Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Mokreste a ka lula a e-na le letsoalo le letle haeba a amohela mosebetsi o akarelletsang hore a nke libetsa?

Lefatšeng lohle, Lipaki Tsa Jehova li nka ka ho teba boikarabelo boo li bo filoeng ke Molimo ba hore li hlokomele malapa a tsona ka lintho tse bonahalang. (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, mefuta e meng ea mosebetsi e khahlanong le melao-motheo ea Bibele ka ho toba ’me e lokela ho qojoa. Ena e akarelletsa mesebetsi e amanang le ho becha, tšebeliso e mpe ea mali le ho khothalletsa hore ho sebelisoe lihlahisoa tsa koae. (Esaia 65:11; Liketso 15:29; 2 Bakorinthe 7:1; Bakolose 3:5) Le hoja mefuta e meng ea mosebetsi e sa nyatsuoe ka ho toba ka Bibeleng, e ka lematsa letsoalo la motho kapa matsoalo a batho ba bang.

Ho etsa mosebetsi oa boipheliso o hlokang hore motho a nke sethunya kapa sebetsa se seng ke qeto ea motho ka mong. Leha ho le joalo, mosebetsi o hlokang hore motho a nke libetsa o ka etsa hore a be molato oa mali haeba ho ka hlokahala hore a sebelise sebetsa sa hae. Kahoo, Mokreste o lokela ho rapela ka taba ena le ho nahana ka ho teba hore na o ikemiselitse ho amohela boikarabelo ba ho etsa qeto ka tšohanyetso moo ho amehang bophelo ba motho. Ho nka sebetsa ho boetse ho beha motho kotsing ea ho lematsoa kapa ho bolaoa ke batho ba mo hlaselang kapa ba iphetetsang.

Hape, ba bang le bona ba ka ’na ba angoa ke qeto eo motho a e etsang. Ka mohlala, boikarabelo bo ka sehloohong ba Mokreste ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Na o tla khona ho bolella ba bang hore ba “be le khotso le batho bohle,” ha ka nako e tšoanang eena a iphelisa ka ho nka sebetsa? (Baroma 12:18) Ho thoe’ng ka bana ba hae kapa litho tse ling tsa lelapa? Na ho ba le sethunya ka tlung ho tla beha bophelo ba bona kotsing? Ho feta moo, na ba bang ba ka khopisoa ke qeto eo motho a e etsang tabeng ee?—Bafilipi 1:10.

‘Matsatsing ana a ho qetela,’ batho ba ntseng ba eketseha ‘ba bohale bo tšosang, ebile ba hloka lerato la se molemo.’ (2 Timothea 3:1, 3) A tseba sena, na motho o ne a ka lula ‘ho se seo a qosoang ka sona’ haeba a khetha mosebetsi o hlokang hore a nke libetsa o ka ’nang oa etsa hore a loane le batho ba joalo? (1 Timothea 3:10) Le hanyenyane. Ka lebaka lena, phutheho e ne e ke ke ea talima motho ea joalo e le “ea sa nyatseheng” haeba a tsoela pele ho nka libetsa ka mor’a hore a fuoe keletso ea Bibele ka mosa. (1 Timothea 3:2; Tite 1:5, 6) Kahoo, monna kapa mosali ea joalo a ke ke a tšoaneleha ho fumana litokelo leha e le life tse khethehileng ka phuthehong.

Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore haeba ba etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso bophelong ba bona, ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ho feta tekano ka ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. (Matheu 6:25, 33) Ka sebele, haeba re tšepa Jehova ka ho feletseng, “o tla [re] tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a lumella ea lokileng hore a therekele.”—Pesaleme ea 55:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela