng la 31.

• Nakong ea ntoa ea lehae Nigeria, Lipaki Tsa Jehova tsa Biafra li ile tsa fumana lijo tsa moea joang ha sebaka seo se ne se thibetsoe?

Mohlanka e mong oa ’muso o ile a fuoa mosebetsi Europe ’me e mong eena a o fuoa boema-fofane ba Biafra. Ka bobeli ba bona e ne e le Lipaki. Ba ile ba lumela ho phetha mosebetsi o kotsi oa ho fetisetsa lijo tsa moea Biafra, kahoo ba etsa se neng se tsoela barab’abo rōna ba bangata molemo ho fihlela ntoa e lala ka 1970.—3/1, leqepheng la 27.

• Ho ile ha finyelloa eng ka Khotso ea Westphalia, ’me bolumeli bo ile ba ameha joang?

Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike e ile ea arola ’Muso o Halalelang oa Roma likoto tse tharo tsa bolumeli—Bok’hatholike, Bolutere le Bocalvine. Ho ile ha qaloa mokhatlo oa Kopano ea Maprostanta le Selekane sa Mak’hatholike mathoasong a lekholo la bo17 la lilemo. Joale ha qhoma khohlano ea bolumeli Bohemia, e ileng ea hloa mekoalaba ho fihlela e le ntoa ea machaba ea ho tseka puso. Ka bolotsana babusi ba Mak’hatholike le ba Maprostanta ba ile ba tsekisana litulo tse phahameng lipolotiking ba ba ba batla leruo ka khoebo ea bolotsana. Qetellong, lipuisano tsa khotso li ile tsa tšoareloa Jeremane profensing ea Westphalia. Ka mor’a hoo e ka bang lilemo tse hlano, ho ile ha tekenoa Selekane sa Westphalia ka 1648, se ileng sa felisa Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo, eaba ho hlaha k’honthinente ea Europe e ncha ea linaha tse ipusang.—3/15, leqepheng la 20-3.

• Ke eng se boleloang ke letšoao, kapa lebitso, la “sebata”—e leng palo 666?

Letšoao lena ho buuoa ka lona ho Tšenolo 13:16-18. Sebata seo ho buuoang ka sona ke puso ea motho, ’me hore ebe sebata seo se na le “palo ea motho” ho bontša hore mebuso e bonahatsa boemo ba batho ba ho se phethahale. Ho kopangoa ha 6 le 60 le 600 ho bontša hore ha ea fella ho hang mahlong a Molimo. Ba nang le letšoao lena ba hlompha mekhatlo ea lipolotiki ea Naha ka tsela ea borapeli, kapa ba tšepile hore e tla ba pholosa.—4/1, leqepheng la 4-7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela