Na Tumelo ea Hao e U Susumelletsa ho Nka Bohato?
MOLAOLI oa lebotho o ne a kholisehile hore Jesu a ka phekola boloetse ba ho shoa litho ba lekhoba la hae. Empa molaoli eo oa lebotho ha aa ka a memela Jesu lehaeng la hae, kahobane mohlomong o ne a ikutloa a sa tšoanelehe kapa hobane e ne e le Molichaba. Ho e-na le hoo, molaoli eo o ile a romela banna ba bang ba hōlileng ba Bajuda hore ba atamele Jesu ’me ba re: “Mohlomphehi, ha ke motho ea tšoanelehang hore u kene tlas’a marulelo a ka, empa bua lentsoe feela ’me mohlanka oa ka o tla fola.” Ha Jesu a lemoha hore molaoli eo oa lebotho o ne a lumela hore a ka folisa esita le hoja a le hōle, Jesu o ile a bolella letšoele le mo latelang a re: “Ke le bolella ’nete, ha ho eo ke fumaneng tumelo e khōlō hakaalo ho eena Iseraele.”—Matheu 8:5-10; Luka 7:1-10.
Phihlelo ena e ka re thusa ho tsepamisa kelello karolong ea bohlokoahali ea tumelo. Tumelo ea ’nete hase ho lumela feela tjee; e tšehetsoa ka ketso. Mongoli oa Bibele Jakobo o ile a hlalosa: “Tumelo, . . . ha e se na mesebetsi, e shoele.” (Jakobo 2:17) Taba ena e hlaka le ho feta ha re hlahloba mohlala oa sebele oa se ka etsahalang ha tumelo e felloa ke matla.
Ka 1513 B.C.E., sechaba sa Iseraele se ile sa kena selekaneng sa Molao le Jehova Molimo. E le ’muelli oa selekane seo, Moshe o ile a bolella bara ba Iseraele lentsoe la Molimo a re: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha . . . sechaba se halalelang.” (Exoda 19:3-6) E, ho halalela ha Baiseraele ho ne ho itšetlehile ka ho mamela.
Lilemo tse makholo a mangata hamorao, Bajuda ba ile ba qala ho talima ho ithuta Molao e le habohlokoa ho feta ho sebelisa melao-motheo ea oona. Bukeng ea hae e bitsoang The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o ile a ngola a re: “[Bo-rabi]—bona ‘baeta-pele ba bolumeli’ e ne e se e le khale ba entse qeto ea hore ho ithuta ho ne ho le bohlokoa ho feta mesebetsi.”
Ke ’nete hore Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba laetsoe hore ba ithute litaelo tsa Molimo ka mafolofolo. Molimo ka boeena o ile a re: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Empa na Jehova o kile a rera hore ho ithuta Molao e be habohlokoa ho feta liketso tse lumellanang le oona kapa tse bontšoang ke oona? A re boneng.
Ho Ithuta ka Tsela e Batsi Joaloka Setsebi
E ka ’na eaba Baiseraele ba ne ba bona ho utloahala ho buella haholo bohlokoa ba ho ithuta Molao, kaha neano e ’ngoe ea Bajuda e ne e bolela hore Molimo ka boeena o qeta lihora tse tharo a ithuta Molao letsatsi le leng le le leng. U ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Bajuda ba bang ba ne ba ka nahana tjena, ‘Haeba Molimo o ithuta Molao kamehla, na libōpuoa tsa hae tse lefatšeng ha lia lokela ho tšoareha ka ho feletseng ka ho ithuta ka tsela e tšoanang?’
Lekholong la pele la lilemo C.E., ho tšoareha ha bo-rabi ka ho sekaseka le ho hlalosa Molao ho ne ho sothile monahano oa bona ka ho feletseng. Jesu o ile a re: “Bangoli le Bafarisi . . . baa bua empa ha ba etse. Ba tlama mejaro e boima ’me ba e beha mahetleng a batho, empa bona ha ba rate ho e sisinya ka monoana.” (Matheu 23:2-4) Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba jarisa batho ba tloaelehileng melao le litaelo tse ngata-ngata, empa ka boikaketsi ba iketsetsa litsela tsa hore bona ba se ke ba boloka melao eo. Ho feta moo, banna bao ba neng ba amehile haholo ka ho ithuta ka ho tebileng ba ne ba “hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.”—Matheu 23:16-24.
Ruri ke ntho e sa utloahaleng hakaakang hore ebe ha ba ntse ba batla ho tiisa ho loka ha bona, bangoli le Bafarisi ba qeteletse ba tlōla oona Molao oo ba neng ba re baa o boloka! Ho phehisana khang ka mantsoe le ka litaba tse sa reng letho tsa Molao ka lilemo tse makholo ha hoa ka ha ba atametsa haufi le Molimo. Phello e bile e tšoanang le ho kheloha ho bakoang ke seo moapostola Pauluse a ileng a se bitsa “lipuo tsa lefeela,” “likhanyetsano” le “tsebo” ea bohata. (1 Timothea 6:20, 21) Leha ho le joalo, bothata bo bong bo tebileng e ne e le phello e bang teng ho bona ka lebaka la ho etsa lipatlisiso ba sa khaotse. Ha baa ka ba e-ba le mofuta oa tumelo e ba susumelletsang ketsong e nepahetseng.
Likelello Tse Bohlale, Lipelo Tse se Nang Tumelo
Tsela eo baeta-pele bao ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba nahana ka eona e ne e fapane hakaakang le ea Molimo! Pejana Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a re ho bona: “Lebisang lipelo tsa lōna mantsoeng ’ohle ao ke le bolellang ’ona kajeno e le temoso, e le hore le ka laela bara ba lōna hore ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.” (Deuteronoma 32:46) Ka ho hlakileng, batho ba Molimo e ne e sa lokela ho ba litsebi tse hloahloa feela tsa Molao empa e ne e lokela ho ba baphethi ba Molao oo.
Leha ho le joalo, khafetsa sechaba sa Iseraele ha sea ka sa tšepahala ho Jehova. Ho e-na le ho etsa mesebetsi ea mofuta o nepahetseng, bara ba Iseraele ha ‘baa ka ba bontša tumelo ho eena ’me ha baa ka ba mamela lentsoe la hae.’ (Deuteronoma 9:23; Baahloli 2:15, 16; 2 Likronike 24:18, 19; Jeremia 25:4-7) Qetellong, Bajuda ba ile ba etsa ketso e mpe ka ho fetisisa e bontšang ho hloka tumelo ha ba hana hore Jesu ke Mesia. (Johanne 19:14-16) Ka lebaka leo, Jehova Molimo o ile a lahla Iseraele ’me a retelehela lichabeng tse ling.—Liketso 13:46.
Ka sebele re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra etsa phoso e tšoanang—ra nahana hore re ka rapela Molimo ka likelello tse bohlale empa lipelo tsa rōna li se na tumelo. Ka mantsoe a mang, ha re ithuta Bibele ha rea lokela ho sheba ho bokella tsebo feela. Tsebo e nepahetseng e lokela ho fihla lipelong tsa rōna e le hore e susumetse bophelo ba rōna ka tsela e molemo. Na ho ka ba le molemo oa letho haeba re ithutela ho lema lijalo empa ho se mohla re jalang letho? Ke ’nete hore re ka ’na ra ba le tsebo e itseng ea ho lema serapa, empa re ke ke ra kotula letho! Ka ho tšoanang, batho ba ithutang melao ea Molimo ba sebelisa Bibele, ba lokela ho lumella peō ea ’nete hore e fihle pelong e le hore peō eo e ka mela ’me ea ba susumelletsa ho nka bohato.—Matheu 13:3-9, 19-23.
“Le be Baphethi ba Lentsoe”
Moapostola Pauluse o ile a re “tumelo e latela ntho e utloiloeng.” (Baroma 10:17) Tatellano ena e utloahalang ea liketsahalo e qalang ha re utloa Lentsoe la Molimo e tsoelang pele ho fihlela ha re bontša tumelo ho Jesu Kreste, Mor’a Molimo, e re fa tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. E, ho hlokahala ho fetang ho re feela, ‘Ke lumela ho Molimo le Kreste.’
Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae hore ba be le mofuta oa tumelo e neng e tla ba susumelletsa ketsong ha a re: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata ’me le be barutuoa ba ka.” (Johanne 15:8) Hamorao, Jakobo, ngoan’abo Jesu ka ’mè oa bona, o ile a ngola: “Le be baphethi ba lentsoe, eseng bautloi feela.” (Jakobo 1:22) Leha ho le joalo, re ka tseba seo re lokelang ho se etsa joang? Ka lipolelo le ka ho beha mohlala, Jesu o ile a bontša seo re lokelang ho se etsa ho khahlisa Molimo.
Ha a ntse a le lefatšeng, Jesu o ile a sebetsa ka thata ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso le ho tlotlisa lebitso la Ntate oa hae. (Johanne 17:4-8) Ka tsela efe? Ba bangata ba ka ’na ba hopola mehlolo ea Jesu ea ho phekola ba kulang le ba holofetseng. Empa Kosepele ea Matheu e hlakisa tsela e ka sehloohong: “Jesu a qala ho etela metse le metsana eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso.” Taba e hlokomelehang ke hore Jesu ha aa ka a etsa hore tšebeletso ea hae e felle feela ka ho bua ka mokhoa o sa reroang le metsoalle e ’maloa le batho bao a ba tsebang kapa bao a neng a kopana le bona motseng. O ne a ikitlaetsa ka matla, a sebelisa mekhoa leha e le efe e neng e le teng hore a etele batho “ho pholletsa le Galilea eohle.”—Matheu 4:23, 24; 9:35.
Jesu o ile a laela balateli ba hae hore le bona ba kopanele mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Ha e le hantle, o ile a ba behela mohlala o phethahetseng hore ba mo etsise. (1 Petrose 2:21) Jesu o ile a laela barutuoa ba hae ba tšepahalang a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matheu 28:19, 20.
Ruri ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ho hlahisa phephetso ea sebele. Jesu ka boeena o ile a re: “Bonang! Ke le romela joaloka likonyana har’a liphiri.” (Luka 10:3) Ha re tobana le khanyetso, tšekamelo e tloaelehileng ke ho ikhula e le hore re qobe ho ikutloisa bohloko kapa ho tšoenyeha ho sa hlokahale. Ke sona se ileng sa etsahala mantsiboeeng ao Jesu a ileng a tšoaroa ka ’ona. Baapostola ba ile ba baleha ka mor’a ho apareloa ke tšabo. Hamorao hona mantsiboeeng ao, Petrose o ile a latola ka makhetlo a mararo hore o tseba Jesu.—Matheu 26:56, 69-75.
Ho feta moo, u ka ’na ua makala ha u hlokomela hore esita le moapostola Pauluse o ile a re o ne a thatafalloa ke ho bolela litaba tse molemo. O ile a ngolla phutheho e Thesalonika a re: “Ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.”—1 Bathesalonika 2:1, 2.
Pauluse le baapostola ba bang ba ile ba khona ho hlōla tšabo leha e le efe ea ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo, ’me le uena u ka e hlōla. Joang? Bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ke hore re itšetlehe ka Jehova. Haeba re beha tumelo ho Jehova ka ho feletseng, tumelo eo e tla re susumelletsa ho nka bohato, ’me re tla khona ho etsa thato ea hae.—Liketso 4:17-20; 5:18, 27-29.
Mosebetsi oa Hao o Tla Putsoa
Jehova o hlokomela boiteko boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa. Ka mohlala, oa tseba ha re kula kapa re khathetse. Oa hlokomela ha re ikutloa re sa sireletseha ebile re ikhalala. Ha re nyotobetsoa ke mathata a lichelete kapa ha ho bonahala re soetsoa ke bophelo kapa maikutlo a rōna, kamehla Jehova o hlokomela boemo ba rōna.—2 Likronike 16:9; 1 Petrose 3:12.
E tlameha ebe Jehova o thaba hakaakang ha tumelo ea rōna e re susumelletsa ho nka bohato ho sa tsotellehe ho se phethahale le mathata a rōna! Kutloelo-bohloko eo Jehova a nang le eona ho bahlanka ba hae ba tšepahalang hase boikutlo feela tjee ba ho se etse letho—empa o bontša kutloelo-bohloko ka ho re tšepisa ntho e itseng. A susumetsoa ke moea o halalelang, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheberu 6:10.
U ka tšepa tlhaloso ea Bibele ha e re Jehova ke “Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka,” le ha e re ke “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Deuteronoma 32:4; Baheberu 11:6) Ka mohlala, mosali e mong oa California, U.S.A., oa hopola: “Ntate e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse leshome pele a e-ba le lelapa. O ne a mphetela lipale tse thabisang tsa kamoo Jehova a ileng a mo tšehetsa kateng ha a le tšebeletsong. Khafetsa, o ne a sebelisa chelete ea hae ea ho qetela ho reka peterole e le hore a ee tšebeletsong. Ha a fihla lapeng a tsoa tšebeletsong, hangata o ne a fumana lijo tseo a neng a sa li lebella li mo emetse monyako.”
Ho phaella ntlheng ea ho re tšehetsa ka lintho tse bonahalang, “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle” o re tšehetsa maikutlong le moeeng. (2 Bakorinthe 1:3) Paki e ’ngoe e mameletseng liteko tse ngata ka lilemo e re: “Ho itšetleha ka Jehova ho tlisa khotsofalo. Ho u fa monyetla oa hore u tšepe Jehova le hore u bone kamoo a u thusang kateng.” Ka boikokobetso, u ka atamela “Ea Utloang thapelo,” u kholisehile hore o tla ela hloko lintho tseo u amehileng ka tsona.—Pesaleme ea 65:2.
Bakotuli ba moea ba fumana litlhohonolofatso tse ngata le meputso e mengata. (Matheu 9:37, 38) Ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa ho tliselitse ba bangata melemo ea bophelo bo botle, ’me le uena ka ho tšoanang u ka e fumana. Leha ho le joalo, habohlokoa ka ho fetisisa ke hore ho pakela ba bang ho re thusa ho matlafatsa kamano e ntle le Molimo.—Jakobo 2:23.
U ’Ne U Etse se Molemo
E ne e tla ba phoso hore mohlanka oa Molimo a fihlele qeto ea hore Jehova oa soaba haeba ka tsela e itseng a sitoa ho etsa sohle seo a neng a ka rata ho se etsa tšebeletsong ka lebaka la mefokolo e itseng kapa botsofali. Ho ntse ho le joalo le ho ba sitisoang ke ho kula, boikarabelo ba lelapa kapa maemo a mang.
Hopola hore ha moapostola Pauluse a ne a khathatsoa ke bofokoli bo itseng kapa tšitiso, o ile a “kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo . . . hore o ka tloha” ho eena. Ho e-na le ho phekola Pauluse e le hore a ka finyella ho eketsehileng tšebeletsong ea Jehova, Molimo o ile a re: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakorinthe 12:7-10) Ka hona, kholiseha hore ho sa tsotellehe boemo leha e le bofe bo boima boo e ka bang u ntse u bo mameletse, Ntate oa hao ea leholimong o ananela leha e le sefe seo u ka khonang ho se etsa ho ntšetsa pele lintho tseo a amehileng ka tsona.—Baheberu 13:15, 16.
’Mōpi oa rōna ea lerato ha a batle se fetang seo re ka khonang ho fana ka sona. O mpa a batla feela hore re be le mofuta oa tumelo e re susumelletsang ho nka bohato.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Na ho ithuta Molao ho ne ho lekane?
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Tumelo ea rōna e lokela ho tšehetsoa ka mesebetsi