‘Ha U Qobeletsoe ho Etsa Mosebetsi’
“HE UENA! Tlohela ntho eno eo u ntseng u e etsa hona joale, u tle mona u tl’o nkukela thoto ena.” U nahana hore Mojuda ea phathahaneng oa lekholong la pele la lilemo o ne a ka ’na a etsa’ng haeba lesole la Moroma le ne le ka cho joalo ho eena? Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a eletsa: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Bamameli ba Jesu ba ne ba tla utloisisa keletso eo joang? ’Me kajeno rōna re lokela ho e utloisisa joang?
Hore re fumane karabo, re lokela ho tseba ka mosebetsi o qobelloang oa mehleng ea khale. Baahi ba Iseraele ba mehleng ea Jesu ba ne ba tloaetse mokhoa ona haholo.
Mosebetsi o Qobelloang
Bopaki bo bontša hore Bochabela bo Haufi, mosebetsi o qobelloang (kapa, ho sebetsa u sa lefshoe) o qalile khale koana lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. Mengolo ea tsamaiso ea motse oa Alalakh oa Syria ea boholo-holo, e bua ka lihlopha tsa batho ba neng ba sebetsa ba sa lefshoe ba neng ba ngolisoa ke ’muso hore ba o sebeletse. Ugarit, e lebōpong la Syria, lihoai tse hirang masimo li ne li ngolisoa bakeng sa mosebetsi o qobelloang ntle le haeba morena a ne a li lokolotse.
Ha e le hantle hangata batho ba hapuoeng kapa bafo, ba ne ba etsisoa mosebetsi o qobelloang. Baokameli ba mesebetsi ba Baegepeta ba ne ba qobella Baiseraele hore ebe makhoba a bona a ba etsetsang litene. Hamorao, Baiseraele ba ile ba etsisa Bakanana ba neng ba hahile Naheng e Tšepisitsoeng mosebetsi oa bokhoba, ’me mekhoa e joalo e ile ea ntšetsoa pele ke Davida le Solomone.—Exoda 1:13, 14; 2 Samuele 12:31; 1 Marena 9:20, 21.
Ha Baiseraele ba batla morena, Samuele o ile a ba hlalosetsa hore na litokelo tsa morena e ne e tla ba life. O ne a tla nka bafo ba hae a ba etse bakhanni ba likoloi le bakalli ba lipere, ba leme le ho kotula, ba etse libetsa, joalo-joalo. (1 Samuele 8:4-17) Leha ho le joalo, nakong ea ho hahoa ha tempele ea Jehova, ha batho ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba etsisoa mosebetsi o qobelloang oa makhoba, “ho ne ho se le ea mong ho bara ba Iseraele bao Solomone a ileng a ba etsa makhoba; etsoe e ne e le bahlabani le bahlanka ba hae le likhosana tsa hae le bathusi ba hae le baokameli ba bakhanni ba hae ba likoloi le ba banna ba hae ba lipere.”—1 Marena 9:22.
Ha e le ka Baiseraele ba neng ba sebetsa mesebetsing ea kaho, 1 Marena 5:13, 14 e re: “Morena Solomone a ’na a nyolla ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang ho tsoa Iseraele eohle; ba ngolisitsoeng bakeng sa mosebetsi o qobelloang ea e-ba banna ba likete tse mashome a mararo. O ne a ba romela Lebanone ka lihlopha tsa ba likete tse leshome ka khoeli. Ka khoeli ba ne ba hlola Lebanone, ka likhoeli tse peli ba hlola malapeng a bona.” Setsebi se seng se re: “Ha ho pelaelo hore marena a Iseraele le a Juda a ne a sebelisa batho ba sa lefshoeng hore a se ke a lefella mesebetsi ea ’ona ea kaho le ea masimo a moreneng.”
Tlas’a puso ea Solomone moroalo o ne o le boima. O ne o le boima hoo eitseng ha Roboame a re o tl’o eketsa joko e joalo, Baiseraele bohle ba ileng ba rabela ba ba ba tlepetsa ka majoe ofisiri e neng e khethetsoe ho okamela ba neng ba ngoliselitsoe mosebetsi o qobelloang. (1 Marena 12:12-18) Leha ho le joalo, mokhoa ona ha oa ka oa felisoa. Asa, e leng setloholo sa Roboame, o ile a bokella batho ba Juda hore ba hahe metse ea Geba le Mizpa, ’me “ha se ke ha e-ba le ea mong ea siuoang.”—1 Marena 15:22.
’Musong oa Baroma
Thuto ea Thabeng e bontša hore Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tloaetse hore ba ka ’na ba ‘qobelloa ho etsa mosebetsi o itseng.’ Polelo ena e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike ag·ga·reuʹo, leo qalong le neng le amana le mosebetsi oa manģosa a Persia. A ne a e-na le matla a ho qobella hore ho sebelisoe banna, lipere, likepe kapa ntho leha e le efe e neng e hlokahala ho potlakisa mosebetsi oa sechaba.
Mehleng ea Jesu, Iseraele e ne e hapuoe ke Baroma, ba neng ba etsisa mokhoa o tšoanang le oo. Ho phaella ho lefeng makhetho a tloaelehileng, liprofensing tsa Bochabela, motho o ne a ka susutlelloa khafetsa kapa ka seoelo ho etsa mosebetsi o qobelloang. Batho ba ne ba hloile mesebetsi e joalo hampe. Ho feta moo, ho ne ho tloaelehile hore ho nkoe ka sheshe liphoofolo, bakhanni, kapa likariki hore e be lipalangoang tsa ’Muso. Ho latela rahistori Michael Rostovtzeff, balaoli “ba ne ba leka ho laola le ho hlophisa [mokhoa ona], empa ba sa atlehe, kaha hafeela mokhoa ona o ne o ntse o le teng, joang kapa joang o ne o tla hlahisa liphello tse mpe. Litaelo tse ngata li ne li fanoa ke liofisiri tse khōlō, tseo ka botšepehi li neng li ikemisetsa ho thibela bompoli le khatello tse neng li atile tsamaisong eo . . . Empa mokhoa ona o ile oa lula o ntse o hatella.”
Setsebi se seng sa Mogerike se re: “Mang kapa mang o ne a ka qobelloa ho nkela lesole thoto ho ea fihla sebakeng se itseng, hape mang kapa mang o ne a ka susutlelloa ho etsa tšebeletso leha e le efe eo beng ba naha [e leng Baroma] ba neng ba khetha ho mo qobella ho e etsa.” Seo ke sona se ileng sa etsahalla Simone oa Cyrene, ha masole a Baroma a ne a mo ‘qobella’ ho jara thupa ea Jesu ea tlhokofatso.—Matheu 27:32.
Mengolo ea bo-rabi le eona e bua ka mokhoa ona o neng o hloiloe. Ka mohlala, rabi e mong o ile a nkoa ka sheshe hore a ise li-myrte ntlong ea moreneng. Basebetsi ba ne ba ka nkoa ho bahiri ba bona ebe ba fuoa mesebetsi e meng, leha ho le joalo bahiri ba bona ba ne ba ntse ba lokela ho ba lefa. Lipelesa kapa lipholo li ne li ka nkoa ka sheshe. Haeba ho ne ho ka etsahala hore li khutlisoe, ho ne ho se tšepo ea hore li sa ntse li le matla bakeng sa mosebetsi o eketsehileng. U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho nka thepa ea motho ka sheshe ho ne ho tšoana le ho mo amoha eona. Kahoo, maele a Sejuda aa tiisa: “Angareia [Mosebetsi o qobelloang] e tšoana le lefu.” Rahistori e mong o re: “Motse o ne o ka senngoa ka hore lipholo tse lemang li nkoe ka sheshe bakeng sa angareia ho fapana le hore ho nkoe lipelesa.”
U ka inahanela feela hore na batho ba ne ba hloile mesebetsi eo hakae, haholo hobane hangata ba ne ba e qobelloa ka boikhohomoso le ka ho hloka toka. Ha u nahana ka lehloeo leo Bajuda ba neng ba le koetletse mebuso ea Balichaba e neng e ba busa, ba ne ba hloile hampe ho tlotlolloa ka ho qobelloa ho etsa mosebetsi o joalo o tenang. Ha ho na molao o re bontšang hore na hantle-ntle moahi o ne a ka qobelloa ho jara moroalo sebaka se sekae. Ho ka etsahala hore ebe ba bangata ba ne ba sa batle ho fetela ka nģane ho se neng se hlokoa ke molao.
Leha ho le joalo, Jesu o ne a bua ka mokhoa ona ha a ne a re: “Haeba e mong ea nang le bolaoli a u qobella hore u tsamaee le eena maele e le ’ngoe, u ee le eena limaele tse peli.” (Matheu 5:41) Ha ba bang ba utloa seo, mohlomong ba ile ba nahana hore o bua ntho e sa utloahaleng. Hantle-ntle o ne a bolela’ng?
Kamoo Bakreste ba Lokelang ho Itšoara Kateng
Ka mantsoe a bonolo feela, Jesu o ne a bolella bamameli ba hae hore haeba balaoli ba ne ba ba qobella ho etsa tšebeletso ea mofuta o mong e molaong, ba e phethe ka ho rata ntle ho khalefo. Kahoo ba ne ba lokela ho lefa “Cesare lintho tsa Cesare” empa ba sa hlokomolohe boikarabelo ba bona ba ho lefa “Molimo lintho tsa Molimo.”—Mareka 12:17.a
Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a re ha a eletsa Bakreste: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng. Ka hona ea hanyetsang bolaoli o khahlanong le tokisetso ea Molimo . . . Haeba u etsa se sebe, u be tšabong: kaha hase ntle ho morero bo jereng sabole.”—Baroma 13:1-4.
Kahoo, Jesu le Pauluse ba ile ba lumela hore morena kapa ’muso o na le tokelo ea ho fana ka kotlo ho ba sa phetheng lintho tseo o batlang hore ba li etse. Ke kotlo ea mofuta ofe? Rafilosofi oa Mogerike Epictetus oa lekholong la pele le la bobeli la lilemo C.E., o fana ka karabo e le ’ngoe ha a re: “Haeba ho hlaha taelo ea tšohanyetso ’me lesole le nka ka sheshe petsana ea esele ea hao, e tlohele e tsamaee. U se ke ua hana, u se ke ua korotla, esere ua fumana lipaputla ua ba ua lahleheloa ke esele.”
Leha ho le joalo, ka linako tse ling, mehleng ea khale le ea kajeno, Bakreste ba ’nile ba utloisisa hore ba ke ke ba phetha litaelo tse itseng tsa ’muso tse sa lumellaneng le letsoalo la bona. Ka linako tse ling, liphello e ’nile ea e-ba tse bohloko. Bakreste ba bang ba ’nile ba ahloleloa lefu. Ba bang ba ’nile ba qeta lilemo tse ngata teronkong ka lebaka la ho hana ho kenya letsoho mesebetsing eo ba neng ba e talima e le ho nka lehlakore. (Esaia 2:4; Johanne 17:16; 18:36) Maemong a mang, Bakreste ba ’nile ba nka hore ba ka lumellana le lintho tseo ba neng ba kōptjoa hore ba li etse. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba ’nile ba utloisisa hore ka letsoalo le letle, ba ka etsa litšebeletso tse itseng tsa tsamaiso ea sechaba tse sa amaneng le sesole empa e le tsa bohlokoa sechabeng. Seo se ka ’na sa akaretsa ho thusa batho ba tsofetseng kapa ba holofetseng, ho sebetsa e le bo-ralitima-mollo, ho hloekisa mabōpo, ho sebetsa lirapeng tsa boikhathollo, merung, kapa lipokellong tsa libuka, joalo-joalo.
Ha ho pelaelo hore maemo a fapana ho ea ka libaka. Kahoo, e le hore Mokreste ka mong a etse qeto ea hore na o lumellana le likōpo tse itseng kapa che, o lokela ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele.
Ho ea Maele ea Bobeli
Molao-motheo oo Jesu a o rutileng, oa ho ikemisetsa ho etsa lintho tse loketseng tseo re kōptjoang hore re li etse, ha o sebetse feela likōpong tsa ’muso empa o sebetsa le litšebelisanong tsa batho tsa letsatsi le letsatsi. Ka mohlala, ho ka ’na ha etsahala hore motho e mong ea nang le matla a ho laela a u kōpe hore u etse ntho e ’ngoe eo u neng u sa rate ho e etsa empa e se khahlanong le molao oa Molimo. U tla etsa joang? U ka ’na ua nka hore u senyetsoa nako le matla ka ho kōptjoa lintho tse sa hlokahaleng, ’me kahoo u ka ’na ua halefa. Seo se ka ’na sa fella ka qabang. Ka lehlakoreng le leng, haeba u ka etsa seo ka makoebeta, u ka ’na ua felloa ke khotso. Pheko ke efe? Etsa seo Jesu a se bueletseng—e-ea maele ea bobeli. U se etse feela seo u kōptjoang ho se etsa, empa u etse esita le se fetang seo. Se etse ka ho rata. Ha u e-na le boikutlo boo, u ke ke ua ikutloa eka u tšoeroe hampe, empa u ntse u lokela ho laola liketso tsa hao.
Mongoli e mong o ile a ngola tjena: “Batho ba bangata ba phela bophelo bohle ba bona ba etsa feela lintho tseo ba qobeletsoeng ho li etsa. Ho bona bophelo ha bo monate, ’me ba lula ba tepeletse ka linako tsohle. Ba bang ha ba etse feela seo ba tlamehang ho se etsa ’me ba thusa ka ho rata.” Bonneteng, maemo a mangata a fa motho monyetla oa ho khetha ho ea maele e le ’ngoe feela a qobeletsoe—kapa tse peli. Ha a e-ea maele e le ’ngoe, mohlomong motho o batla ho tseka litokelo tsa hae. Ha a e-ea tse peli, a ka ’na a ba le phihlelo e thabisang ka ho fetisisa. U motho oa mofuta ofe? Mohlomong u tla thaba haholoanyane le ho etsa mosebetsi o mongata haeba u ke ke ua talima mesebetsi ea hao e le boikarabelo feela kapa lintho tseo u tlamehang ho li etsa, empa e le lintho tseo u batlang ho li etsa.
Empa ho thoe’ng haeba u motho ea nang le bolaoli? Ho hlakile hore hase mokhoa o lerato kapa oa Bokreste ho sebelisa bolaoli ho qobella batho ba bang ho etsa lintho tseo u reng ba li etse ba sa rate. Jesu o ile a re: “Babusi ba lichaba ba rena ka thata holim’a tsona le banna ba baholo ba sebelisa bolaoli holim’a tsona.” Empa ona hase mokhoa oa Bokreste. (Matheu 20:25, 26) Le hoja tsela ea bompoli e ka ’na ea hlahisa liphello tse molemo, litšebelisano tsa bohle ba amehang li ne li tla ntlafala hakaakang haeba likōpo tse etsoang ka mosa li bile li loketse li ne li ka phethoa ka tlhompho le ka thabo! Ruri ho ikemisetsa ho ea limaele tse peli eseng feela e le ’ngoe ho ka ntlafatsa bophelo ba hao haholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse feletseng tsa hore na ho bolela’ng hore Bakreste ba ‘lefe Cesare lintho tsa Cesare, le ho lefa Molimo lintho tsa Molimo,’ bona Molula-Qhooa oa May 1, 1996, leqepheng la 15-20.
[Lebokose le leqepheng la 25]
TŠEBELISO E MPE EA MOSEBETSI O QOBELLOANG MEHLENG EA BOHOLO-HOLO
Taba ea hore hangata ho ne ho sebelisoa mosebetsi o qobelloang e le lebaka la boikaketsi la ho sebeletsoa ka mokunyata re e bona litaelong tse ileng tsa ntšoa ho thibela tlatlapo eo. Ka 118 B.C.E., Ptolemy Euergetes oa II oa Egepeta o ile a etsa molao-taelo o neng o bontša hore liofisiri tsa hae “ha li sa tla qobella baahi leha e le bafe ba naha hore ba li sebeletse, kapa ho inkela likhomo tsa bona ka sheshe (aggareuein) bakeng sa morero leha ofe oa tsona.” Ho ekeletsa moo: “Ha ho le ea mong ea tla nka [likepe] ka sheshe . . . bakeng sa mosebetsi oa hae tlas’a maemo leha e le afe a boikaketsi.” Mongolong oa 49 C.E., ka Tempeleng e Sebakeng se Setalana se Seholo, Egepeta, ofisiri e ka sehloohong ea Moroma Vergilius Capito e ile ea lumela hore masole a ne a ile a nka thepa ka sheshe e se ka molao, eaba o tiisa hore “ha ho na motho ea tla amoha e mong ntho leha e le efe kapa a e nke ka sheshe, . . . ntle le haeba a e-na le tumello e ngotsoeng e tsoang ho ’na.”
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Simone oa Cyrene o ile a qobelloa ho etsa mosebetsi
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lipaki tse ngata li ’nile tsa qeta nako teronkong ka lebaka la ho khomarela litekanyetso tsa Bokreste