Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/15 maq. 12-15
  • Bokreste Boa Ata Har’a Bajuda ba Lekholong la Pele la Lilemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste Boa Ata Har’a Bajuda ba Lekholong la Pele la Lilemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libaka Tseo Bajuda ba Neng ba Lula ho Tsona Lekholong la Pele la Lilemo
  • Kamoo Maeto a Pauluse a Neng a Ama Bajuda ba Neng ba Lula ka Ntle ho Iseraele
  • Bajuda ba ka Bochabela
  • Phutheho ea Jerusalema le Bajuda ba Neng ba Lula ka Ntle ho Iseraele
  • Re ka Ithuta Eng?
  • “Ba Tlala Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Bokreste bo Fihla Asia Minor
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Bakreste le Lefatše la Moloko oa Batho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/15 maq. 12-15

Bokreste Boa Ata Har’a Bajuda ba Lekholong la Pele la Lilemo

HOO e ka bang ka 49 C.E., ho ile ha tšoaroa seboka sa bohlokoa Jerusalema. Sebokeng seo, ho ne ho le teng “ba neng ba bonahala e le litšiea” ka phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo—e leng Johanne, Petrose le Jakobo ngoan’abo Jesu ka ’mè oa bona. Mabitso a ba bang ba babeli ba neng ba le teng sebokeng seo e ne e le moapostola Pauluse le mphato oa hae Barnabase. Ho ne ho tšohloa taba ea ho arola tšimo e khōlō bakeng sa mosebetsi oa boboleli. Pauluse o ile a re: “Ba ile ba fa ’na le Barnabase letsoho le letona la ho arolelana hammoho, e le hore re ka ea lichabeng, empa bona ba ea ho ba bolotseng.”—Bagalata 2:1, 9.a

Re lokela ho utloisisa tumellano ee joang? Na tšimo eo litaba tse molemo li neng li lokela ho boleloa ho eona e ile ea aroloa hore ebe ea Bajuda le basokolohi ’me ’ngoe e be ea Balichaba? Kapa na tumellano eo e ne e ama ho aroloa ha tšimo ka libaka? E le hore re fumane karabo e utloahalang, re lokela ho fumana boitsebiso bo itseng ba histori mabapi le Bajuda ba neng ba phela ka ntle ho Palestina.

Libaka Tseo Bajuda ba Neng ba Lula ho Tsona Lekholong la Pele la Lilemo

Lekholong la pele la lilemo ke Bajuda ba bakae ba neng ba lula ka ntle ho naha ea Iseraele? Ho bonahala litsebi tse ngata li lumellana le khatiso e bitsoang Atlas of the Jewish World ha e re: “Ho thata hore re fumane lipalo tse nepahetseng hantle, empa ho ’nile ha hakanngoa hore pelenyana ho 70 [C.E.] ho ne ho e-na le Bajuda ba limilione tse peli le halofo Judea ’me ba ka holimo ho limilione tse ’nè ba ne ba lula likarolong tse ling tsa ’muso oa Roma. . . . Har’a baahi bohle ba ’muso oa [Roma], ho bonahala eka karolo ea leshome lekholong e ne e le Bajuda, ’me libakeng tseo ba neng ba le bangata haholo ho tsona, metseng ea liprofensi tse ka bochabela, e ka ’na eaba ho ne ho e-na le baahi ba Bajuda ba etsang karolo ea 25 lekholong kapa ho feta moo.”

Litsi tse ka sehloohong tsa Bajuda li ne li le Syria, Asia Minor, Babylona le Egepeta, ka Bochabela, ’me ho ne ho e-na le lihlotšoana tsa Bajuda Europe. Bakreste ba bang ba pele ba Bajuda ba neng ba tsebahala ba kang Barnabase oa Cyprase, Priska le Akuila ba Pontase le Roma, Apolose oa Alexandria le Pauluse oa Tarsase ba ne ba lula ka ntle ho naha ea Iseraele.—Liketso 4:36; 18:2, 24; 22:3.

Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele ba ne ba ikamahanya le naha ea habo bona ka lintho tse ngata. Mokhoa o mong oo ba neng ba o sebelisa e ne e le ho romela lekhetho selemo le selemo tempeleng Jerusalema, e le tsela ea ho ba le seabo linthong tsohle tse amanang le tempele le borapeli. Mabapi le sena, setsebi John Barclay se re: “Ho na le bopaki bo lekaneng ba hore Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele, ka botšepehi ba ne ba bokella chelete ena e neng e eketsoa ka menehelo e tsoang ho barui.”

Ntho e ’ngoe e neng e etsa hore ba ikamahanye le naha ea habo bona e ne e le baeti ba likete tse mashome ba neng ba e-ea meketeng e neng e tšoareloa Jerusalema selemo le selemo. Tlaleho e ho Liketso 2:9-11 e mabapi le Pentekonta ea 33 C.E. e bontša sena. Baeti ba Bajuda ba neng ba tlile moketeng ba ne ba tsoa Parthia, Media, Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Pontase, Asia, Frigia, Pamfilia, Egepeta, Libya, Roma, Kreta le Arabia.

Batsamaisi ba tempele ba neng ba le Jerusalema ba ne ba buisana le Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele ka mangolo. Hoa tsebahala hore Gamaliele, e leng mosuoe oa molao eo ho builoeng ka eena ho Liketso 5:34, o ile a romela mangolo Babylona le likarolong tse ling tsa lefatše. Ha moapostola Pauluse a fihla Roma e le motšoaruoa hoo e ka bang ka 59 C.E., “banna ba ka sehloohong ba Bajuda” ba ile ba re ho eena: “Ha rea amohela mangolo a malebana le uena a tsoang Judea, leha e le hore mang kapa mang oa barab’abo rōna ea fihlileng o tlalehile kapa o buile ntho leha e le efe e khopo ka uena.” Mantsoe ana a bontša hore mangolo le litlaleho tse tsoang naheng ea habo bona li ne li romeloa Roma khafetsa.—Liketso 28:17, 21.

Bibele e neng e sebelisoa ke Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele e ne e le phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e bitsoang Septuagint. Dikishinari e ’ngoe e re: “Hoa utloahala ho etsa qeto ea hore LXX [Septuagint] e ne e baloa ebile e amoheloa hohle e le Bibele ea Sejuda kapa ‘Mangolo a Halalelang’ a Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele.” Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa phetolelo ena haholo ha ba ruta.

Litho tsa sehlopha se busang sa Bakreste se neng se le Jerusalema li ne li tloaelane le maemo ana. Litaba tse molemo li ne li se li fihlile ho Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele ba neng ba le Syria le libakeng tse ling, tse akarelletsang Damaseka le Antioke. (Liketso 9:19, 20; 11:19; 15:23, 41; Bagalata 1:21) Kamoo ho bonahalang kateng, ba neng ba tlile sebokeng ka 49 C.E., ba ne ba tlil’o etsa litokisetso bakeng sa mosebetsi o neng o tla etsoa ka moso. A re tšohleng seo Bibele e se buang ka keketseho e ileng ea e-ba teng har’a Bajuda le basokolohi.

Kamoo Maeto a Pauluse a Neng a Ama Bajuda ba Neng ba Lula ka Ntle ho Iseraele

Kabelo ea pele ea moapostola Pauluse e ne e le hore a “jare lebitso la [Jesu Kreste] ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena le ho bara ba Iseraele.”b (Liketso 9:15) Ka mor’a seboka se neng se tšoaretsoe Jerusalema, Pauluse ha aa ka a khaotsa ho etela Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele. (Bona lebokose le leqepheng la 14.) Sena se bontša hore e tlameha ebe tumellano eane e ileng ea etsoa e mabapi le tšimo e ne e sa amane le ho bolela har’a Bajuda kapa Balichaba empa e ne e amana le libaka tse tla sebetsoa. Pauluse le Barnabase ba ile ba atolosetsa mosebetsi oa bona oa boromuoa ka bophirimela, ’me ba bang ba ile ba sebetsa naha ea Bajuda le ho pakela Bajuda ba bangata ba neng ba le ka Bochabela.

Ha Pauluse le metsoalle ea hae ba qala leeto la bona la bobeli la boromuoa le neng le tloha Antioke e Syria, ba ile ba laeloa hore ba ee ka bophirimela, ba kene Asia Minor ba be ba e’o fihla Troase. Ho tloha moo ba ile ba fetela Macedonia hobane ba ne ba fihletse qeto ea hore “Molimo o ne a [ba] bitselitse ho . . . bolella [ba Macedonia] litaba tse molemo.” Hamorao, ho ile ha qalisoa liphutheho tsa Bokreste metseng e meng ea Europe, e akarelletsang Athene le Korinthe.—Liketso 15:40, 41; 16:6-10; 17:1–18:18.

Hoo e ka bang ka 56 C.E., qetellong ea leeto la hae la boraro la boromuoa, Pauluse o ile a rera ho fetela pejana ka bophirimela ho atolosa tšimo e neng e abiloe sebokeng sane se neng se tšoaretsoe Jerusalema. O ile a ngola a re: “Ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna moo Roma,” ’me, “ke tla tloha ka tsela e potang ho lōna ho ea Spain.” (Baroma 1:15; 15:24, 28) Empa ho thoe’ng ka Bajuda ba bangata ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele ba neng ba le ka Bochabela?

Bajuda ba ka Bochabela

Lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho e-na le Bajuda ba bangata ba neng ba lula Egepeta, haholo-holo motse-moholo oa eona, Alexandria. Setsing sena sa khoebo le sa tsoelo-pele ho ne ho e-na le Bajuda ba likete-kete, ’me ho ne ho e-na le lisynagoge ka har’a motse oona oohle. Philo, e leng Mojuda oa Alexandria, o boletse hore naheng eohle ea Egepeta, bonyane ho ne ho e-na le Bajuda ba milione ka nako eo. Ba bangata ba ne ba bile ba lula naheng ea boahisani ea Libya, motseng oa Cyrene le libakeng tse e potolohileng.

Bajuda ba bang bao e ileng ea e-ba Bakreste ba ne ba tsoa libakeng tsena. Re bala ka “Apolose, letsoalloa la Alexandria,” “banna ba bang ba Cyprase le Cyrene,” le “Lusiase oa Cyrene,” ba ileng ba thusa phutheho ea Syria e Antioke. (Liketso 2:10; 11:19, 20; 13:1; 18:24) Ka ntle ho moo, Bibele ha e bue letho ka mosebetsi oo Bakreste ba pele ba ileng ba o etsa Egepeta le libakeng tse haufi le eona, e bua feela ka hore moevangeli oa Mokreste Filipi o ile a pakela leqhalaha la Moethiopia.—Liketso 8:26-39.

Babylona e ne e le setsi se seng se seholo, se neng se e-na le litsi tse nyenyane Parthia, Media le Elame. Rahistori e mong o re “ho ne ho e-na le Bajuda sebakeng se seng le se seng se neng se le lesabasabeng la Tigris le Eufrate, ho tloha Armenia ho ea fihla koung ea Persia, le ho ea ka leboea-bochabela ho Leoatle la Caspian, le ho ea Media ka bochabela.” Encyclopaedia Judaica e hakanya hore ba ne ba ka ba 800 000 kapa ho feta moo. Josephus e leng rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo o re bolella hore Bajuda ba mashome a likete ba neng ba lula Babylona ba ne ba e-ea Jerusalema bakeng sa mekete e neng e tšoaroa selemo le selemo.

Na ho na le ba bang ba baeti baa ba tsoang Babylona ba ileng ba kolobetsoa ka Pentekonta ea 33 C.E.? Ha re tsebe, empa har’a batho ba neng ba mametse moapostola Petrose letsatsing leo ho ne ho e-na le ba bang ba tsoang Mesopotamia. (Liketso 2:9) Rea tseba hore moapostola Petrose o ne a le Babylona hoo e ka bang ka 62-64 C.E. O ile a ngola lengolo la hae la pele ’me mohlomong le la bobeli a ntse a le hona moo. (1 Petrose 5:13) Ho hlakile hore Babylona hammoho le baahi ba eona ba bangata ba Bajuda e ne e nkoa e le karolo ea tšimo e ileng ea abeloa Petrose, Johanne le Jakobo sebokeng seo ho builoeng ka sona lengolong le eang ho Bagalata.

Phutheho ea Jerusalema le Bajuda ba Neng ba Lula ka Ntle ho Iseraele

Jakobo, eo le eena a neng a le teng sebokeng seo ho neng ho buuoa ka masimo ho sona, e ne e le molebeli phuthehong ea Jerusalema. (Liketso 12:12, 17; 15:13; Bagalata 1:18, 19) O ne a le teng ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Bajuda ba likete ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele, ba neng ba etile, ba amohela litaba tse molemo ’me ba kolobetsoa.—Liketso 1:14; 2:1, 41.

Ka nako eo le ka mor’a moo Bajuda ba likete-kete ba ile ba tla meketeng e neng e tšoaroa selemo le selemo. Motse o ne o tlala haholo ’me baeti ba ne ba tlameha ho lula metsaneng e haufi kapa litenteng. Encyclopaedia Judaica e re ka ntle le ho kopana le metsoalle, baeti ba ne ba kena ka tempeleng ho ea rapela, ho etsa mahlabelo le ho ithuta Torah.

Ha ho pelaelo hore Jakobo le batho ba bang phuthehong ea Jerusalema ba ne ba sebelisa menyetla ena ho pakela Bajuda ba neng ba lula ka ntle ho Iseraele. Kaha ho shoa ha Setefane ho ile ha ‘tsosa mahloriso a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema,’ mohlomong baapostola ba ile ba e-ba hlokolosi haholo ha ba paka. (Liketso 8:1) Tlaleho e bontša hore pele ho ketsahalo ena le ka mor’a eona, ho chesehela ha Bakreste bana boboleli ho ile ha etsa hore phutheho e ’ne e hōle.—Liketso 5:42; 8:4; 9:31.

Re ka Ithuta Eng?

Ha ho pelaelo hore Bakreste ba pele ba ile ba ikitlaetsa ka matla hore ba teane le Bajuda hohle moo ba neng ba lula teng. Ka nako e tšoanang, Pauluse le ba bang ba ile ba fihla ho Balichaba ba neng ba le tšimong ea Europe. Ba ile ba mamela taelo eo Jesu a ileng a e fa balateli ba hae ha a ne a arohana le bona ea hore ba etse “batho ba lichaba tsohle” barutuoa.—Matheu 28:19, 20.

Mohlala oa bona o ka re ruta hore ke habohlokoa ho bolela ka tsela e hlophisehileng e le hore moea oa Jehova o re thuse. Hape re ka bona melemo ea ho ea ho batho ba hlomphang Lentsoe la Molimo, haholo-holo libakeng tseo ho tsona ho nang le Lipaki Tsa Jehova tse ’maloa haholo. Na likarolo tse ling tsa tšimo ea phutheho ea lōna li hlahisa litholoana tse ngata ho feta tse ling? Ho ka ba molemo ho sebetsa libaka tsena khafetsa. Na ho na le liketsahalo tse itseng tsa sechaba tikolohong ea lōna tse ka fanang ka monyetla o motle oa ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho paka ka tsela e sa reroang le ho paka seterateng?

Ho bala ka Bakreste ba pele ka Bibeleng ha ho re ruise molemo feela, empa ho boetse ho re thusa ho tloaelana le makolopetso a itseng a histori le a libaka. Kofuto e ’ngoe eo re ka e sebelisang ho eketsa kutloisiso ea rōna ke bukana e bitsoang ‘Bona Naha e Ntle,’ e nang le li-’mapa le litšoantšo tse ngata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mohlomong seboka sena se ile sa tšoaroa ka nako eo ka eona sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo se neng se tšohla taba ea lebollo.—Liketso 15:6-29.

b Sehlooho sena se bua haholo ka ho paka ha Pauluse har’a Bajuda, eseng ka mesebetsi eo a neng a e etsa ha e le “moapostola ho lichaba.”—Baroma 11:13.

[Chate e leqepheng la 14]

HO AMEHA HA MOAPOSTOLA PAULUSE KA BAJUDA BA NENG BA LULA KA NTLE HO ISERAELE

PELE HO SEBOKA SE NENG SE TŠOARETSOE JERUSALEMA KA 49 C.E.

Liketso 9:19, 20 Damaseka—“lisynagogeng [o ile] a qala ho

bolela”

Liketso 9:29 Jerusalema—“[o] bua . . . le Bajuda ba buang

Segerike”

Liketso 13:5 Salamise, Cyprase—“[o] phatlalatsa lentsoe

la Molimo ka lisynagogeng tsa Bajuda”

Liketso 13:14 Antioke e Pisidia—“[o] kena ka synagogeng”

Liketso 14:1 Ikoniamo—“[o] kena . . . ka synagogeng ea

Bajuda”

KA MOR’A SEBOKA SE NENG SE TŠOARETSOE JERUSALEMA KA 49 C.E.

Liketso 16:14 Filipi—“Lydia, . . . morapeli oa Molimo”

Liketso 17:1 Thesalonika—“synagoge ea Bajuda”

Liketso 17:10 Berea—“[synagoge] ea Bajuda”

Liketso 17:17 Athene—“[o] behelana mabaka ka synagogeng

le Bajuda”

Liketso 18:4 Korinthe—“[o] fana ka puo ka synagogeng”

Liketso 18:19 Efese—“[o] kena ka synagogeng ’me [o] behelana

mabaka le Bajuda”

Liketso 19:8 Efese—“[o] kena ka synagogeng, [o] bua ka sebete

ka likhoeli tse tharo”

Liketso 28:17 Roma—“[o] bokella banna ba ka sehloohong ba

Bajuda”

[’Mapa o leqepheng la 15]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Ba ileng ba utloa litaba tse molemo ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba tsoa libakeng tse ngata

ILYRIKAME

ITALY

Roma

MACEDONIA

GREECE

Athene

KRETA

Cyrene

LIBYA

BITHYNIA

GALATIA

ASIA

FRIGIA

PAMFILIA

CYPRASE

EGEPETA

ETHIOPIA

PONTASE

KAPADOSIA

SILISIA

MESOPOTAMIA

SYRIA

SAMARIA

Jerusalema

JUDEA

MEDIA

Babylona

ELAME

ARABIA

PARTHIA

[Metsi]

Leoatle la Mediterranean

Leoatle le Letšo

Leoatle le Lefubelu

Kou ea Persia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela