Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 maq. 23-26
  • Mamennone a Batla ’Nete ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamennone a Batla ’Nete ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Mamennone ke Bo-mang?
  • Mamennone a Kajeno
  • Kamoo Peō ea ’Nete e Ileng ea Jaloa Kateng
  • Ho Thulana le Liteko ka Lebaka la ’Nete
  • Ba Fumana Mokhatlo oa Bara ba Motho o Lerato
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 maq. 23-26

Mamennone a Batla ’Nete ea Bibele

E NE e le hoseng ka khoeli ea November, selemong sa 2000 ha baromuoa ba bang ba Lipaki Tsa Jehova Bolivia ba hloelisa ka fensetere ea ntlo ea bona e nyenyane ’me ba bona sehlopha sa banna le basali ba sa iterekang ba emeng ba tšohile keiting. Ha baromuoa bana ba bula keiti, baeti bana ba ile ba qala ka ho re: “Re batla ho tseba ’nete ea Bibele.” Baeti bana e ne e le Mamennone. Banna ba ne ba apere liofarolo, basali bona ba apere liforeskoto tse ’mala o lefifi, ’me ba ne ba buisana ka leleme la Sejeremane. Ba ne ba bonahala ba tšohile, ba ntse ba hetla khafetsa ho bona hore esebe ba setsoe morao. Ho sa tsotellehe seo, esita le ha ba ntse ba nyoloha litepising tse kenang ka tlung, mohlankana e mong o ile a re: “Ke batla ho tseba batho ba sebelisang lebitso la Molimo.”

Ha baeti bana ba se ba kene ka tlung, ba ile ba qala ho phutholoha ha ba phomosetsoa lijo tse bobebe. Ba ne ba tsoa motsaneng o mong o hōle oa lihoai. E ne e le selemo sa botšelela ba ntse ba fumana makasine oa Molula-Qhooa ka poso ha habo bona. Ba ile ba botsa: “Ha re ntse re bala re utloile ho thoe lefatše e tla ba paradeise. Na ho joalo?” Lipaki tseo li ile tsa ba bontša karabo e tsoang ka Bibeleng. (Esaia 11:9; Luka 23:43; 2 Petrose 3:7, 13; Tšenolo 21:3, 4) Sehoai se seng se ile sa re ho tse ling, “Lea utloa! ‘Ke ’nete hore lefatše e tla ba paradeise.’” ’Me tse ling li ne li ntse li re: “Ekare re fumane ’nete.”

Mamennone ke bo-mang? A lumela eng? Re ka araba lipotso tsena ka ho ikhopotsa se ileng sa etsahala lekholong la bo16 la lilemo.

Mamennone ke Bo-mang?

Kaha mosebetsi oa ho fetolela Bibele le ho e hatisa ka lipuo tse buoang haholo tsa Europe o ile oa eketseha, seo se ile sa tsosolosa tjantjello ea ho ithuta Bibele lilemong tsa bo-1500. Martin Luther le Bo-raliphetoho ba bang ba ile ba hana lithuto tse ngata tsa Kereke e K’hatholike. Leha ho le joalo, likereke tse ncha tsa Boprostanta li ile tsa boloka mekhoa e mengata e neng e sa lumellane le Bibele. Ka mohlala, tse ngata li ne li lebeletse hore lesea le leng le le leng le sa tsoa tsoaloa le etsoe setho sa kereke ka ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, batho ba bang ba neng ba batla ’nete ka Bibeleng, ba ile ba lemoha hore motho e ba setho sa phutheho ea Bokreste ka hore pele a etsa qeto ea ho kolobetsoa, a be a e-na le tsebo. (Matheu 28:19, 20) Baboleli ba chesehang ba neng ba lumela sena, ba ile ba qala ho tsamaea metse le metsana ba ruta Bibele ba bile ba kolobetsa batho ba baholo. Kahoo, ba ile ba bitsoa Maanabaptiste, e bolelang “ba kolobetsang hape.”

Moprista e mong oa Mok’hatholike ea bitsoang Menno Simons, oa motseng oa Witmarsum o karolong e ka leboea ea Netherlands, o ile a thusoa ke Maanabaptiste ha a ntse a batla ’nete. Ka 1536 o ile a khaola maqhama ka ho feletseng le kereke ’me baholo ba kereke ba ile ba mo tsoma joaloka phoofolo. Ka 1542 Moemphera ea Halalelang oa Roma Charles V o ile a tšepisa ka boeena hore o tla fa motho ea ka tšoarang Menno moputso oa li-guilder tse 100. Ho sa tsotellehe seo, Menno o ile a bokella Maanabaptiste a mang a a etsa liphutheho. Kapele feela eena le balateli ba hae ba ile ba bitsoa Mamennone.

Mamennone a Kajeno

Ka mor’a nako, Mamennone a likete a ile a tloha Europe Bophirimela a ea Amerika Leboea ka lebaka la mahloriso. Ha a le moo, a ile a ba le monyetla oa ho tsoela pele a batla ’nete le ho fetisetsa molaetsa oa ’ona ho batho ba bangata. Empa a ne a se a se na cheseho e matla eo baholo-holo ba ’ona ba neng ba e-na le eona ea ho tsoela pele a ithuta Bibele le ho bolela phatlalatsa. A mangata a ile a tšoarella lithutong tse itseng tseo e seng tsa Bibele tse kang tumelo ea Boraro-bo-bong, ea hore moea oa motho ha o shoe le ea mollo oa lihele. (Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4; Mareka 12:29) Kajeno, mosebetsi oa boromuoa oa Mamennone o sekametse haholo litšebeletsong tsa bongaka le tsa kahisano ho feta ho boleleng evangeli.

Hona joale ho hakanngoa hore ho na le Mamennone a 1 300 000 a lulang linaheng tse 65. Leha ho le joalo, Mamennone a kajeno a tletleba ka hore ha aa momahana, joalokaha Menno Simons a ile a tletleba ka hona lilemong tse makholo tse fetileng. Ho se tšoane ka maikutlo mabapi le likhohlano tsa lefatše, ho ile ha a arohanya haholo nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. A mangata a Amerika Leboea a ile a hana sesole ka mabaka a Bibele. Empa buka e bitsoang An Introduction to Mennonite History e re: “Ka 1914 Mamennone a likereke tsa Europe-Bophirimela a ne a se a sa hane sesole.” Mehleng ena, lihlopha tse ling tsa Mamennone li nkile mekhoa ea kajeno ka tsela e itseng. A mang a sa ntse a qhoaela liaparo tsa ’ona ka lihakisi eseng likonopo ’me a lumela hore banna ha baa lokela ho kuta litelu.

Lihlopha tse ling tsa Mamennone tse ikemiselitseng ho ikarola lefatšeng la kajeno, li tlohile moo li neng li lula teng tsa ea libakeng tseo mebuso ea teng e li lumellang ho phela ka bolokolohi. Ka mohlala, ho hakanngoa hore Mamennone a ka bang 38 000 a na le metsana ea ’ona Bolivia, ’me o mong le o mong o na le melao ea oona ea boitšoaro. Metsaneng e meng ha ho lumelloe likoloi, ho lumelloa feela lipere le likariki tsa lipere. Ho e meng ha ho lumelloe liea-le-moea, lithelevishene le ’mino. Ho e meng a bile a haneloa ho ithuta puo ea naha eo a lulang ho eona. Moahi oa motsana o mong o ile a re: “Baboleli ha ba re lumelle ho ithuta Sepanishe hobane ba batla ho re laola ho ea ho ile.” A mangata aa utloa hore a hateletsoe empa a lula a tšohile hore a tla lelekoa metseng, ’me sena sea tšosa ho motho ea e-s’o ka a phela ka ntle ho motse oa Mamennone.

Kamoo Peō ea ’Nete e Ileng ea Jaloa Kateng

Maemong ’ona ana, sehoai se seng sa Momennone se bitsoang Johann se ile sa bona makasine oa Molula-Qhooa lapeng la moahelani oa sona. Lelapa la Johann le ne le ile la fallela Mexico le tsoa Canada eaba hamorao le ea Bolivia. Empa kamehla Johann o ne a ntse a batla se ka mo thusang ho batla ’nete ea Bibele. O ile a alima makasine oo.

Ka letsatsi le leng ha Johann a le toropong a ntse a rekisa lihlahisoa tsa hae, o ile a ea ho Paki e neng e ntse e fa batho Molula-Qhooa ka ’marakeng. E ile ea mo isa ho moromuoa e mong ea buang Sejeremane, ’me ka nakoana feela Johann o ile a qala ho fumana Molula-Qhooa oa Sejeremane ka poso. Motsaneng oa habo, tokollo ka ’ngoe e ne e ithutoa ka hloko ’me malapa ’ohle a ne a e alimana ho fihlela makasine eo e thocheha. Ka linako tse ling malapa a ne a bokana hammoho ebe a ithuta makasine oa Molula-Qhooa ho fihlela ka khitla, a ntse a bala litemana tsa Bibele tse sa qotsoang. Johann o ile a kholiseha hore e tlameha ebe Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse etsang thato ea Molimo li momahane lefatšeng lohle. Pele Johann a hlokahala, o ile a re ho mosali oa hae le bana: “Le bale Molula-Qhooa kamehla. O tla le thusa ho utloisisa Bibele.”

Ba bang ba lelapa la Johann ba ile ba qala ho phetela baahelani ba bona lintho tseo ba neng ba ntse ba ithuta tsona Bibeleng. Ba ne ba re: “Lefatše le ke ke la timetsoa. Ho e-na le hoo, Molimo o tla le etsa paradeise. Ebile Molimo ha a hlokofatse batho liheleng.” Kapele feela baboleli ba kereke ba ile ba tseba ka meqoqo ena, ’me ba ile ba sokela lelapa la Johann ka hore ba tla le amoha litokelo motseng haeba le ntse le tsoela pele ho bolela lintho tsena. Hamorao, puisanong e ’ngoe ea lelapa e neng e le mabapi le khatello eo baholo ba Mamennone ba neng ba ba hatella ka eona, mohlankana e mong o ile a bua ka sebete a re: “Ha ke tsebe hore na ke hobane’ng ha re belaela ka baholo ba kereke ea rōna. Kaofela rea tseba hore na bolumeli ba ’nete ke bofe, empa re phuthile matsoho.” Mantsoe ana a ile a ama pelo ea ntat’a mohlankana eo. Kapele feela, litho tse leshome tsa lelapa leo li ile tsa tsamaea ka lenyele ho ea batla Lipaki Tsa Jehova ’me tsa fihla lelapeng la baromuoa, joalokaha ho boletsoe sethathong.

Letsatsing le latelang, baromuoa ba ile ba etela metsoalle ea bona e mecha motsaneng oa habo eona. Koloi ea baromuoa e ne e le eona feela tseleng eo. Ha ba ntse ba khanna butle, ba ne ba feta likariki tsa lipere, ’me ba shebana ka ho makala le baahi ba sebakeng seo. Kapele feela, ba ile ba lula tafoleng le Mamennone a leshome, a neng a tsoa malapeng a mabeli.

Letsatsing leo, ba ile ba nka lihora tse ’nè ba ithuta khaolo ea pele ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.a Serapeng se seng le se seng, lihoai tsena li ne li balile litemana tse ling tsa Bibele ’me joale li ne li batla ho tseba hore na li li utloisisa hantle. Potso e ’ngoe le e ’ngoe ea thuto e ne e lateloa ke khefu ea metsotso e mengata ha lihoai tsena li ntse li buisana ka Sejeremane pele ’muelli oa tsona a bolela karabo ea tsona ka Sepanishe. E ile ea e-ba letsatsi le monate. Empa mahloriso a ne a le haufi. Joalokaha Menno Simons a ile a thulana le liteko ha a ne a qala ho batla ’nete ea Bibele hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse makholo a mahlano, le tsona li ne li tla tloha li thulana le liteko.

Ho Thulana le Liteko ka Lebaka la ’Nete

Matsatsi a se makae hamorao, baholo ba kereke ba ile ba tla lapeng la Johann ka qeto ena e tobileng lelapa la hae le a mang a ba thahasellang: “Re utloile hore Lipaki Tsa Jehova li ile tsa le etela. Le se ke be la hlola le li lumella ho khutla. Hape, ha le sa fane ka lingoliloeng tsa tsona hore li chesoe, le tla amohuoa litokelo motseng ona.” Ba ne ba ithutile Bibele le Lipaki hanngoe feela, kahoo teko ena e ne e le boima haholo.

Ntate e mong o ile a araba ka ho re: “Le re kōpa ntho eo re ke keng ra e etsa. Batho bano ba ne ba tletse ho tla re ruta Bibele.” Baholo bao ba ile ba etsa joang? Ba ile ba ba amoha litokelo motseng ka lebaka la ho ithuta Bibele! Ketso ena e ile ea ba bakela mesarelo. Kariki ea sebakeng seo ea feme ea chisi, e ile ea feta feela lelapeng le leng e sa nke lebese. Ka ho etsa joalo, lelapa leo le ne le sitisoa ho fumana chelete. Ntate e mong o ile a lelekoa mosebetsing. E mong eena a haneloa ho reka lebenkeleng la moo, ’me morali oa hae ea lilemo li leshome o ile a lelekoa sekolong. Baahelani ba ile ba pota-pota ntlo e ’ngoe ho ea nka mosali oa monna e mong ea sa leng mocha, ba bolela hore a ke ke a lula le monna oa hae ea amohiloeng litokelo motseng. Lintho tsena ha lia ka tsa sitisa malapa a neng a ithuta Bibele ho batla ’nete.

Baromuoa ba ile ba tsoela pele ho nka maeto ana a malelele ho ea khanna thuto ena ea Bibele. Thuto ena e ne e khothatsa malapa ana haholo! Litho tsa malapa a mang li ne li tsamaea lihora tse peli ka likariki tsa lipere hore li be teng thutong ena. E ile ea e-ba ho amang maikutlo ha malapa ana a qala ho kōpa e mong oa baromuoa hore a rapele. Mamennone ha a rapele ka lentsoe le phahameng metseng ena, kahoo ho ne ho se mohla a kileng a utloa ha motho e mong a a rapella. Banna ba ile ba seka meokho. Nahana feela hore na ba ile ba hlolloa hakaakang ha baromuoa ba tlile le mochine o bapalang litheipi! Ho ne ho se mohla ’mino o kileng oa lumelloa motsaneng oa bona. Ba ile ba natefeloa ke lehlaso la Kingdom Melodies hoo ba ileng ba rera ho bina lipina tsa ’Muso ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe! Leha ho le joalo, ho ne ho setse potso ea hore na maemong a bona a macha ba tla phela ka’ng?

Ba Fumana Mokhatlo oa Bara ba Motho o Lerato

Kaha malapa ana a ne a khetholloa motseng, a ile a qala ho iketsetsa chisi. Baromuoa ba ile ba a fumanela ’maraka. Mora e mong oabo rōna eo e bileng Paki ka nako e telele Amerika Leboea ea neng a ile a hōlela motsaneng oa Mamennone oa Amerika Boroa o ile a utloela ka se bohloko se hlahetseng malapa ana. O ne a e-na le tjantjello ea ho a thusa. Pele beke e fela, o ile a leba Bolivia ka sefofane ho a etela. O ile a a khothatsa haholo moeeng, eaba o a thusa ho reka vene e le hore a ka ea libokeng Holong ea ’Muso le ho isa lihlahisoa tsa ’ona ’marakeng.

Mosali e mong o ile a re: “Re ile ra phela ka thata ka mor’a hore re amohuoe litokelo tsa baahi ba motse. Re ne re e-ea Holong ea ’Muso ka lifahleho tse saretsoeng, empa re khutla re thabile.” Ka sebele, Lipaki tsa moo li ile tsa ba phallela kahohle kamoo ho hlokahalang. Lipaki tse ling li ile tsa ithuta Sejeremane, ’me Lipaki tse ngata tse buang Sejeremane li ile tsa tloha Europe tsa ea Bolivia ho ea tšoara liboka tsa Bokreste ka Sejeremane. Kapele feela batho ba 14 ba motsaneng oa Mamennone ba ne ba bolella batho ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso.

Ka la 12 October, 2001, likhoeli ka mor’a hore batho bana bao e neng e le Maanabaptiste ba etele lehaeng la baromuoa ka lekhetlo la pele, ba 11 ba ile ba kolobetsoa hape, ’me lekhetlong lena ba ne ba bontša hore ba inehetse ho Jehova. Ka mor’a moo, ho kolobelitsoe ba bangata. Hamorao e mong o ile a re: “Esale re ithuta ’nete ea Bibele, re utloa eka re makhoba a lokolotsoeng.” E mong o ile a re: “Mamennone a mangata a tletleba ka hore ha ho na lerato metseng ea ’ona. Empa Lipaki Tsa Jehova lia ratana. Ke utloa ke sireletsehile ha ke e-na le tsona.” Haeba u batla ho utloisisa ’nete ea Bibele hamolemo, le uena u ka ’na ua thulana le mathata. Empa haeba u batla thuso ea Jehova ’me u e-na le tumelo le sebete joaloka malapa ana, le uena u tla atleha u be u thabe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ba thabela ho fumana lingoliloeng tsa Bibele ka Sejeremane

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Le hoja kamehla ’mino o ne o sa lumelloe, hona joale baa bina ka mor’a thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela