Hana Monahano o Fosahetseng!
HA MOPATRIAREKA Jobo a ne a le mahlomoleng, o ile a eteloa ke metsoalle ea hae e meraro, Elifaze, Bildade le Tsofare. Ba ne ba tlil’o lla le eena le ho mo tšelisa. (Jobo 2:11) Har’a metsoalle ena e meraro Elifaze o ne a li hula pele ebile mohlomong e ne e le eena e moholo. Ke eena ea qalileng ho bua ebile ke eena ea buileng haholo. Lipuong tsa hae tse tharo Elifaze o ile a bontša monahano oa mofuta ofe?
Ha Elifaze a hopola mohlolo oo a neng a kile a o bona, o ile a re: “Moea oa qala ho feta sefahlehong sa ka; moriri oa ’mele oa ka oa qala ho baleha. Oa qala ho ema, empa ha kea ka ka hlokomela ponahalo ea oona; sebōpeho se ne se le ka pel’a mahlo a ka; ho ne ho e-na le khutso, joale ka utloa lentsoe.” (Jobo 4:15, 16) Ke moea oa mofuta ofe o ileng oa susumetsa monahano oa Elifaze? Mantsoe a hlabang a ileng a latela a bontša hore ka sebele moea oo e ne e se moea oa le leng la mangeloi a Molimo a lokileng. (Jobo 4:17, 18) E ne e le sebōpuoa se khopo sa moea. Ho seng joalo, ke joang Jehova a neng a ka nyatsa Elifaze le metsoalle ea hae e ’meli ka hore ba buile leshano? (Jobo 42:7) Ha ho pelaelo hore Elifaze o ne a susumetsoa ke modemona. Mantsoe a hae a ile a bontša hore o ne a nahana joaloka motho ea sa tšabeng Molimo.
Re hlokomela boikutlo bofe mantsoeng a Elifaze? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re thibele monahano o fosahetseng? Hona re lokela ho nka mehato efe e le hore re o hane?
“Ha a na Tumelo ho Bahlanka ba Hae”
Lipuong tsohle tsa hae tse tharo, Elifaze o ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o hatella hoo ho seng letho leo bahlanka ba hae ba le etsang le mo khotsofatsang. Elifaze o ile a re ho Jobo: “Bona! Ha a na tumelo ho bahlanka ba hae, ’me o qosa mangeloi a hae ka hore a molato.” (Jobo 4:18, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Hamorao Elifaze o ile a re ka Molimo: “Ha a na tumelo ho bahalaleli ba hae, maholimo ha aa hloeka mahlong a hae.” (Jobo 15:15) Eaba oa botsa: “Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile?” (Jobo 22:3) Bildade o ne a lumellana le maikutlo ana, hobane o ile a re: “Ho na le khoeli, ’me ha e khanye; linaleli ha lia hloeka mahlong a [Molimo].”—Jobo 25:5.
Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra susumetsoa ke monahano o joalo. O ka etsa hore re nahane hore Molimo o batla lintho tse ngata haholo ho rōna. Boikutlo bona bo ka hlasela kamano ea rōna le Jehova. Ho feta moo, haeba re lumellana le monahano oa mofuta ona, re tla itšoara joang ha re fuoa taeo eo re e hlokang? Ho e-na le ho amohela taeo re ikokobelitse, re ka ’na ra “halefela Jehova” ka lipelong tsa rōna ra ba ra mo koetlela lehloeo. (Liproverbia 19:3) Ruri seo se ne se tla senya kamano ea rōna le Molimo!
“Na Monna ea Shahlileng a ka ba le Thuso ho Molimo?”
Taba e amanang le khopolo ea hore Molimo oa hatella ke ea hore o nka batho e le ba se nang thuso. Puong ea boraro ea Elifaze ho ile ha hlaha potso e reng: “Na monna ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo, e le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena?” (Jobo 22:2) Elifaze o ne a fana ka maikutlo a hore ho Molimo, motho ha a na thuso. Bildade le eena o ile a pheha khang ka tsela e tšoanang, a re: “Motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang ka pel’a Molimo, kapa motho ea tsoetsoeng ke mosali e ka ba ea hloekileng joang?” (Jobo 25:4) Ho ea ka khopolo eo, Jobo, eo e neng e le motho feela ea shoang, e ne e le mang hore a ka bolela hore o lokile ka pel’a Molimo?
Kajeno batho ba bang ba khathatsoa ke ho se itšepe. Lintho tse kang khōliso, likhatello tsa bophelo kapa ho khetholloa le ho hlouoa ka lebaka la morabe kapa bochaba li ka ’na tsa etsa hore motho a be le maikutlo a joalo. Empa Satane le bademona ba hae le bona ba thabela ho sithabetsa motho. Haeba ba ka susumetsa motho ho nahana hore ha ho letho leo a le etsang le khotsofatsang Molimo ea Matla ’Ohle, ho tla ba bonolo hore a nyahame. Hamorao motho eo a ka kheloha, a ba a suthela hōle le Molimo ea phelang.—Baheberu 2:1; 3:12.
Ho tsofala le mathata a ho kula ho lekanyetsa seo re ka khonang ho se etsa. Seo re se etsang tšebeletsong ea ’Muso se ka bonahala se le senyenyane haholo ha se bapisoa le seo re neng re se etsa ha re ne re sa le bacha, re phetse hantle re bile re le matla. Ruri ke habohlokoa hore re lemohe hore Satane le bademona ba hae ba batla hore re nahane hore Molimo ha a khotsofatsoe ke seo re se etsang! Re lokela ho hana monahano o joalo.
Kamoo re ka Hanang Monahano o Fosahetseng Kateng
Ho sa tsotellehe mahlomola ao Satane Diabolose a ileng a mo tlisetsa ’ona, Jobo o ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Kaha Jobo o ne a rata Molimo, o ile a ikemisetsa ho lula a tšepahetse ho sa tsotellehe lintho tse mo hlahetseng, ebile ha ho letho le neng le tla mo sisinya. Lena ke lona lebaka la bohlokoa la hore re hane monahano o fosahetseng. Re lokela ho utloisisa lerato la Molimo hantle le ho le ananela ka botebo. Re boetse re lokela ho hōlisa lerato la rōna ho eena. Re ka etsa sena ka ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le ka ho thuisa ka seo re ithutang sona hammoho le ho rapela Molimo hore a re thuse.
Ka mohlala, Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.” Jehova o rata moloko oa batho haholo, ’me tsela eo a ileng a sebelisana le batho ka eona ka nako e telele e bontša hore oa ba rata. Ho nahana ka mehlala ea nakong e fetileng ho tla hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa Jehova le ho etsa hore re mo rate haholo, ’me seo se tla re thusa ho hana monahano o sa lokang kapa o fosahetseng.
Nahana kamoo Jehova a ileng a tšoara Abrahama kateng ha a ne a le haufi le ho timetsa Sodoma le Gomora. Abrahama o ile a botsa Jehova ka makhetlo a robeli mabapi le kahlolo eo Jehova a neng a tla e etsa. Ha ho moo Jehova a ileng a bontša hore o halefile kapa o tenehile. Ho e-na le hoo, tsela eo a arabileng ka eona e ile ea khothatsa Abrahama ea ba ea mo tšelisa. (Genese 18:22-33) Hamorao ha Molimo a lopolla Lota le lelapa la hae Sodoma, Lota o ile a kōpa ho balehela motseng o haufi ho e-na le ho balehela lithabeng. Jehova o ile a mo araba a re: “Bona! Ke u nahanela le ho isa tekanyong ena, ka hore ke se ke ka heletsa motse oo u buileng ka oona.” (Genese 19:18-22) Na litlaleho tsee li bontša Jehova e le ’musi ea hatellang, ea se nang lerato le eo e leng mpoli? Che. Li bontša seo a hlileng a leng sona—hore ke ’Musi ea lerato, ea mosa, ea mohau le ea nang le kutloisiso.
Mohlala oa Arone, oa Davida le oa Manase ba Iseraele ea boholo-holo o hanyetsa khopolo ea hore Molimo o rata ho tšoaea liphoso le hore ha a khotsofatsoe ke ntho leha e le efe eo batho ba e etsang. Arone o ile a etsa liphoso tse tharo tse tebileng. O ile a etsa namane ea khauta, eena le khaitseli’e Miriame ba tšoaea Moshe phoso, a ba a hlōleha ho halaletsa le ho hlompha Molimo Meriba. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bona makhabane a hae eaba o mo lumella hore e ’ne e be moprista ea phahameng ho fihlela a e-shoa.—Exoda 32:3, 4; Numere 12:1, 2; 20:9-13.
Morena Davida o ile a etsa libe tse tebileng pusong ea hae. Libe tsena li ne li akarelletsa bofebe, ho rera ho bolaea motho ea se nang molato le ho bala sechaba ntle ho tumello. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bona pako ea Davida eaba ka botšepehi o khomarela selekane sa ’Muso ka ho mo lumella hore a ’ne a buse ho fihlela a e-shoa.—2 Samuele 12:9; 1 Likronike 21:1-7.
Morena oa Juda ea bitsoang Manase, o ile a emisetsa Baale lialetare, a fetisa bara ba hae mollong, a khothalletsa litšebeletso tsa ho sebelisana le meea a ba a haha lialetare tsa bolumeli ba bohata mabaleng a tempele. Leha ho le joalo, ka mor’a ho bontša pako e tlohang pelong, Jehova o ile a mo tšoarela, a mo lokolla botlamuoeng eaba o mo khutlisetsa boreneng ba hae. (2 Likronike 33:1-13) Na Molimo eo ho seng motho ea ka mo khotsofatsang a ka etsa lintho tse tjee? Ka sebele ha ho joalo!
Monģosi oa Bohata o Molato ka Boeena
Ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe Satane ke eena ea ka sehloohong ea hlileng a bonahatsang litšobotsi tseo a qosang Jehova ka tsona. Satane o khopo ebile oa hatella. Sena se bonahala hantle mokhoeng oa nako e fetileng oa borapeli ba bohata oa ho etsa mahlabelo ka bana. Baiseraele ba bakoenehi ba ne ba chesa bara le barali ba bona mollong—e leng ntho eo ho hang e sa kang ea hlaha pelong ea Jehova.—Jeremia 7:31.
Satane ke eena motšoaea-liphoso, eseng Jehova. Tšenolo 12:10 e bitsa Satane “moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna!” Ka lehlakoreng le leng, mopesaleme o ile a bina tjena ka Jehova: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? Etsoe ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena.”—Pesaleme ea 130:3, 4.
Ha Batho ba Tla be ba se na Monahano o Fosahetseng
E tlameha ebe libōpuoa tsa moea tsa mangeloi li ile tsa imoloha hakaakang ha Satane Diabolose le bademona ba hae ba lelekoa maholimong! (Tšenolo 12:7-9) Ka mor’a moo, libōpuoa tsena tse khopo tsa moea ha lia ka tsa hlola li e-ba le tšusumetso ho hang mesebetsing ea lelapa la Jehova la leholimo la mangeloi.—Daniele 10:13.
Haufinyane baahi ba lefatše ba tla thaba. Ho se ho se hokae, lengeloi le theohang leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlo letsohong la lona le tla tlama Satane le bademona ba hae ’me le ba lihele ka mohohlong oo ba ke keng ba etsa letho ha ba le ho oona. (Tšenolo 20:1-3) Re tla imoloha hakaakang ha seo se etsahala!
Khabareng, re lokela ho itlhokomela hore re se be le monahano o fosahetseng. Neng kapa neng ha re tleloa ke monahano o sa lokang kapa o fosahetseng, re lokela ho o hana ka hore re nahane ka lerato la Jehova. Haeba re etsa joalo ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello.’—Bafilipi 4:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Jobo o ile a hana monahano o fosahetseng
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lota o ile a ithuta hore Jehova ke ’Musi ea nang le kutloelo-bohloko