Bopaki bo sa Reroang Tšimong ea Senyesemane ea Mexico
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a sebelisa nako hamolemo ka ho paka ka tsela e sa reroang ha a ne a le Athene a letetse metsoalle ea hae eo a neng a tsamaea le eona. Ha Bibele e tlaleha e re: “A qala ho behelana mabaka . . . le ba neng ba e-ba teng ’marakeng letsatsi le leng le le leng.” (Liketso 17:17) Ha Jesu a ne a le leetong a tsoa Judea a ea Galilea, o ile a fana ka bopaki bo sa reroang ho mosali e mong oa Mosamaria pel’a seliba. (Johanne 4:3-26) Na u sebelisa monyetla o mong le o mong hamolemo hore u bue ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo?
Tšimo ea Senyesemane ea Mexico e ntle haholo bakeng sa bopaki bo sa reroang. Bahahlauli ba etela libaka tsa boikhathollo, ho lula ho e-na le liithuti tse ncha tsa liunivesithi ’me hangata batho ba tsoang ka ntle ho naha ba tlohetseng mosebetsi Mexico ba qeta nako lirapeng tsa boikhathollo le li-reschorenteng. Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse tsebang Senyesemane li khona ho qalisa meqoqo le batho ba joalo. Ha e le hantle, li lula li le malala-a-laotsoe ho bua le mang kapa mang ea bonahalang a hlaha ka ntle ho naha ea Mexico kapa ea buang Senyesemane. A re boneng hore na li etsa seo joang.
Hangata Lipaki tse tsoang ka ntle ho naha ea Mexico tse sebetsang tšimong ea Senyesemane li itsebisa batho bao ho hlakileng hore ba tsoa ka ntle ho naha eo ebe lia ba botsa hore na ba tsoa hokae. Hangata sena se etsa hore ba botse Lipaki tseo hore na li tl’o etsa’ng Mexico e leng se li fang monyetla oa ho buisana ka litumelo tsa Bokreste. Ka mohlala, Gloria, ea sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo e khōlō tšimong ea Senyesemane Oaxaca, o fumana ena e le tsela e bonolo ea ho qala meqoqo. Ha Gloria a ne a khutlela hae, a tsoa bolela ka tsela e sa reroang setsing sa mabenkele, o ile a emisoa ke banyalani ba bang ba neng ba tsoa Engelane. Mosali o ile a re: “Ke mohlolo hore ebe ke bona mosali oa motho e motšo a tsamaea literateng tsa Oaxaca!” Ho e-na le hore Gloria a khopisoe ke seo, o ile a itšehela, eaba ba qala ho buisana ka hore na ke hobane’ng ha a ne a le Mexico. Mosali eo o ile a memela Gloria ha hae hore ba e’o phoka kofi. Ka mor’a ho behelana nako eo a neng a ka khutla ka eona, Gloria o ile a leka ho ba siela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, empa mosali eo o ile a li hana, a re ha a lumele hore Molimo o teng. Gloria o ile a mo araba ka hore o thabetse ho bua le batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng ’me o ne a ka rata ho utloa hore na maikutlo a hae ke afe ka sehlooho se reng “Mehaho ea Borapeli—Na Rea e Hloka?” Mosali eo o ile a lumela, eaba o re: “Haeba u ka nkholisa hore ho na le Molimo, u tla be u sebelitse.” Ka mor’a moo ba ile ba e-ba le meqoqo e monate ba ntse ba noa kofi. Hamorao banyalani bao ba ile ba khutlela Engelane, empa ba ile ba ’na ba ntšetsa puisano pele ka ho ngollana melaetsa ea k’homphieutha.
Gloria o ile a boela a qala moqoqo le seithuti se neng se tsoa Washington, D.C., se bitsoang Saron, se neng se le Oaxaca ho tla etsa mosebetsi oa baithaopi le basali ba Mexico hore se qetele lengolo la sona le phahameng la master. Ka mor’a ho babatsa Saron ka mosebetsi oa hae o motle, Gloria o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ne a le Mexico. Sena se ile sa fella ka moqoqo o monate oa Bibele le oa seo Molimo a tla etsetsa batho bohle, eseng mafutsana feela. Saron o ile a hlalosa hore hoa makatsa hore le hoja ho se mohla a kileng a bua le Lipaki United States, e mong oa batho ba pele bao a kopaneng le bona Mexico e bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova! Saron o ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele a ba a qala hang-hang ho ba teng libokeng tsa Bokreste.
Batho ba bangata ba tsoang ka ntle ho naha ea Mexico ba falletse libakeng tsa boikhathollo tse mabōpong a leoatle moo ba batlang sebaka se kang paradeise. Laurel o sebelisa takatso ena ea bona ho qala meqoqo Acapulco, o botsa batho hore na Acapulco ke paradeise e ntle ho feta moo ba tsoang teng, le hore na ke eng eo ba e ratang ka Acapulco. Ebe joale oa hlalosa hore haufinyane lefatše lohle e tla ba paradeise ea sebele. Puisano ea hae le mosali e mong oa Mocanada eo a kopaneng le eena ngakeng e ’ngoe ea liphoofolo e ile ea qetella ka hore a khanne thuto ea Bibele. Na ebe mohlomong tsela e tšoanang e ka atleha le moo u lulang teng?
‘Literateng le Mapatlelong’
Hangata meqoqo e qaloa literateng le mapatlelong ka ho botsa potso e reng: “Na u bua Senyesemane?” Batho ba bangata ba Mexico ba bua Senyesemane ka lebaka la mosebetsi oa bona kapa hobane ba ile ba lula United States.
Banyalani ba bang ba Lipaki ba ile ba bua le nkhono ea neng a lutse setulong sa likooa se neng se ntse se khannoa ke mooki. Ba ile ba mo botsa hore na o bua Senyesemane. O ile a araba ka hore oa se bua hobane o ne a kile a lula United States ka lilemo tse ngata. O ile a nka Molula-Qhooa le Tsoha!, tseo ho neng ho se mohla a kileng a li bala, eaba o ba bolella hore lebitso la hae ke Consuelo, a ba a ba neha le aterese ea hae. Ha ba mo etela matsatsi a mane hamorao, ba ile ba fumana hore o ne a lula lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo le neng le tsamaisoa ke baitlami ba Mak’hatholike. Qalong, ho ne ho le thata ho fumana Consuelo kaha baitlami ba ne ba belaela ba bile ba re Consuelo o ne a ke ke a amohela baeti. Banyalani bao ba ile ba kōpa baitlami ka matla hore ba tsebise Consuelo hore ba teng ebile ba batla ho mo lumelisa. Consuelo o ile a amohela banyalani bao. Ho tloha ka nako eo, mosali-moholo enoa ea lilemo li 86 o ’nile a thabela ho ithuta Bibele kamehla, ho sa tsotellehe lipuo tse mpe tsa baitlami. Hape o ile a ba teng libokeng tse ling tsa Bokreste.
Liproverbia 1:20 e re: “Bohlale ba ’nete bo ntse bo hoeletsa haholo seterateng. Bo ntse bo ntša lentsoe la bona mapatlelong.” Hlokomela hore na sena se ile sa etsahala joang lepatlelong le leng la San Miguel de Allende. Ka tsatsi le leng esale ka matjeke, Ralph o ile a tla ho monna e mong ea hōlileng ea neng a lutse bencheng. Monna eo o ile a makala haholo ha a fuoa Molula-Qhooa le Tsoha! eaba o phetela Ralph pale ea hae.
E ne e le lesole la Ntoa ea Vietnam ’me ka lebaka la ho imeloa maikutlong ke ho bona batho ba bangata ba shoang, o ile a tšoaroa ke lefu la kelello a sa le bosoleng. O ile a tlosoa moleng oa ntoa a isoa kampong ea sesole. Ha a le moo, o ile a fuoa mosebetsi oa ho hlatsoa litopo tsa masole ha li lokisetsoa ho romeloa United States ka sekepe. Joale, lilemo tse 30 hamorao, o sa ntse a tšoenngoa ke ho phofa bosiu hape o lula a tšohile. Hoseng hoo, ha a ntse a lutse lepatlelong, o ne a ntse a rapela a khutsitse a kōpa thuso.
Lesole leo le ile la amohela libuka le memo ea ho ba teng Holong ea ’Muso. Ka mor’a ho ba teng sebokeng seo, le ile la re nakong eo ea lihora tse peli le le Holong ea ’Muso, le ne le qala ho ikutloa le e-na le khotso haesale ho tloha lilemong tse 30 tse fetileng. Monna enoa o ne a tl’o qeta libeke li se kae a le San Miguel de Allende, empa o ile a thabela thuto ea Bibele ka makhetlo a mangatanyana a ba a kopanela libokeng tsohle ho fihlela a khutlela ha habo. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore a tsoele pele ho ithuta.
Bopaki bo sa Reroang Mosebetsing le Sekolong
Na ha u le mosebetsing u tsebisa batho hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Adrián ea rekisetsang baeti ba tlileng phomolong libaka tsa bolulo Cape San Lucas, oa itšenola hore ke Paki. Ka lebaka leo, mosebetsi-’moho le eena ea bitsoang Judy o re: “Lilemong tse tharo tse fetileng, haeba u ne u ka mpolella hore ke ne ke tla ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke tla u bolella hore, ‘Le khale, ntho eo e ke ke ea etsahala!’ Empa ke ile ka etsa qeto ea ho batla ho ithuta Bibele. Ke ne ke re, ‘Kaha ke rata ho bala, see se ka nthatafalla joang?’ Empa, ha ke nahane hore ke ne ke se ke balile maqephe a ka bang a tšeletseng ha ke hlokomela hore ke hloka thuso. Motho a le mong feela eo ke ileng ka nahana hore a ka nthusa e ne e le mosebetsi-’moho le ’na ea bitsoang Adrián. Ke ne ke rata ho bua le eena hobane e ne e le eena feela motho ea neng a itlhompha mosebetsing.” Hang feela Adrián o ile a ithaopela ho tla le molebeletsuoa oa hae ea bitsoang Katie, ho tla araba lipotso tsohle tsa Judy. Katie o ile a qala thuto ea Bibele le eena, ’me nakoana ka mor’a moo Judy e ile ea e-ba Paki e kolobelitsoeng.
Ho thoe’ng ka bopaki bo sa reroang sekolong? Lipaki tse peli li ne li ithuta Sepanishe univesithing e ’ngoe empa ka tsatsi le leng ha lia ka tsa e-ba teng sehlopheng hobane li ne li ile kopanong ea Bokreste. Ha li khutlela sehlopheng, li ile tsa kōptjoa hore li hlalose ka Sepanishe hore na li ne li ntse li etsa’ng. Li ile tsa sebelisa monyetla oo ho paka ka hohle kamoo li neng li ka khona ka Sepanishe. Mosuoe oa tsona, Silvia, o ile a khahloa ke boprofeta ba Bibele haholo. O ile a lumela hore a khanneloe thuto ea Bibele ka Senyesemane ’me hona joale ke mohoeletsi oa litaba tse molemo. Litho tse ’maloa tsa lelapa la hae le tsona lia ithuta. Silvia o re: “Ke fumane seo esale ke ntse ke se batla bophelong bohle ba ka.” Ka sebele bopaki bo sa reroang bo ka hlahisa litholoana tse molemo.
Ho Sebelisa Menyetla e Meng
Ho amohela baeti ka mofuthu ho ka bula monyetla oa ho paka. Jim le Gail, ba sebeletsang San Carlos, Sonora ba fumane hore seo ke ’nete. Mosali e mong ea neng a ntse a tsamaea le lintja tsa hae ka 6:00 hoseng o ile a ema a khahliloe ke jarete ea bona. Jim le Gail ba ile ba mo mema hore ba e’o phoka kofi hammoho. E ne e le ka lekhetlo la pele lilemong tse 60 bophelong ba hae a utloa ka Jehova le ka tebello ea bophelo bo sa feleng. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele.
Adrienne le eena o tšoara batho bao a sa ba tsebeng ka mosa. O ne a ntse a ja reschorenteng e ’ngoe e Cancún ha moshanyana e mong a tla ho eena ’me a mo botsa hore na o tsoa Canada. Ha a mo bolella hore ke Mocanada, moshanyana eo o ile a re eena le ’mè oa hae ba ne ba ntse ba leka ho thusa khaitseli ea hae hore e ngole tlaleho ea sekolo ka Macanada. ’Mè oa hae ea neng a bua Senyesemane o ile a tla. Ka mor’a hore a arabe lipotso tsa hae tse mabapi le Macanada a sa mo felle pelo, Adrienne o ile a re: “Empa ho na le lebaka la bohlokoa haholo le entseng hore ke tlohe Canada ke tle mona—ke hore ke tl’o thusa batho ho ithuta Bibele. Na u ka thabela ho ithuta Bibele?” Mosali eo o ile a araba ka hore a ka thabela ho ithuta. O ne a ile a khaotsa ho ea kerekeng ea hae lilemong tse leshome pele ho moo ’me o ’nile a leka ho ithuta Bibele a le mong. O ile a fa Adrienne aterese ea hae le linomoro tsa hae tsa fono, ’me ba ile ba qalisa thuto ea Bibele e monate.
‘Lahlela Bohobe ba Hao Holim’a Metsi’
Ho bua ka ’nete ea Bibele liketsahalong tsohle hangata ho fella ka ho pakela batho ba bileng le monyetla o monyenyane kapa ba sa kang ba fumana monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso. Reschorenteng e ’ngoe e phetheselang toropong e nang le boema-kepe ea Zihuatanejo, Paki e ile ea memela banyalani ba bang ba tsoang ka ntle ho Mexico hore ba lule tafoleng le eona, kaha reschorente eo e ne e tletse. Banyalani bao ba ’nile ba tsamaea ka sekepe ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng ka lilemo tse supileng. Ba ile ba ntša maikutlo a bona a sa lokang ka Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho kopana le bona reschorenteng eo, Paki eo e ile ea chakela banyalani bao sekepeng sa bona eaba e ba memela lapeng. Ba ile ba amohela limakasine tse 20 le libuka tse 5 eaba ba tšepisa Paki eo hore ba tla batla Lipaki ha ba fihla boema-kepeng bo latelang.
Ha Jeff le Deb ba le sebakeng sa sechaba seo ho jelloang ho sona setsing sa mabenkele se Cancún, ba ile ba bona lelapa le leng le neng le e-na le lesea le letle la ngoanana. Eitse ha ba bua ka lesea leo, batsoali ba lona ba ile ba ba memela hore ba je pizza hammoho. Ba ile ba utloa hore lelapa leo le ne le tsoa India. Le ne le e-s’o ka le utloela ka Lipaki Tsa Jehova, ebile le ne le e-s’o bone libuka tsa rōna. Le ile la tloha setsing seo sa mabenkele le tšoere lingoliloeng tse ling tsa Lipaki.
Jeff o ile a ba le phihlelo e tšoanang le eo sehlekehlekeng se pel’a lebōpo la Yucatán. Banyalani ba bang ba bacha ba Machaena ba ile ba kōpa Jeff hore a ba nke linepe, e leng seo a ileng a se etsa ka pelo e tšoeu. Ha ba ntse ba qoqa, o ile a utloa hore le hoja ba ne ba ile ba lula United States ka lilemo tse 12, ba ne ba e-s’o bone Lipaki Tsa Jehova kapa hona ho utloela ka tsona! Ba ile ba tsoela pele ka moqoqo o monate. Jeff o ile a ba khothalletsa hore ba batle Lipaki ha ba khutlela ha habo bona.
Ho ka ’na ha e-ba le ketsahalo e khethehileng sebakeng sa heno e ka etsang hore u be le monyetla oa ho paka ka mokhoa o sa reroang. Ha mopresidente oa United States a ne a etetse mopresidente oa Mexico polasing ea hae e pel’a Guanajuato, baqolotsi ba litaba ba tsoang lefatšeng ka bophara ba ile ba tla ho tla tlaleha ketsahalo eo. Lelapa le leng la Lipaki le ile la etsa qeto ea ho nka monyetla ona hore le pake ka Senyesemane. Seo se ile sa beha litholoana tse molemo. Ka mohlala, moqolotsi e mong oa litaba o ne a ile a fana ka litlaleho tsa lintoa tse ’maloa, joaloka tse loannoeng Kosovo le Kuwait. Mosebetsi-’moho le eena o ne a ile a hlokahalla liatleng tsa hae ka mor’a ho thunngoa ke motho ea thunyang a ipatile. Eitse ha a utloa ka tsoho ea bafu, moqolotsi eo oa litaba o ile a leboha Molimo likeleli li keleketla marameng hobane a mo tsebisitse hore bophelo bo na le morero. O ile a re le hoja a ne a ke ke a hlola a bona banyalani bao ba Lipaki hape, o ne a ke ke a lebala litaba tseo tse molemo tse mabapi le tsoho tse hlahang ka Bibeleng.
Joalokaha liphihlelo tsena li bontša, hangata liphello tsa ho paka ka tsela ena ha li tsejoe. Leha ho le joalo, Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Lahlela bohobe ba hao holim’a metsi, kaha ka mor’a matsatsi a mangata u tla boela u bo fumane.” Hape o ile a re: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho, ebang ke mona kapa mane, kapa hore na ka bobeli li tla ba molemo ka ho tšoanang.” (Moeklesia 11:1, 6) E, ka cheseho “lahlela bohobe ba hao” holim’a metsi a mangata u be u ‘jale peō ea hao’ ka bongata, u etsise Pauluse le Jesu hammoho le Lipaki tsena tsa kajeno tse tšimong ea Senyesemane ea Mexico.