Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova ha aa ka a Lebala Josefa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • “Na ke Sebakeng sa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Ho Boloka Bophelo Nakong ea Tlala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Josefa o Leka Banab’abo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Josefa, e leng mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, o ile a sebelisa senoelo se khethehileng sa silevera ho hlalosa lipontšo tsa se tlang, joalokaha Genese 44:5 e bontša eka ho joalo?

Ha ho lebaka la ho lumela hore Josefa o ile a sebelisa mofuta leha e le ofe oa bonohe.

Bibele e senola seo Josefa a neng a hlile a se utloisisa mabapi le ho sebelisa tsebo ea boselamose e le hore motho a tsebe lintho tse tla etsahala nakong e tlang. Pejana, ha a ne a kōptjoa hore a hlalose litoro tsa Faro, khafetsa Josefa o ile a hatisa hore ke Molimo feela ea ka ‘tsebisang’ liketsahalo tse tlang. Ka lebaka leo, Faro ka boeena o ile a lumela hore Molimo eo Josefa a neng a mo rapela—e leng Molimo oa ’nete, e seng matla a bonohe—ke eena ea entseng hore Josefa a tsebe makolopetso mabapi le bokamoso. (Genese 41:16, 25, 28, 32, 39) Molaong oo Jehova a ileng a o fa Moshe hamorao, o ile a hanela ho sebelisoa ha boselamose kapa bonohe, kahoo a tiisa hore ke Eena feela ea ka bolelang bokamoso esale pele.—Deuteronoma 18:10-12.

Joale, ke hobane’ng ha Josefa a ile a bua a sebelisa mohlanka oa hae hore ke eena Josefa ea sebelisitseng senoelo sa silevera “ho hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang”?a (Genese 44:5) Re lokela ho nahana ka maemo ao mantsoe ana a ileng a buuoa ho ’ona.

Barab’abo Josefa ba ne ba ile Egepeta ho ea batla lijo ka lebaka la tlala ea sekoboto e neng e le teng. Lilemo pele ho moo, bona bara bana babo ba ne ba rekisitse Josefa hore e be lekhoba. Joale, ba sa tsebe, ba ile ba kōpa thuso ho mor’abo bona, eo joale e neng e se e le molaoli oa lijo Egepeta. Josefa ha aa ka a itšenola ho bona. Ho e-na le hoo, o ile a etsa qeto ea ho ba leka. Kahoo, Josefa o ne a batla ho bona hore na ehlile ba bakile e le kannete. Hape o ne a batla ho bona hore na lerato la bona le ne le le matla hakae ho mor’abo bona Benjamine le ho ntat’a bona Jakobo, ea neng a rata Benjamine haholo. Kahoo, Josefa o ile a etsa leqheka.—Genese 41:55–44:3.

Josefa o ile a laela e mong oa bahlanka ba hae hore a tlatse mekotla ea barab’abo ka lijo, a khutlisetse chelete ea e mong le e mong molomong oa mokotla oa hae ’me a kenye senoelo sa Josefa sa silevera molomong oa mokotla oa Benjamine. Ho sena sohle, Josefa o ne a phethahatsa karolo ea ho ba molaoli oa naha ea bohetene. O ile a etsa hore puo ea hae le liketso tsa hae li tšoane le tsa molaoli eo, a hlahe a tšoana hantle le molaoli eo ka pel’a barab’abo ba neng ba sa tsebe se neng se etsahala.

Ha Josefa a tobana le barab’abo, o ile a tsoela pele ka leqheka la hae, a ba botsa: “Na le ne le sa tsebe hore motho ea kang ’na a ka hlalosa ka botsebi lipontšo tsa se tlang?” (Genese 44:15) Kamoo ho bonahalang kateng, senoelo seo e ne e le leqheka feela. ’Nete ke hore Josefa o ne a sa hlalose lipontšo tsa se tlang ka senoelo seo, feela joalokaha e ne e le ’nete hore Benjamine o ne a sa se utsoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha e hlalosa mokhoa ona oa boholo-holo, The Holy Bible, With an Explanatory and Critical Commentary, e hlophisitsoeng ke F. C. Cook, ea hlalosa: “Sena se ne se etsoa ka hore motho a lahlele khauta, silevera, kapa mahakoe ka har’a metsi, ebe oa a hlahloba; kapa ka ho sheba ka har’a metsi joalokaha motho a icheba seiponeng.” Christopher Wordsworth, e leng mohlalosi oa Bibele o re: “Ka linako tse ling senoelo se ne se tlatsoa metsi, ’me karabo e ne e fanoa ka setšoantšo se neng se hlahisoa ke letsatsi ka har’a metsi a ka senoelong.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela