Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 3/1 maq. 30-31
  • Tšepo ea Matlafatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Matlafatsa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Mohloli oa Tšepo
  • Tšepo ke ea Bohlokoa Bakeng sa Tumelo
  • Tšepo ea Mokreste
  • Melemo ea ho Sireletsa Tšepo
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 3/1 maq. 30-31

Tšepo ea Matlafatsa

TŠEPO ea ’nete, eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng, e phahame ho feta takatso feela e pala, e ka ’nang eaba ha e na motheo kapa ha ho na monyetla oa hore e phethahale. E boetse e molemo ho feta tebello e sa reng letho, kaha hase kamehla se lebeletsoeng se ratehang.

Bibele e bontša hore batho ba lefatše ka kakaretso ha ba na tšepo ea sebele, e nang le motheo o tiileng; moloko oa batho oa shoa, ’me ntle ho tsebo ea tokisetso e tsoang mohloling o phahameng haholoanyane, ha ho na tšepo bakeng sa lintho tse larileng ka pele. Solomone o ile a bitsa ho hloka morero ha boemo ba motho haeba Molimo a sa kenelle litabeng tsa hae “lefeela la mafeela!”—Moeklesia 12:8.

Lipolelo tse tloaelehileng har’a batho ba sa tšepeng Molimo le tšepiso ea hae ea tsoho ea bafu li tšoana le tsa baahi ba Jerusalema ba sa mameleng, ba ileng ba inehella menate ea nama ho e-na le ho bontša pako le ho siama ha motse oa bona o se o tla timetsoa e le kahlolo ea Molimo. Ba ile ba re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (Esaia 22:13) Moapostola Pauluse o re lemosa hore re se ke ra kenoa ke boikutlo ba batho ba joalo ba se nang tšepo.—1 Bakorinthe 15:32, 33.

Pauluse o ne a sa latole hore ho na le lintho tseo ka ho utloahalang batho ba lefatše ba nang le tšepo ea tsona tseo ba li hahamallang, ’me tse ling tsa tsona lia babatseha. Empa o ile a bontša hore kantle ho Molimo, tšepo eo motho a nang le eona ha ho na moo e tlang ho mo isa teng; bonneteng, qetellong ke ea lefeela.

Mohloli oa Tšepo

Jehova Molimo ke Mohloli oa tšepo ea ’nete ebile ke Eena ea khonang ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae le tšepo ea ba mo tšepileng. Ke ka mosa oa hae o sa tšoanelang a fileng moloko oa batho ‘matšeliso le tšepo e molemo.’ (2 Bathesalonika 2:16) Ka Mangolong a Seheberu, ho na le lipolelo tse ngata tse buang ka tšepo, ho tšepa le ho kholiseha ka Jehova. Ka lebaka la mosa oa hae o lerato ho batho ba hae, esita leha ba ne ba isoa botlamuoeng ka lebaka la ho se mo mamele, o ile a re ho bona: “Ke tseba hantle menahano eo ke e nahanang ka lōna, . . . menahano ea khotso, eseng ea tlokotsi, ho le fa bokamoso le tšepo.”—Jeremia 29:11.

Tšepiso ea Jehova e ile ea etsa hore tumelo le tšepo ea Baiseraele ba tšepahalang e lule e phela ha ba le botlamuoeng Babylona; e ile ea matlafatsa banna ba kang Ezekiele le Daniele haholo, kaha Jehova o ne a itse: “Tšepo e teng bakeng sa bokamoso ba hao, . . . ’me ka sebele bara ba tla khutlela sebakeng sa bona.” (Jeremia 31:17) Tšepo eo e ile ea phethahala ha masala a tšepahalang a Bajuda a ne a khutla ka 537 B.C.E. ho ea tsosolosa Jerusalema le tempele ea eona.—Esdrase 1:1-6.

Tšepo ea mohlanka oa Molimo ea hore o tla fumana moputso hase ea boithati. E le hore motho a be le pono ea sebele le kutloisiso e nepahetseng ka Molimo, o lokela ho tseba hore mosa o lerato le ho fana ka seatla se bulehileng ke litšobotsi tse ka sehloohong tsa Molimo; motho ha aa lokela ho lumela feela hore Molimo o teng empa le hore “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.

Tšepo ke ea Bohlokoa Bakeng sa Tumelo

Hape tšepo ke ea bohlokoa bakeng sa tumelo; ke moralo le motheo oa tumelo. (Baheberu 11:1) Ka lehlakoreng le leng, tumelo e etsa hore tšepo e phele ’me e be matla. E le hore a matlafatse Bakreste, moapostola Pauluse o ile a qotsa mohlala oa Abrahama.

Ha ponong ea motho, ho ne ho se na tšepo ea hore Abrahama le Sara mosali oa hae ba ne ba tla ba le bana, ho thoe: “Le hoja ho ne ho se na tšepo, empa leha ho le joalo motheong oa tšepo o ile a ba le tumelo, e le hore e ka ba ntat’a lichaba tse ngata tumellanong le se neng se boletsoe: ‘Peō ea hao e tla ba joalo.’” Abrahama o ne a tseba hore tabeng ea ho ba le bana, ’mele oa hae le oa Sara e ne e “shoele.” Empa tumelo ea hae ha ea ka ea fokola. Hobane’ng? “Ka lebaka la tšepiso ea Molimo ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo, empa a ba matla ka tumelo ea hae.”—Baroma 4:18-20.

Joale moapostola o sebelisa mohlala oa Abrahama oa tumelo le tšepo ho Bakreste, ’me o phetha ka ho re: “A re thabeng, motheong oa tšepo ea khanya ea Molimo . . . ’me tšepo ha e soetse; hobane lerato la Molimo le tšolletsoe ka lipelong tsa rōna ka moea o halalelang, oo re ileng ra o fuoa.”—Baroma 5:2, 5.

Tšepo ea Mokreste

Tšepo ea Mokreste, ha e le hantle, tšepo ea moloko oa batho e ho Jesu Kreste. Ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea neng a ka fumana bophelo bo sa feleng leholimong kapa lefatšeng ho fihlela Kreste Jesu “a khantšitse leseli holim’a bophelo le ho se bole ka litaba tse molemo.”—2 Timothea 1:10.

Tšepo ea bophelo bo sa feleng le ea ho se bole ea “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo” (Baheberu 3:1) e na le motheo o tiileng ’me ke ntho eo motho a ka itšetlehang ka eona ka kholiseho. E tšehelitsoe ke lintho tse peli tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano, tsona ke, tšepiso le kano ea hae, le tšepo e ho Kreste, eo hona joale a sa shoeng leholimong. Kahoo, ena ke tšepo eo ho buuoang ka eona e le “ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng [joalokaha moprista ea phahameng a ne a kena ka Sehalalelisong Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe], moo Jesu, pula-maliboho a keneng molemong oa rōna, eo e bileng moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ka ho sa feleng.”—Baheberu 6:17-20.

Melemo ea ho Sireletsa Tšepo

Khafetsa, ka Bibeleng ho hatisoa hore na ke habohlokoa hakae hore Bakreste ba tšoarelle ‘tšepong e le ’ngoe.’ (Baefese 4:4) Seo se hloka hore ba tsoele pele ba le mafolofolo ba bile ba bua ka bolokolohi le ho ‘ithorisa’ ka tšepo eo.—Baheberu 3:6; 6:11.

Tšepo e matlafatsoa ke mamello ha re le matšoenyehong; eona e hlahisa boemo bo amohelehang ho Molimo, eo tšepo e tsoang ho eena. (Baroma 5:2-5) E matahantsoe le tumelo le lerato e le e ’ngoe ea litšobotsi tse khethollang phutheho ea Bokreste haesale ho fela limpho tsa mohlolo tsa moea tse neng li le teng ka phuthehong ea lekholo la pele la lilemo.—1 Bakorinthe 13:13.

Tšepo ke ea bohlokoa haholo ho Mokreste. E tsamaea le thabo, khotso le matla a moea o halalelang. (Baroma 15:13) E etsa hore batho ba bue ka bolokolohi le Molimo ha ba kōpa mosa oa hae o sa tšoanelang le mohau. (2 Bakorinthe 3:12) E thusa Mokreste hore a mamelle ka thabo, ho sa tsotellehe hore na boemo bo joang. (Baroma 12:12) Joalokaha helmete e ne e sireletsa hlooho ea mohlabani, tšepo ea poloko e sireletsa matla a rōna a ho nahana, e le hore e thuse Mokreste hore a lule a tšepahala.—1 Bathesalonika 5:8.

Tšepo e thusa Mokreste hore a tsamaee tseleng e hloekileng ea bophelo, kaha oa tseba hore Molimo le Kreste, bao tšepo e itšetlehileng ka bona, ba hloekile hape oa tseba hore a ke ke a ba le tšepo ea ho ba joaloka Molimo le ho fumana moputso haeba a tloaetse ho etsa se sa hloekang le se sa lokang. (1 Johanne 3:2, 3) E amana haufi-ufi le tšobotsi e ka sehloohong, lerato, kaha motho ea nang le lerato la ’nete ho Molimo o tla boela a be le tšepo litšepisong tsohle tsa Molimo. Ho feta moo, o tla lakaletsa barab’abo ba tumelong se molemohali, a ba rate le ho tšepa botšepehi ba lipelo tsa bona ho Kreste.—1 Bakorinthe 13:4, 7; 1 Bathesalonika 2:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela