Jehova o Hlokomela Baikokobetsi
BOIKOKOBETSO ke ba bohlokoa haholo mahlong a Jehova. Le hoja Molimo a sa kolote batho ntho leha e le efe, ka mosa oa hae o sa tšoanelang o itokiselitse ho bontša mosa le mohau ho ba ikokobetsang ka pel’a hae. Ba joalo ba bontša hore ha ba itšepe ka bobona kapa ho ithorisa empa ba talima ho eena ebile ba batla ho etsa thato ea hae. Joalokaha Jakobo, mongoli ea bululetsoeng oa Mokreste a bolela: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.”—Jakobo 4:6.
Esita le motho eo pele a neng a etsa lintho tse mpe haholo, a ka ikokobetsa ka pel’a Jehova, a mo kōpa ka tieo hore a mo hauhele, ’me o tla mo utloa. Ka mohlala, Morena Manase o ile a khelosa baahi ba Juda le Jerusalema hore “ba etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.” Empa ka mor’a hore Jehova a lumelle hore morena oa Assyria a mo ise kholehong, Manase o ile a “’na a ikokobetsa haholo ka lebaka la Molimo oa baholo-holo ba hae. A ’na a Mo rapela, hoo A ileng a itumella hore a kōptjoe ka tieo ke eena ’me A utloa kōpo ea hae ea mohau eaba o mo busetsa Jerusalema boreneng ba hae; Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.” Ka tsela eo Manase o ile a ithuta boikokobetso.—2 Likronike 33:9, 12, 13.
Melemo ea Boikokobetso
Motho ea ikokobetsang ka pel’a Molimo a ka lebella hore Molimo a mo tataise. Ha moprofeta Daniele a ne a le kholehong Babylona, o ile a hauheloa haholo ha lengeloi le ne le hlaha ho eena ka pono e tsoang ho Molimo, hobane Daniele o ne a ile a ikokobetsa ka pel’a Molimo ha a ne a batla tataiso le kutloisiso.—Daniele 10:12.
Ka lehlakoreng le leng, motho ea ikhohomosang ea ipatlelang thoriso a ke ke a atleha, joalokaha ho sa ka ha atleha Morena Uzia oa Juda, ea ileng a iketelletsa pele eaba o iketsetsa mesebetsi ea boprista ka ntle ho molao: “Hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa ho fihlela boemong ba ho baka tšenyo, hoo a ileng a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano holim’a aletare ea libano.” Eitse ha a halefela baprista ha ba mo khalemela, o ile a otloa ka lepera.—2 Likronike 26:16-21.
Boikokobetso bo ka thusa motho haholo ha a talimane le mahlomola. Ha motho a hlaheloa ke tlokotsi, boikokobetso bo mo thusa hore a mamelle ’me a tsoele pele ho sebeletsa Molimo. Morena Davida o ile a feta litlokotsing tse ngata. Morena Saule o ile a mo tsoma joaloka motlōli oa molao. Empa ha ho mohla a ileng a tletleba ka Molimo kapa a iphahamisetsa motlotsuoa oa Jehova. (1 Samuele 26:9, 11, 23) Ha Davida a ne a siteloa Jehova tabeng ea Bathe-sheba, ’me Nathane, moprofeta oa Molimo, a mo khalemela ka matla, o ile a ikokobetsa ka pel’a Molimo.—2 Samuele 12:9-23.
Tšobotsi ea Bomolimo
Jehova Molimo ka boeena o bontša boikokobetso ka hore a bonahatse mohau le kutloelo-bohloko e khōlō ho baetsalibe ba ikokobelitseng. Hore ebe o sebetsana le baetsalibe ka bohona le hore ebe o fane ka Mor’a hae e le sehlabelo bakeng sa libe tsa batho, ke pontšo ea hore oa ikokobetsa. Ka mosa oa hae o sa tšoanelang, o ile a hauhela bana ba Adama, a ba fa monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng.—Baroma 8:20, 21.
Morena Davida o ile a bona tšobotsi ena ea Molimo a ba a e ananela. Ka mor’a hore Jehova a mo lopolle matsohong a lira tsohle tsa hae, o ile a bina a re: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Samuele 22:36) Le hoja Jehova a lutse ka tlhompho e khōlō sebakeng se phahameng ka ho fetisisa maholimong a holimo-limo, ho ka boleloa sena ka eena: “Ke mang ea tšoanang le Jehova Molimo oa rōna, ea lulang sebakeng se phahameng? O itheola boemong hore a talime leholimong le lefatšeng, o phahamisa ea tlaase lerōleng; o phahamisa ea futsanehileng sekoting sa molora, ho mo lulisa le bahlomphehi, le bahlomphehi ba sechaba sa hae.”—Pesaleme ea 113:5-8.
Boikokobetso ba Jesu Kreste
Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, o ile a beha mohlala o motle ka ho fetisisa oa mohlanka ea ikokobelitseng oa Molimo. Mantsiboeeng ao a shoeleng ka ’ona, Jesu o ile a itlama ka thaole eaba o hlatsoa maoto a e mong le e mong oa baapostola ba hae ba 12 a ba aa phumola, e leng tšebeletso eo ka tloaelo e neng e etsoa ke bahlanka le makhoba. (Johanne 13:2-5, 12-17) O ne a ile a re ho barutuoa ba hae: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.” (Matheu 23:12) Moapostola Petrose, ea neng a le teng bosiung boo, o ile a hopola mohlala oa Jesu o motle ’me hamorao a eletsa balumeli-’moho le eena a re: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong . . . Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng.”—1 Petrose 5:5, 6.
Moapostola Pauluse o khothalletsa Bakreste hore ba be le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba Jesu Kreste; o bua ka boemo bo phahameng boo Mor’a Molimo a neng a le ho bona maholimong ha a ne a e-na le Ntate oa hae Jehova, pele e e-ba motho oa nama, le ha a ne a itheola boemong ka ho feletseng, a nka sebōpeho sa lekhoba, ’me e e-ba ea tšoanang le batho. Pauluse o phaella ka ho re: “Ho feta moo, ha [Jesu] a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.” Mantsoe a Jesu ka boeena mabapi le moputso oo motho a o fumanang ka lebaka la boikokobetso a bonahala ka tsela e matla tabeng ea hae, joalokaha moapostola a tsoela pele ho re: “Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.”—Bafilipi 2:5-11.
Ntho e ikhethang le ho feta ke hore esita le hoja a le boemong bo phahameng hakaalo, ha Kreste a sebelisa ‘matla ’ohle leholimong le lefatšeng’ e le hore a phethahatse thato ea Molimo mabapi le lefatše, o tla ’ne a be le boikokobetso bona boo bofelong ba Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete. (Matheu 28:18; 6:10) Kahoo, Mangolo aa re bolella a re: “Ha lintho tsohle li tla be li behiloe tlas’a hae, joale Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”—1 Bakorinthe 15:28.
Bakreste ba Lokela ho Hlaolela Boikokobetso
Ha moapostola Pauluse a ne a eletsa Bakreste-’moho le eena hore ba apare botho “bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng,” o re: “Ka lebaka leo, joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:10, 12) Hape o ipiletsa ka ho re: “Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona; le se ke la nahana ka lintho tse phahameng, empa le tsamaisane le lintho tse tlaase. Le se ke la ba masene mahlong a lōna.”—Baroma 12:16.
Boikokobetso bo hlahisa khotso. Motho ea ikokobelitseng ha a loantše barab’abo ba Bakreste e le hore a fumane seo a nahanang hore ke “litokelo” tsa hae. Moapostola o ile a beha lebaka la hore le hoja a ne a lokolohile hore a etse lintho tsohle, o ne a tla etsa feela lintho tse hahang, ’me haeba liketso tsa hae li tšoenya letsoalo la mora e mong oabo, o ne a ke ke a etsa lintho tseo.—Baroma 14:19-21.
Hape ho hlokahala boikokobetso hore re boloke khotso ka ho sebelisa keletso ea Jesu ea hore re tšoarele ba bang ha ba re sitetsoe. (Matheu 6:12-15) Ha motho a siteloa e mong, boikokobetso ba hae bo behoa tekong hore a mamele taelo ea hore a ee ho motho eo, a lumele hore o molato ’me a kōpe tšoarelo. (Matheu 5:23, 24) Kapa ha motho ea khopisitsoeng a e-tla ho eena, ke lerato feela le tsamaeang le boikokobetso le tla susumetsa motho hore a lumele hore o molato ’me ka potlako a nke bohato ba ho lokisa litaba. (Matheu 18:15) Empa khotso eo motho a bang le eona le e bang teng mokhatlong o hlophisitsoeng ka lebaka la boikokobetso bo joalo ke ea bohlokoa ho feta ho ikutloa eka motho o tlotlolotsoe; hape ketso ea hae e bontšang hore o ikokobelitse e boetse e hōlisa le ho matlafatsa tšobotsi e ntle ea boikokobetso eo motho a nang le eona.
Boikokobetso bo tla thusa Mokreste hore a khotsofalle lintho tseo a nang le tsona, ’me bo tla mo thusa hore a lule a thabile ebile e le motho ea tsitsitseng. Batho ba ikokobelitseng ba ka thaba, esita le hoja ba ’nile ba nyahamisoa le ho tšoaroa hampe ke batho ba ikhohomosang le ba ikakasang. Ba ka tšelisoa ke mantsoe ana: “Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.