Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 9/1 leq. 32
  • Tsela ea ho Hlōla ho Nyahama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Hlōla ho Nyahama
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 9/1 leq. 32

Tsela ea ho Hlōla ho Nyahama

NA U nyahame? Mehleng ena ea ho se kholisehe le ea likhohlano, batho ba bangata ba nyahame. Ba bang ba nyahamisitsoe ke ho se sebetse. Ba bang ba sebetsana le liphello tse bohloko tsa ho hlaheloa ke kotsi. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba loana le mathata a lelapa, boloetse bo tebileng kapa maikutlo a ho hlora.

Haeba u nyahame, u ka batla thuso hokae? Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba fumane matšeliso ka ho bala Lentsoe la Molimo, Bibele. Ba kholisoa ke mantsoe a moapostola Pauluse ea itseng: “Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Ke hobane’ng ha u sa e bale u be u bale le litemana tse ling Bibeleng ea hao? Ho etsa joalo ho tla ‘tšelisa pelo ea hao le ho u tiisa.’—2 Bathesalonika 2:17.

Motho a ka boela a fumana thuso ea ho hlōla ho nyahama ka ho kopanela le batho ba sebeletsang Jehova. Liproverbia 12:25 e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo le etsa hore e thabe.” Ha re e-ba teng libokeng tsa Bokreste, re utloa ‘lentsoe leo le molemo,’ e leng le ‘monate moeeng le pholiso masapong.’ (Liproverbia 16:24) Ke hobane’ng ha u sa be teng libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e le hore u ikutloele hore na lipokano tse joalo li ka u matlafatsa hakae?

U ka boela ua rua molemo matleng a thapelo. Haeba u ikutloa u tetebelitsoe ke matšoenyeho a bophelo, phetlela “Ea Utloang thapelo” sefuba sa hao. (Pesaleme ea 65:2) ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, o re utloisisa haholo ho feta kamoo re ikutloisisang kateng. Re ka itšetleha ka eena bakeng sa thuso. Lentsoe la hae le re tšepisa sena: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.” (Pesaleme ea 55:22) E, “ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla.”—Esaia 40:31.

Jehova Molimo o re etselitse litokisetso tse matla haholo tse ka re thusang hore re hlōle ho nyahama. Na u tla li sebelisa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela