Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/15 maq. 8-12
  • Metse e Qalikaneng ea Bolivia e Utloa Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metse e Qalikaneng ea Bolivia e Utloa Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Ho Tela Bophelo ba Boiketlo ba Metseng e Meholo
  • Leeto la ho Nyolosa le Nōka
  • Na Batho ba Thabelang ba Tla Tla?
  • Bothata ba ho Tiisa Manyalo
  • Ho Matlafatsoa ke Moea oa Jehova
  • Lehlena le Bechang Lea Mamela
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/15 maq. 8-12

Metse e Qalikaneng ea Bolivia e Utloa Litaba Tse Molemo

RE BOKANE pel’a nōka re le batho ba ka bang 20 ka palo, ka cheseho re letetse leeto la letsatsi la ho ea le metsana e ho nyolosa le nōka. Re mosikong oa Lithaba Tsa Andes, motsitseng oo ho oona nōka ea Beni e kenang nōkeng ea Amazon. Ke sebaka se botle bo tsotoang.

Leha ho le joalo, rōna ha re bahahlauli. Ba bang ba rōna ke baahi ba hona mona; ba bang ba tsoa metseng e meholo e hōle ’me ba falletse motsaneng o motle oa Rurrenabaque o nang le lifate tsa lithunthung, matlo a ruletsoeng ka joang le literata tse khutsitseng tseo ka seoelo li tšoenngoang feela ke lerata la tekesi ea sethuthuthu. Ebe ke hobane’ng ha re nka leeto lee?

Se etsahalang mona ke mohlala oa sebele oa se etsahalang likarolong tse ling tse ngata tsa Bolivia. Lipaki Tsa Jehova tse tsoang metseng e meholo le linaheng tse ling li isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo metsaneng.—Matheu 24:14.

Bolivia e bohareng ba Amerika Boroa. Naha ena e feta ea Fora ka makhetlo a mabeli empa baahi ba eona ba ka ba ka tlaase ho ba Fora ka liphesente tse 10. Baahi ba bangata ba Bolivia ba lula metseng e meholo kapa metseng ea merafo e libakeng tse phahameng haholo kapa e liphuleng tseo ho lengoang ho tsona. Leha ho le joalo, libakeng tsa mabalane tse chesang le tse mongobo, metse e arohantsoe ke meru e meholo.

Lilemong tsa bo-1950 le bo-1960, baromuoa ba sebete, ba kang Betty Jackson, Elsie Meynberg, Pamela Mosely le Charlotte Tomaschafsky, ba ile ba qalisa mosebetsi pele metseng e mengata ea libaka tse ka thōko. Ba ile ba ruta batho ba tšepahalang ’nete ea Bibele ba ba ba thusa hore ho thehoe liphutheho tse nyenyane. Lilemong tsa bo-1980 le bo-1990, palo ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea eketseha ka makhetlo a tšeletseng, haholo-holo metseng e meholo. Hona joale ho na le liphutheho likarolong tsohle tsa metse e meholo. U ka li fumana libakeng tse tsoetseng pele tsa metse e meholo, moo batho ba sebetsang mehahong e metelele ea liofisi, moo ba lulang matlong a maholohali le moo ba rekang lisuphamaketeng. Empa ho boetse ho na le liphutheho libakeng tse ka thōko tseo ho tsona batho ba lulang matlong a mobu, ba rekang moo ho rekisetsoang ka ntle le moo ba aparang liaparo tse mebala-bala tsa sebakeng sena. Leha ho le joalo, ebe ho ka etsoa’ng ho thusa batho ba bangata ba libakeng tsee tse ka thōko hore ba tsebe Jehova?

Ho Tela Bophelo ba Boiketlo ba Metseng e Meholo

Lilemong tse fetileng tse 20, batho ba bangata ba faletse metseng ea merafo le metseng ea mahaeng ea Bolivia ba ea metseng e meholo. Ha hoa tloaeleha hore batho ba tlohe metseng e meholo ba ee metsaneng. Metsana e mengata e na le thelefono e le ’ngoe feela ’me e fumana motlakase ka lihora tse seng kae feela ka letsatsi. Lipaki tse lulang metsaneng ena li ka ’na tsa bona balumeli-’moho le tsona likopanong tsa selemo le selemo feela, ’me ho ea likopanong tsena ho ka hloka chelete e ngata, ha e-ba kotsi kapa ea e-ba leeto le noang motho matla. Likolo tsa metsaneng ena li fana ka thuto ea motheo feela. Ebe ke eng e susumelletsang Lipaki Tsa Jehova hore li tlohe metseng e meholo ebe li fallela metsaneng ee?

Hase khale ha Luis a ne a re: “Ke bile le monyetla oa ho ithuta mosebetsi motseng o moholo oa La Paz. Empa ntho e khōlō eo batsoali ba ka ba neng ba nthuta eona kamehla e ne e le hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa ke oa bohlokoahali. Kahoo, ka nako e khutšoanyane ke ile ka ithutela ho haha. Nakong ea phomolo ha ke ne ke le Rurrenabaque, ke ile ka hlokomela hore batho ba thabela ho mamela litaba tse molemo. Eitse ha ke hlokomela hore barab’abo rōna ha ba bangata moo, ke ile ka ikutloa hore ke tlameha ho tla thusa. Hona joale ke khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 12. Ka mohlala, ke ithuta le monna e mong le mosali ba sa leng bacha ba nang le bana ba bane. Monna enoa e ne e le setlhotlelo a bile a becha, empa o lahlile mekhoa ena eohle ’me o qalisitse ho bolella metsoalle ea hae seo a ithutang sona ka Jehova. Kamehla o lokisetsa thuto ea hae. Haeba a tla ba sieo ka matsatsi a mararo kapa a mane a il’o rema lifate morung, o utloa bohloko hobane ha a batle ho fosoa ke mosebetsi leha e le ofe oa Bokreste. Ha ke ba bona kaofela libokeng tsa Bokreste, ke nahana hore ho tla ha ka mona e ne e se tšenyo ea nako.”

Juana ke motsoali ea se nang molekane. O re: “Ke ne ke sebetsa malapeng a batho La Paz. Ha mora oa ka a sa ntse a le monyenyane, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng motseng oo o moholo. Ha ke ne ke etetse Rurrenabaque, ke ile ka bona hore na nka etsa ho hongata hakaakang ha nka fallela teng. Kahoo, re ile ra tla, eaba ke fumana mosebetsi lelapeng la motho e mong. Qalong, ho ne ho le thata ho mamella mocheso le likokoanyana. Empa ke selemo sa bosupa re le mona. Ke khona ho khanna lithuto tsa Bibele tse ngata beke le beke, ’me liithuti tsa ka tse ngata li bontša kananelo ka ho ea libokeng.” Juana le mora oa hae ba har’a ba palameng seketsoana ho ea metseng e ho nyolosa le nōka. Le uena rea u mema hore u tsamaee le rōna.

Leeto la ho Nyolosa le Nōka

Enjene e luma haholo ha re e-ea re lebile lekhalong. Sehlopha sa lipapakhaie sea tlatlarietsa, e le ha se bontša hore ha se thabele boteng ba rōna moo. Metsi a nōka a tletseng mobu a theohang lithabeng a loebehlana ka bohale ka mathōko ha mosesisi oa seketsoana a ntse a se tsoelipanya ka bohlale ho ea holimo. Motšehare re theoha motsaneng o mong. Re kopana le molebeli e mong oa Phutheho ea Rurrenabaque, ’me o re bontša hore na re ka sebetsa tšimo hokae.

Batho ba motse oo ba re amohela ka mofuthu, ba re amohella tlas’a meriti ea lifate kapa ka har’a matlo a lehlaka, a ruletsoeng ka makhapetla a sefate sa palema. Kapele feela re fihla ho banyalani ba bacha lilemong ba ntseng ba tlhotla lero lehlakeng la tsoekere sehatelong sa lehong sa moo. Lero leo le tšolohela ka sekotlolong sa koporo. Hamorao, ba tla belisa lero leo ho fihlela e e-ba nyoponyopo e ntšo e ka rekisoang toropong. Ba re re kene ka tlung ’me ba botsa lipotso tse ngata tsa Bibele.

Re nyolosa le nōka re ntse re bolela litaba tse molemo ka motsana le motsana. Ba bangata ba thabela ho utloa seo Bibele e se buang ha e re ho kula le lefu li tla felisoa. (Esaia 25:8; 33:24) Libakeng tsena tseo tlhokomelo ea meriana e haellang ho tsona, malapa a mangata a tseba bohloko ba ho shoeloa ke ngoana. Lihoai tse nyenyane li phela ka thata ebile ha lia sireletseha. Kahoo, batho ba bangata ba thabisoa haholo ke tšepiso ea Molimo e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 72 e buang ka puso e tla felisa bofuma. Leha ho le joalo, na u nahana hore batho ba thahasellang ba phelang libakeng tse qalikaneng tjee ba ka etsa boiteko ba ho ea libokeng tsa Bokreste? Taba ena e ile ea tšoenya Eric le Vicky, bao e leng basebeletsi ba nako e tletseng Santa Rosa, e bohōle ba leeto la lihora tse tharo ho elella nōkeng ea Amazon.

Na Batho ba Thabelang ba Tla Tla?

Eric le Vicky ba tlile Bolivia ba tsoa California, U.S.A., lilemong tse fetileng tse 12. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a khothalletsa hore ba ee Santa Rosa. Vicky o re: “Ho na le lithelefono tse peli feela motseng ’me ha ho na Inthanete. Liphoofolo tsa naha li ngata haholo. Khafetsa re bona likoena, limpshe le linoha tse khōlō ha re etetse libakeng tse thōko ka lithuthuthu tsa rōna. Leha ho le joalo, re thabela batho haholo ho feta liphoofolo. Re ithuta Bibele le ba ha Vaca, e leng banyalani ba sa leng bacha ba nang le bana ba bane. Ba lula hōle le toropo ka lik’hilomithara tse 26. Monna e ne e le letahoa, empa o fetohile hona joale. Beke le beke, o tla Holong ea ’Muso le lelapa lohle la hae le khaitseli’e e monyenyane ho eena. O palamisa mosali oa hae le ngoana e monyenyane nthong e tšelang thoto baesekeleng ea hae e khōlō. Ngoana ea lilemo li robong o palama le e monyenyane ho eena baesekeleng e ’ngoe, ’me ea lilemo li robeli o soaela ea hae a le mong. Ba nka lihora tse tharo ho ea libokeng.” Lelapa lena le rata Jehova e le kannete ’me le iteka kahohle hore le kopanele le phutheho.

Ka likhoeli tse 18 feela, batho ba 3 ba ile ba tšoaneleha hore ba kolobetsoe, ’me ba ka bang 25 ba tla Holong ea ’Muso ea Santa Rosa. Le hoja batho ba bangata ba batla ho ithuta Bibele, ba bangata ba sitisoa ke lintho tse khōlō tseo ba lokelang ho li tlosa tseleng e le hore ba sebeletse Jehova.

Bothata ba ho Tiisa Manyalo

Marina le Osni, ke baromuoa motseng o mong o ka thōko o haufi le moeli oa Bolivia le Brazil, ba hlalosa hore batho ba bangata ba moo ha ba bone ho hlokahala hore lenyalo e be tlamo ea ka ho sa feleng. Ba lula le enoa ba lule le eane. Osni o re: “Ke bothata bo ba sitisang ho tsoela pele moeeng. Ha batho ba batla ho ba Bakreste ba ’nete, ke mosebetsi o rarahaneng le o hlokang chelete e ngata. Ba bang ba tlameha ho rarolla mathata le batho ba bang bao ba neng ba lula le bona pele ebe hona ba ka tiisang lenyalo. Leha ho le joalo, ba bang baa hlokomela hore Mangolo a hloka hore lenyalo le tiisoe, ’me ba sebelitse ka thata haholo hore ba fumane chelete e hlokahalang hore ba tiise lenyalo.”—Baroma 13:1, 2; Baheberu 13:4.

Marina o pheta se ileng sa hlahela Norberto. “O ile a lula le basali ba bangata pele a lula le mosali ea neng a e-na le khoebo ea lebaka. Mosali enoa o ne a le monyenyane ho eena ka lilemo tse ka bang 35 a bile a e-na le mora eo Norberto a ileng a mo nkella le eena. Ha moshemane enoa a ntse a hōla, Norberto o ne a batla ho mo behela mohlala o motle. Kahoo, eitse ha Paki e ’ngoe e tla lebakeng, ’me e bolela hore e ruta batho Bibele mahala, Norberto o ile a lumela thuto, le hoja a ne a sa tsebe ho bala a bile a e-na le lilemo tse fetang tse 70. Ha Norberto le molekane oa hae ba ithuta lintho tseo Jehova a li hlokang, ba ile ba tiisa lenyalo eaba baa kolobetsoa ka mor’a moo. Moshemane enoa ke mocha ea itšoereng hantle oa Mokreste—e leng sona seo ntat’ae a neng a tšepile hore o tla se etsa. Norberto o ile a ithuta ho bala, ’me o se a bile a fane ka lipuo libokeng tsa phutheho. Ho sa tsotellehe bofokoli ba hae ka lebaka la ho hōla, ke ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo.”

Ho Matlafatsoa ke Moea oa Jehova

Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba pele: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ka sebele ho khothatsa haholo ho bona moea oa Molimo o susumetsa banna le basali ba Bakreste hore ba fallele libakeng tse hōle! Ka mohlala, ka 2004 Bakreste ba bang ba chesehang ba 30 ba ile ba amohela likabelo tsa nakoana tsa ho ea libakeng tse ka thōko e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ba leboha mohlala oa batho ba linaha tse ling ba ka bang 180 ba tlileng Bolivia ho tla ba bo-pula-maliboho, balebeli ba potoloho, baithaopi ba Bethele, kapa baromuoa. Bahoeletsi ba ’Muso ba Bolivia ba 17 000 ba khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 22 000 malapeng a batho ba thabelang litaba tse molemo.

Bara bana babo rōna kaofela ba thaba haholo ha ba hlokomela hore ba tataisoa ke moea oa Jehova. Ka mohlala, Robert le Kathy ba ile ba amohela kabelo ea boromuoa Camiri. Camiri e lutse maralleng a matalana a haufi le nōka, ’me haesale e le motse o ituletseng o le mong. Robert o re: “Ho bonahala eka re tlile ka nako e loketseng. Ka mor’a lilemo tse peli feela, batho ba ka bang 40 e bile bahoeletsi ba litaba tse molemo.”

Lehlena le Bechang Lea Mamela

Batho ba bangata ba metse ena ba khahloa ke liphetoho tse etsoang ke batho ba ithutang Bibele. Ka mohlala, ka letsatsi le leng hoo e ka bang lilemong tse ’nè tse fetileng, monna e mong oa lehlena ea bitsoang Ariel o ne a robalitsoe ke babalase. Le hoja a ne a tumme ka ho becha, o ne a touta ka likoloto tse ntseng li eketseha, lenyalo le nang le likhathatso le barali bao a ba hlokomolohileng. E mong oa Lipaki Tsa Jehova ea neng a ntse a tsamaea ka ntlo le ntlo o ile a mo fumana a ntse a touta. Ariel o ile a mamela ka hloko ha mor’abo rōna a ntse a hlalosa Mangolo. Nakoana ka mor’a moo, Ariel o ne a le liphateng hape a bala ka bophelo bo monate ba lelapa, ka Paradeise le ka ho sebeletsa Molimo. Hamorao o ile a lumela ho ithuta Bibele.

Ha baromuoa ba fihla Camiri, mosali oa Ariel, e leng Arminda, le eena o ne a ithuta Bibele—empa e se ka cheseho. O ile a re: “Ke tla leka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore a tlohele ho noa. Empa kea ipotsa hore na ho tla mo tsoela molemo. Ke koko la puleng.” Leha ho le joalo, Arminda o ile a thabela thuto ea Bibele haholo ho feta kamoo a neng a nahana kateng. Pele selemo se fela, o ile a kolobetsoa ’me o ne a pakela le lelapa labo. Kapele feela, beng ka eena ba bangata ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova.

E ile ea e-ba ntoa hore Ariel a tlohele ho noa, ho tsuba le ho becha. Maemo a ile a fetoha ha a ne a memile metsoalle eohle ea hae hore e tle Sehopotsong sa lefu la Jesu. O ne a entse qeto ena: “Ba sa tl’o tla, ke tla khaohana le bona. Ke tla ithuta Bibele le ba tla tla.” O ile a qala lithuto tsa Bibele tse tharo ka tsela eo. Esita le pele Ariel e e-ba setho sa phutheho, o ile a ithuta Bibele le mong ka eena ea ileng a tsoela pele a ba a kolobetsoa ka letsatsi le le leng le Ariel. Arminda o re: “Ekare ke bona Ariel e mong e mocha.”

Robert o re: “Ha ke qetella ho bala, batho ba 24 ba lelapa lena ba ne ba e-ba teng libokeng kamehla. Ba leshome ba kolobelitsoe, ’me ba robeli ke bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ba bang ba ileng ba bona boitšoaro ba bona bo fetohileng, le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ba tla libokeng tsa phutheho. Ba bang teng ba eketsehile ho tloha ho ba 100 ho isa ho ba 190. ’Na le Kathy re khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 30, ’me li ba teng libokeng tsohle. Rea thaba hore ebe re sebakeng sena.”

Se etsahalang metseng e thōko ea Bolivia ke karolo e nyenyane feela ea mosebetsi oa ho bokella o etsoang lefatšeng lohle o ileng oa boleloa esale pele ho Tšenolo khaolo ea 7, e buang ka mosebetsi oa ho bokella batho ba tla pholoha matšoenyeho a maholo o neng o tla etsoa “letsatsing la Morena.” (Tšenolo 1:10; 7:9-14) Pele ho mona, ha ho mohla batho ba baloang ka limilione ba lichaba tsohle, ba kileng ba kopana borapeling ba Molimo a le mong feela oa ’nete joaloka hona joale. Ke bopaki bo hlollang hakaakang ba hore litšepiso tsa Molimo li haufi le ho phethahala!

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Betty Jackson

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Elsie Meynberg

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Pamela Mosely

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Charlotte Tomaschafsky, qetellong ka letsohong le letona

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Eric le Vicky ba ile ba tla sebetsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Beke le beke lelapa la Vaca le tsamaea lihora tse tharo ka libaesekele ho ea Holong ea ’Muso

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Baahi ba motse o mong o haufi le nōka ea Beni ba mametse litaba tse molemo ka hloko

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Robert le Kathy ke baromuoa Camiri

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela