Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 3/1 leq. 32
  • Boitšoaro bo Botle bo ‘Khabisa Thuto ea Molimo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boitšoaro bo Botle bo ‘Khabisa Thuto ea Molimo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 3/1 leq. 32

Boitšoaro bo Botle bo ‘Khabisa Thuto ea Molimo’

MOCHA ea bitsoang Maria oa Kransnoyarsk, Russia o bina ka bokheleke hoo mosuoetsana oa hae a ileng a mo kenya sehlopheng sa ’mino sa sekolo. Nakoana ka mor’a moo, Maria o ile a ea ho mosuoetsana e mong oa hae ka tlhompho a mo hlalosetsa hore a ke ke a bina lipina tse itseng. Hobane’ng? Hobane ho bina lipina tse nang le moelelo oa bolumeli ho ne ho le khahlanong le tumelo ea hae e thehiloeng Bibeleng. A maketse, mosuoetsana eo o ile a ipotsa, ‘Ebe ke eng e phoso ka ho tlotlisa Molimo ka pina?’

Ho bontša hore na ke hobane’ng ha a ne a tla qoba ho bina pina e buang ka Molimo oa Boraro-bo-bong, Maria o ile a phetla Bibele ea hae eaba o hlalosa hore Molimo le Jesu Kreste hase Molimo a le mong, le hore moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang. (Matheu 26:39; Johanne 14:28; Liketso 4:31) Maria o re: “Likamano tsa ka le mosuoetsana eo ha lia ka tsa senyeha. Ka kakaretso, re na le mesuoe e metlehali sekolong sa rōna. E batla hore re be seo re leng sona.”

Nakong ea selemo ha likolo li ntse li butsoe, boikutlo ba Maria bo ’nile ba hlomphuoa ke mesuoe hammoho le bana bao a kenang sekolo le bona. Maria o re: “Melao-motheo ea Bibele ea nthusa bophelong ba ka. Ha likolo li koaloa qetellong ea selemo, ke ile ka fumana khau ea botšepehi le ho hlophiseha, ha batsoali ba ka ba fumane lengolo la molao la liteboho le tsoang sekolong ka lebaka la ho hōlisa morali oa bona hantle.”

Maria o ile a kolobetsoa ka la 18 August, 2001. O re: “Ke thabela hore ebe nka sebeletsa Molimo ea hlollang hakaalo joaloka Jehova!” Bacha ba Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara ba phethahatsa mantsoe a Tite 2:10, ao re a balang tjena: “Khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Maria le batsoali ba hae ha a qeta ho kolobetsoa

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

Lengolo la liteboho le lengolo la bopaki la ho tlotloa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela