Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/1 leq. 32
  • Na U Tšoana le Sefate sa Lagani Auna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tšoana le Sefate sa Lagani Auna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/1 leq. 32

Na U Tšoana le Sefate sa Lagani Auna?

MOTSANENG o mong ka ntle ho Port Moresby, Papua New Guinea, basebeletsi ba babeli ba ne ba khutlela hae ba tsoa mosebetsing oa boboleli. Ha ba ntse ba tsamaea, ba ile ba bona sefate se setle. Monna ea hōlileng o ile a re: “Bonang!, ke lagani auna!” Ha a retelehela ho mohlankana eo a tsamaeang le eena, o ile a tsoela pele a re: “Lebitso leo le bolela ‘sefate sa selemo le selemo.’ Ho fapana le lifate tse ling tse ngata tse melang linaheng tse chesang tse mongobo, makhasi a sefate sena a hlohloreha selemo le selemo ’me se shebahala eka se shoele. Leha ho le joalo, ha lipula li na, se phela hape ’me se hlahisa botle ba sona.”

Ho na le seo re ka ithutang sona sefateng sena se bitsoang lagani auna kapa sefate se hlahisang lipalesa tse ntlehali. Ho latela litsebi tse ling, ke se seng sa lifate tse hlano tse hlahisang lipalesa tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng. Le hoja makhasi a sona le lipalesa tsa sona li hlohloreha ha pula e sa ne, sefate sena se boloka metsi a itseng. Metso ea sona e tiile ebile e khona ho mela ho potoloha majoe a ka tlaase-tlaase mobung. Ka lebaka leo, se itšireletsa lifefong tse matla. Ka bokhutšoanyane, se khona ho tsoela pele se phela ka ho feto-fetoha le maemo a thata.

Re ka ’na ra iphumana re le maemong a lekang boleng ba tumelo ea rōna. Ke eng e tla re thusa ho mamella? Joaloka sefate sa lagani auna, re ka monya le ho boloka metsi a fanang ka bophelo a Lentsoe la Molimo. Hape re lokela ho khomarela ka tieo ‘lefika la rōna,’ e leng Jehova, hammoho le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. (2 Samuele 22:3) Ka sebele, sefate sa lagani auna ke khopotso e ntle ea hore esita le maemong a thata, re ka lula re le matla ebile re le batle moeeng haeba re sebelisa hamolemo thuso eohle eo Jehova a fanang ka eona. Haeba re etsa joalo, re tla ‘rua litšepiso’ tseo a li entseng, tse akarelletsang tšepiso ea bophelo bo sa feleng.—Baheberu 6:12; Tšenolo 21:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela