Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 2/15 maq. 10-11
  • Ho Etela Sehlekehleke sa Saba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Sehlekehleke sa Saba
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Ho Etela Saba
  • Ho Paka ka Ntlo le Ntlo Saba
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 2/15 maq. 10-11

Ho Etela Sehlekehleke sa Saba

SEHLEKEHLEKE sa Madache se bitsoang Saba e kile ea e-ba qhobosheane ea masholu a maoatleng a neng a tsamaea ka likepe Leoatleng la Caribbean a ntse a batla thepa eo a ka e hapang ka likhoka. Kajeno, sehlekehleke sena se senyenyane, se fumanoang lik’hilomithara tse 240 ka bochabela ho Puerto Rico, se na le baahi ba ka bang 1 600, ’me ba bahlano ba bona ke Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, basebeletsi bana ba sebete ba batla ntho e ’ngoe ea bohlokoahali ho feta ho hapa thepa ka likhoka. Ba batla ka tieo batho ba nang “le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Liketso 13:48.

Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa fihla sehlekehlekeng sena ka lekhetlo la pele ka la 22 June, 1952, ha seketsoana sa limithara tse 18 se bitsoang Sibia, se neng se tsamaisoa ke Lipaki Tsa Jehova, se fihla koung ea lebōpo la Saba. (Matheu 24:14) Baromuoa Gust Maki le Stanley Carter ba ile ba hloa The Ladder, e leng tsela ea litepisi tsa majoe tse fetang 500 tse nyolohelang motse-moholo oa Saba o bitsoang The Bottom.a Ka lilemo tse ngata, tsela ena e tšesaane e ne e le eona feela e fihlang ho baahi ba sehlekehleke sena.

Tlaleho ea pele e hatisitsoeng ea mosebetsi oa Bokreste oa ho paka Saba e ile ea hlaha Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1966 [ea Senyesemane]. Ho ea ka tlaleho eo, ho ne ho e-na le Paki e le ’ngoe feela e mafolofolo sehlekehlekeng sena. Hamorao, lelapa le tsoang Canada le ile la qeta lilemo tse ’maloa le bolela litaba tse molemo moo. Morao tjena, Russel le Kathy, e leng banyalani ba hōlileng ba tsoang United States, ba ile ba ea Saba eaba ba kopanela mosebetsing oa boboleli moo. Ak’u hlahlobe pale ea bona.

Ho Etela Saba

’Na le mosali oa ka re fihla ka sefofane re le baeti ba Ronald, ea qetileng karolo e khōlō ea lilemo tsa bo-1990 e le eena feela Paki sehlekehlekeng sena. Motho eo re mo etetseng o re letetse boema-fofaneng. O thabetse lebokose le lenyenyane la meroho leo re mo tletseng le lona e le mpho, kaha ha ho na khoebo ea temo sehlekehlekeng sena. Ha re palama vene e nyenyane, butle-butle re tsoelipana ho ea holimo ka thōko ho Thaba ea Scenery ho ea fihla tlhōrōng ea thaba ena e seng e sa foqohe seretse se chesang.

Re emisa motsaneng oa Hell’s Gate ha Ronald a il’o sheba lematjaneng la litsebiso la sechaba hore na ho ntse ho manehiloe memo ea puo ea phatlalatsa ea Sontaha. Re thabela ho e bona e le teng. O khutlela kapele ka veneng, ’me re tsoela pele ho hloella motsaneng o moholo ka ho fetisisa sehlekehlekeng sena, oa Windwardside. Joalokaha lebitso la oona le bontša, motsana ona o hlollang ka botle o ka lehlakoreng leo moea o hlahang ka ho lona sehlekehlekeng sena, ’me o ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse 400. Ha re kena tselaneng e kenang ntlong ea Ron, re bona boto e mebala-bala ka pel’a mathule e bontšang hore ke Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova.

Ha re ntse re ja lijo tsa motšehare ke botsa potso e re susumelelitseng hore re etele sebaka sena, “Ho tlile joang hore u be mohoeletsi oa ’Muso Saba?”

Ron o re: “Ha mosebetsi oa kaho o fela lekaleng la Lipaki Tsa Jehova Puerto Rico ka 1993, ’na le mosali oa ka re ne re lakatsa ho lula kabelong ea naha esele.” Pejana, re ne re ile ra etela Saba re e-na le banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ’me re ne re utloile hore ho na le baahi ba 1 400 empa ha ho na Lipaki. Kahoo re ile ra buisana le Komiti ea Lekala la Puerto Rico ka taba ea hore re fallele mona.

“Lintho li ile tsa tsoela pele joalo, ’me qetellong re ile ra fuoa tumello ea hore re ka fallela mona. Ka masoabi, lilemo tse peli hamorao mosali oa ka o ile a kula haholo, eaba re khutlela California. Ka mor’a lefu la hae, ke ile ka khutlela Saba. Lebaka ke hore, ha ke motho ea ratang ho qala ntho ebe ha ke e phethe.”

Ho Paka ka Ntlo le Ntlo Saba

Kamore ea ho phomola ea ntlo ea ba ha Ron e lilemo li lekholo e boetse e sebelisoa e le Holo ea ’Muso.b Ha re ntse re ja lijo tsa hoseng le ho itokiselletsa ho ea tšebeletsong, ho na pula e fetang ’me e kolobisa kichine e ka ntle. Ka mor’a lijo tsa hoseng, re tsamaea ho e-na le maru a qalikaneng ha re il’o bolela ka ntlo le ntlo hoseng motseng o bitsoang The Bottom. Ntlong ka ’ngoe, Ron o lumelisa mong’a ntlo ka lebitso. Re theha puisano ea rōna nthong e ’ngoe e boletsoeng litabeng e sa tsoa etsahala sebakeng sena. Batho ba bangata ba tloaetse Ron ebile ba tloaetse mosebetsi oa hae, ’me ba bangata ba nka lingoliloeng tsa Bibele habonolo.

Ho ka ba thata hore u boloke tlaleho ea batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso haeba u sa tloaela baahi ba motse ona. Hobane’ng? Ron o re ke hobane “molao o batla hore matlo ’ohle a pentoe ka ’mala o tšoanang.” Ke ile ka hlokomela hore seo ke ’nete ha ke ntse ke qamaka ’me ke bona hore matlo ’ohle a Saba a masoeu ’me a na le marulelo a mafubelu.

Ha re qeta puisano ea rōna ea Bibele, re memela mong’a ntlo puong ea phatlalatsa ea Bibele e tšoaroang ka Sontaha Holong ea ’Muso. Ha Ron a le teng sehlekehlekeng, o fana ka puo ea phatlalatsa beke e ’ngoe le e ’ngoe. Hona joale, ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 17 Saba. Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 2004 ho bile teng batho ba 20. Le hoja palo eo e ka bonahala e le nyenyane, e emela karolo ea 1 lekholong ea baahi kaofela ba Saba!

Ka sebele, Lipaki Tsa Jehova li ikitlaelitse ka matla hore li finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka molaetsa oa Molimo oa poloko. Ho sa tsotellehe hore na ke sehlekehlekeng se senyenyane joaloka Saba kapa k’honthinenteng kaofela, ka botšepehi Lipaki Tsa Jehova li phetha thōmo ea ho “[etsa] batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Matheu 28:19.

Ka masoabi, leeto la rōna le fihlile bofelong. Ha re kena ka sefofaneng sa rōna, re tsoka matsoho ho ba salisa hantle. Re ke ke ra lebala ketelo ea rōna Saba le nako eo re e qetileng re nyolohela motseng o bitsoang The Bottom!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kamoo ho bonahalang kateng masholu a maoatleng a ile a o bitsa The Bottom hobane a ne a nahana hore o ne o le botlaaseng ba mokoti o entsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang.

b Ka la 28 September, 2003, baithaopi ba tsoang Florida, U.S.A., ba ile ba ea Saba ’me ba nchafatsa mohaho o haufi le moo, oo hona joale o sebelisoang e le Holo ea ’Muso.

[Limmapa tse leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

PUERTO RICO

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Background: www.sabatourism.com

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela