Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li nka 144 000 e boletsoeng bukeng ea Tšenolo e le palo ea sebele eseng ea tšoantšetso?
Moapostola Johanne o ile a ngola tjena: “Ka utloa palo ea ba neng ba tiisitsoe, likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene.” (Tšenolo 7:4) Ka Bibeleng, poleloana “ba neng ba tiisitsoe” e bua ka sehlopha sa batho ba khethiloeng har’a moloko oa batho ba tla busa lefatše le tlang la Paradeise ba e-na le Kreste leholimong. (2 Bakorinthe 1:21, 22; Tšenolo 5:9, 10; 20:6) Palo ea bona, 144 000, e utloisisoa e le ea sebele ka mabaka a ’maloa. Lebaka le leng le fumanoa litemaneng tse potolohileng Tšenolo 7:4.
Ka mor’a hore moapostola Johanne a bolelloe ka sehlopha sena sa batho ba 144 000 ponong, o ile a bontšoa sehlopha se seng. Johanne o hlalosa sehlopha sena sa bobeli e le “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Bongata bona bo boholo boo ho buuoang ka bona ke bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang a tla felisa lefatše la kajeno le khopo.—Tšenolo 7:9, 14.
Leha ho le joalo, hlokomela phapang eo Johanne a e totobatsang pakeng tsa temana ea 4 le ea 9 ea Tšenolo khaolo ea 7. O bolela hore sehlopha sa pele, sa “ba neng ba tiisitsoe,” se na le palo e tobileng. Leha ho le joalo, sehlopha sa bobeli, sa “bongata bo boholo,” ha se na palo e tobileng. Ka lebaka leo, hoa utloahala ho nka 144 000 e le palo ea sebele. Haeba 144 000 e ne e le palo ea tšoantšetso ’me e bua ka sehlopha se se nang palo e tobileng, phapang pakeng tsa litemana tsena tse peli e ne e ke ke ea hlaka. Kahoo, litemana tsena li bontša ka matla hore 144 000 e lokela ho nkoa e le palo ea sebele.
Litsebi tse sa tšoaneng tsa Bibele, tsa nakong e fetileng le tsa kajeno, li fihletse qeto e tšoanang ea hore, palo ena ke ea sebele. Ka mohlala, lilemong tse ka bang 100 tse fetileng, ha mongoli oa libuka tse hlalosang mantsoe oa Lebrithani, Dr. Ethelbert W. Bullinger a ne a ntša maikutlo a hae ka Tšenolo 7:4, 9 o ile a re: “Khaolong ena, ho boleloa ’nete ka mantsoe a bonolo: palo e tobileng e bapisoang le palo e sa tobang.” (The Apocalypse or “The Day of the Lord,” leqepheng la 282) Morao-rao tjena, Robert L. Thomas, e monyenyane, moprofesa oa Testamente e Ncha oa The Master’s Seminary ea United States o ile a ngola tjena: “Ho nka palo ena e le ea tšoantšetso ha ho na motheo.” O ile a eketsa ka ho re: “Palo e tobileng [ea Tšenolo 7:4] e fapana le palo e sa tobang ea [Tšenolo] 7:9. Haeba e nkoa e le ea tšoantšetso, ha ho na palo e ka nkoang e le ea sebele bukeng eo.”—Revelation: An Exegetical Commentary, Buka 1, leqepheng la 474.
Ba bang ba pheha khang ea hore kaha buka ea Tšenolo e na le puo e ngata ea tšoantšetso, lipalo tsohle tse fumanoang bukeng ena, ho akarelletsa le 144 000, e tlameha ebe e le tsa tšoantšetso. (Tšenolo 1:1, 4; 2:10) Leha ho le joalo, ho hlakile hore qeto eo ha ea nepahala. Ke ’nete hore buka ea Tšenolo e na le lipalo tse ngata tsa tšoantšetso, empa e boetse e na le lipalo tsa sebele. Ka mohlala, Johanne o bua ka “mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.” (Tšenolo 21:14) Ho totobetse hore 12 e boletsoeng temaneng ena ke palo ea sebele, eseng ea tšoantšetso. Ho feta moo, moapostola Johanne o ngola ka puso ea Kreste ea “lilemo tseo tse sekete.” Palo eo le eona e lokela ho nkoa e le ea sebele, joalokaha tlhahlobo ea Bibele e entsoeng ka hloko e bontša seo.a (Tšenolo 20:3, 5-7) Ka hona, hore na palo e ho Tšenolo e lokela ho nkoa e le ea sebele kapa e le ea tšoantšetso ho itšetlehile ka lintlha tse tšehetsang seo le taba eo ho buuoang ka eona.
Qeto ea hore 144 000 ke palo ea sebele ebile e tobisitsoe lenaneng le lekanyelitsoeng la batho, e leng sehlopha se senyenyane haholo ha se bapisoa le “bongata bo boholo,” e boetse e lumellana le likarolo tse ling tsa Bibele. Ka mohlala, ponong eo moapostola Johanne a e boneng hamorao, ho hlalosoa hore ba 144 000 “ba rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele.” (Tšenolo 14:1, 4) Poleloana “litholoana tsa pele” e hlalosa palo ea baemeli ba seng bakae ba khethiloeng. Hape, ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bua ka ba tla busa le eena ’Musong oa hae oa leholimo eaba o ba bitsa “mohlatsoana.” (Luka 12:32; 22:29) Ka sebele, palo ea ba tsoang har’a moloko oa batho ba tla busa leholimong ea fokola ha e bapisoa le moloko oa batho o tla haha lefatšeng le tlang la Paradeise.
Kahoo, litemana tse potolohileng Tšenolo 7:4 le lipolelo tse ling tse amanang le tsona tse fumanoang likarolong tse ling tsa Bibele li tiisa hore 144 000 e lokela ho nkoa e le palo ea sebele. Li bua ka ba tla beng ba e-na le Kreste leholimong, ba busa lefatše la paradeise, le tla beng le tletse palo e khōlō le e se nang tekanyo ea batho ba thabileng ba rapelang Jehova Molimo.—Pesaleme ea 37:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ba Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! leqepheng la 289-90, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
Palo ea majalefa a leholimo e lekanyelitsoe ho 144 000
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
“Bongata bo boholo” ha bo na palo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Stars: Courtesy of Anglo-Australian Observatory, photograph by David Malin