Seo Boikokobetso ba Jehova bo se Bolelang ho Rōna
DAVIDA e ne e le monna ea tloaetseng litsietsi. Morena Saule, mohoe oa hae ea mōna o ile a mo tšoara hampe. Ka makhetlo a mararo Saule o ile a leka ho bolaea Davida ka lerumo ’me o ile a mo tsoma ka lilemo-lemo a sa tele, a mo qobella hore a phele joaloka ’malehi. (1 Samuele 18:11; 19:10; 26:20) Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba le Davida. Jehova ha aa ka a mo sireletsa ho Saule feela, empa o ile a mo sireletsa le lireng tse ling. Ka lebaka leo, re ka utloisisa mantsoe a Davida, a boletsoeng pineng e reng: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka. . . . [Jehova] u tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Samuele 22:2, 36) Davida o ile a finyella bophahamo bo itseng Iseraele. Joale, boikokobetso ba Jehova bo ile ba kenella joang tabeng ee?
Ha Mangolo a re Jehova o ikokobelitse, ha a bolele hore o fokola ka tsela e itseng kapa hore o tlas’a taolo ea ba bang. Ho fapana le moo, tšoaneleho ena e ntle e bontša hore o amehile ka botebo ka batho ba lekang ka tieo ho etsa hore ba amohelehe ho eena ebile o ba bontša mohau. Ho Pesaleme ea 113:6, 7, rea bala: “[Jehova] o itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase lerōleng.” Ho “itheola boemong” ha hae ho bolela hore “o inamela ho nyarela” kapa o “ikokobeletsa ho talima.” (Bibele ea Sesotho; Bibele—Phetolelo e Ncha) A le maholimong, Jehova o ile a ‘inama,’ kapa ‘a ikokobetsa,’ e le hore a ele hloko Davida, motho eo le hoja a ne a sa phethahala e neng e le moikokobetsi ea lakatsang ho sebeletsa Molimo. Ka lebaka leo, Davida o re tiisetsa se latelang: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang.” (Pesaleme ea 138:6) Tsela e mohau le e bontšang ho se fele pelo eo Jehova a ileng a sebetsana le Davida ka eona e lokela ho khothatsa bohle ba batlang ho etsa thato ea Molimo.
Le hoja Jehova joaloka ’Musi e le ea phahameng ka ho fetisisa pōpong eohle, o ikemiselitse ho sebelisana le e mong le e mong oa rōna. Sena se re fa tšepo e le hore re ka itšetleha ka thuso ea hae e ke keng ea hlōleha esita le maemong a thata ka ho fetisisa. Ha ho lebaka la ho tšaba hore o tla re lebala. Mabapi le batho ba hae ba Iseraele ea boholo-holo, ho buuoa ka nepo hore Jehova ke eena “ea ileng a [ba] hopola boemong ba [bona] bo tlaase: etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 136:23.
Joaloka bahlanka ba Jehova ba mehleng ena, re ka ’na ra feta har’a litsietsi joaloka Davida. Mohlomong batho ba sa tsebeng Molimo baa re soma, kapa mohlomong re loana le ho kula kapa re shoetsoe ke baratuoa ba rōna. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe, haeba lipelo tsa rōna li tšepahala, re ka atamela Jehova ka thapelo, re kōpe mohau oa hae. Jehova o tla ‘inama’ hore a re ele hloko ’me a mamele lithapelo tsa rōna. Mopesaleme ea bululetsoeng o ile a ngola a re: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe.” (Pesaleme ea 34:15) Na ho nahana ka tšobotsi ea Jehova e ratehang ea boikokobetso ha ho u ame pelo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Jehova o ikemiselitse ho utloa lithapelo tsa rōna kajeno, feela joalokaha a ile a utloa lithapelo tsa Davida