Na U sa Hopola?
Na u ile ua rua molemo ha u ne u bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Bona hore na ebe u ka araba lipotso tse latelang:
• Ke hobane’ng ha sebe sa pele—e leng ho se mamele ha Adama—se ka tšoantšoa le boloetse bo futsoang?
Se tšoana le boloetse hobane Adama o ile a se fetisetsa baneng ba hae. Kahoo, re futsitse bofokoli ba sebe, feela joalokaha bana ba bang ba futsa maloetse a itseng ho batsoali ba bona.—8/15, leqepheng la 5.
• Ke lintho life tse ekelitseng pefo kajeno?
Satane o leka ho tlosa batho ho Jehova ka ho jala pefo lipelong, ’me sena o se etsa ka lintho tse kang libaesekopo, ’mino le lipapali tsa k’homphieutha tse susumelletsang batho hore ba be sehlōhō le hore ba bolaee ba bang. Liketso tse ngata tsa pefo li bakoa ke pefo e pepesoang litabeng.—9/1, leqepheng la 29.
• Ponse Pilato e ne e le mang?
E ne e le Moroma oa lelapa le tlaase la borena ’me mohlomong e ne e kile ea e-ba lesole. Moemphera oa Roma Tiberiuse o ile a khetha Pilato hore e be ’musisi oa profinse ea Judea ka 26 C.E. Pilato o ile a mamela litletlebo tsa baeta-pele ba Bajuda nyeoeng ea Jesu. O ile a khahlisa matšoele ka ho lumela hore Jesu a bolaoe.—9/15, leqepheng la 10-12.
• “Pontšo” e boletsoeng ho Matheu 24:3 ke eng?
Pontšo ena e entsoe ka lintho tse ngata tse khethollang kapa tse supang ntho e itseng. E akarelletsa lintoa, litlala, mafu a seoa le litšisinyeho tsa lefatše, ’me e ne e tla thusa balateli ba Jesu hore ba elelloe “boteng” ba hae hammoho le “qetello ea tsamaiso ea lintho.”—10/1, leqepheng la 4-5.
• Bajuda ba neng ba phela ka ntle ho Palestina ba ne ba lula libakeng life?
Lekholong la pele la lilemo, litsi tse ka sehloohong tsa Bajuda li ne li le Syria, Asia Minor, Babylonia le Egepeta, ’me ho ne ho e-na le lihlotšoana tsa Bajuda likarolong tsa Europe tsa ’Muso oa Roma.—10/15, leqepheng la 12.
• Na Mokreste a ka lula a e-na le letsoalo le letle haeba a amohela mosebetsi o akarelletsang hore a nke libetsa?
Ho etsa mosebetsi o hlokang hore motho a nke sethunya kapa sebetsa se seng ke qeto ea motho ka mong. Leha ho le joalo, mosebetsi o hlokang hore motho a nke libetsa o ka etsa hore a be molato oa mali haeba ho ka hlokahala hore a sebelise sebetsa seo, hape o mo beha kotsing ea ho lematsoa kapa ea ho bolaoa ke batho ba iphetetsang. Mokreste ea tšoarang sebetsa seo a ke ke a tšoaneleha bakeng sa litokelo tse khethehileng ka phuthehong. (1 Timothea 3:3, 10)—11/1, leqepheng la 31.
• Kaha Lentsoe “Armagedone” le tsoa polelong e reng “Thaba ea Megido,” na ntoa ea Armagedone e tla loaneloa thabeng eo e Bochabela bo Hare?
Che. Ha ho na Thaba ea Megido, ho teng feela ke tutulu e pel’a phula ea Iseraele e haufi le moo. “Marena [’ohle] a lefatše le mabotho a ’ona” a ke ke a fella sebakeng seo. Ntoa e khōlō ea Molimo e tla loanela lefatšeng lohle, ’me e tla felisa lintoa tsohle. (Tšenolo 16:14, 16; 19:19; Pesaleme ea 46:8, 9)—12/1, leqepheng la 4-7.