“Le Utloile ka Mamello ea Jobo”
“Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.”—JAKOBO 5:11.
1, 2. Ke teko efe eo banyalani ba bang ba Poland ba ileng ba tobana le eona?
HARALD ABT e ne e bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka nako e ka tlaase ho selemo ha sesole sa Hitler se ne se hapa Danzig (eo hona joale e bitsoang Gdańsk) ka leboea ho Poland. Ka nako eo, maemo a ile a thatafalla Bakreste ba ’nete sebakeng seo, ha e le hantle a ile a ba kotsi. Mapolesa a Gestapo a ile a leka ho qobella Harald hore a saene tokomane e bontšang hore o latola tumelo ea hae, empa o ile a hana. Ka mor’a libeke li se kae a le chankaneng, Harald o ile a isoa kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen, moo a neng a tšosoa a bile a otloa khafetsa. Ofisiri e ’ngoe e ile ea supa chomela ea mohaho oo ho chesetsoang litopo ho oona eaba e re ho Harald, “U tla nyolohela ho Jehova eo oa hao pele matsatsi a 14 a fela haeba u ntse u khomaretse tumelo ea hao.”
2 Ha Harald a tšoaroa, mosali oa hae, Elsa, o ne a ntse a anyesa lesea la bona la ngoanana le nang le likhoeli tse leshome. Empa mapolesa a Gestapo a ne a ntse a shebile Elsa. Ka mor’a nakoana, Elsa o ile a amohuoa lesea la hae, eaba o isoa Auschwitz, e leng kampo eo batlōli ba molao ba neng ba bolaeloa ho eona. Leha ho le joalo, o ile a khona ho mamella ka lilemo-lemo, joalokaha Harald le eena a ile a mamella. U ka bala ho eketsehileng mabapi le kamoo ba ileng ba mamella kateng Molula-Qhooeng oa October 15, 1980. Harald o ile a ngola a re: “Ka kakaretso, ke qetile lilemo tse 14 tsa bophelo ba ka likampong tsa mahloriso le lichankaneng ka lebaka la tumelo ea ka ho Molimo. Ke ’nile ka botsoa: ‘Na mosali oa hao o ne a u thusa ho mamella see sohle?’ O entse joalo ka sebele! Ke tsebile ho tloha qalehong hore a ke ke a sekisetsa tumelo ea hae, ’me tumelo ena ea thusa ho ’matlafatsa. Ka tseba hore a ka mpa a mpona ke rapaletse ke shoele ho e-na le hore ebe ke sekiselitse. . . . Elsa o mamelletse mathata a mangata lilemong tseo a bileng likampong tsa mahloriso tsa Majeremane.”
3, 4. (a) Ke mehlala ea bo-mang e ka khothatsang Bakreste hore ba mamelle? (b) Ke hobane’ng ha Bibele e re khothalletsa ho hlahloba phihlelo ea Jobo?
3 Ka sebele ho utloisoa bohloko ke bobe ha ho bonolo, ’me Lipaki tse ngata li ka paka sena. Ka lebaka lena, Bibele e eletsa Bakreste kaofela tjena: “Nkang baprofeta ba ileng ba bua ka lebitso la Jehova e le mohlala oa ho utloisoa bohloko ke bobe le ho se fele pelo.” (Jakobo 5:10) Ka makholo a lilemo, bahlanka ba bangata ba Molimo ba ile ba hlorisoa ntle ho lebaka. Mehlala e behiloeng ke ‘leru lena le leholo la lipaki’ e ka re khothatsa hore re ’ne re mathe ka mamello peisong ea rōna ea Bokreste.—Baheberu 11:32-38; 12:1.
4 Ka Bibeleng, Jobo ke mohlala o hlahelletseng oa mamello. Jakobo o ile a ngola a re: “Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) Phihlelo ea Jobo e re fa leseli le itseng mabapi le moputso o letetseng batho ba tšepahalang, bao Jehova a ba hlohonolofatsang. Habohlokoa le ho feta, e senola linnete tse tla re ruisa molemo linakong tsa tlokotsi. Buka ea Jobo e re thusa ho araba lipotso tse latelang: Ha re le tekong, ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho utloisisa se hlileng se tsekoang? Ke litšobotsi le maikutlo afe a re thusang ho mamella? Re ka matlafatsa joang Bakreste-’moho le rōna ba leng mahlomoleng?
Ho Utloisisa se Hlileng se Tsekoang
5. Ke tseko efe ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola ha re tobane le liteko?
5 E le hore re lule re tsitsitse moeeng ha re tobane le tlokotsi, re lokela ho utloisisa se hlileng se tsekoang. Ho seng joalo, mathata a rōna a ka ’na a fifatsa pono ea rōna ea moea. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke tseko ea ho tšepahala ho Molimo. Ntate oa rōna oa leholimo o etsa boipiletso boo re lokelang ho bo nka ka botebo re le motho ka mong: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.” (Liproverbia 27:11) Eo ke tlotla e ikhethang hakaakang! Ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna le ho se phethahale, re ka thabisa ’Mōpi oa rōna. Re etsa sena ha lerato la rōna ho Jehova le re thusa ho mamella liteko. Lerato la ’nete la Bokreste le mamella lintho tsohle. Ha le fele le ka mohla.—1 Bakorinthe 13:7, 8.
6. Satane o qosa Jehova joang, hona liqoso tseo li akaretsa bo-mang?
6 Buka ea Jobo e bontša ka ho hlaka hore Satane ke eena ea qosang Jehova. E boetse e bontša kamoo sera sena se sa bonahaleng se leng khopo kateng le takatso ea sona ea ho senya kamano ea rōna le Molimo. Joalokaha mohlala oa Jobo o bontša, ha e le hantle Satane o qosa bahlanka bohle ba Jehova ka hore ba etsa lintho ka sepheo sa boithati ’me o batla ho bontša hore lerato la bona ho Molimo le ka tapa. O ’nile a qosa Molimo ka lilemo tse likete. Ha Satane a ne a lelekoa leholimong, lentsoe le tsoang leholimong le ile la mo hlalosa e le “moqosi oa barab’abo rōna” eaba le re o ba qosa “bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna.” (Tšenolo 12:10) Haeba re mamella ka botšepehi, re ka bontša hore liqoso tsa hae ke tsa bohata.
7. Tsela e molemohali ea ho loantša bofokoli ba nama ke efe?
7 Re lokela ho hopola hore Diabolose o tla sebelisa bothata leha e le bofe boo re tobanang le bona e le hore a leke ho re arohanya le Jehova. O ile a leka Jesu neng? E ne e le ha Jesu a ne a lapile ka mor’a ho itima lijo ka matsatsi a mangata. (Luka 4:1-3) Leha ho le joalo, ho ba matla ha Jesu moeeng ho ile ha mo thusa hore a hanele liteko tsa Diabolose a tiile. Ka sebele ke habohlokoa haholo hore re loantše bofokoli leha e le bofe ba nama—boo mohlomong bo bakoang ke ho kula kapa botsofali—ka hore re be matla moeeng! Le hoja “motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha,” ha re tele hobane “motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi.”—2 Bakorinthe 4:16.
8. (a) Maikutlo a tepeletsang a ka re lematsa joang? (b) Jesu o ne a e-na le boikutlo bofe?
8 Ho phaella moo, maikutlo a tepeletsang a ka fokolisa motho moeeng. Motho a ka ’na a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a lumella boemo boo?’ E mong a ka ’na a ipotsa potso e latelang ka mor’a ho tšoaroa hampe: ‘Ke hobane’ng ha mor’abo rōna a nketsa tjee?’ Maikutlo ana a ka ’na a etsa hore re hlokomolohe se hlileng se tsekoang ebe re ameha feela ka maemo a rōna. Ho bonahala eka pherekano eo Jobo a ileng a e bakeloa ke metsoalle ea hae e meraro e khelohileng e ile ea mo lematsa haholo maikutlong ka tsela e tšoanang le eo ho kula ha hae ho ileng ha mo lematsa ka eona ’meleng. (Jobo 16:20; 19:2) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a bontša hore ho halefela ruri ho ka etsa hore re ‘lumelle Diabolose sebaka [kapa, monyetla].’ (Baefese 4:26, 27) Ho e-na le ho ntšetsa malokobe ho batho ba bang kapa ho nahana haholo ka boemo bo itseng boo ho bileng le ho hloka toka ho bona, Bakreste ba tla rua molemo haholo ka ho etsisa Jesu ka hore ba ‘ipehe ho ea ahlolang ka ho loka,’ e leng Jehova Molimo. (1 Petrose 2:21-23) Ho ba le ‘boikutlo ba kelello’ ba Jesu ho ka re sireletsa haholo litlhaselong tsa Satane.—1 Petrose 4:1.
9. Molimo o re tiisetsa eng mabapi le mejaro eo re lokelang ho e jara kapa liteko tseo re tobanang le tsona?
9 Ka holim’a tsohle, le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore mathata a rōna ke bopaki bo tiileng ba hore Molimo o re halefetse. Maikutlo a joalo a fosahetseng a ile a utloisa Jobo bohloko ka nako eo batšelisi-’mōtoana ba hae ba neng ba mo hlaba ka mantsoe. (Jobo 19:21, 22) Bibele ea re tiisetsa: “Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:13) Ho fapana le moo, Jehova o tšepisa hore o tla re thusa ho jara mojaro leha e le ofe oa rōna le ho re bulela tsela ea ho tsoa molekong leha e le ofe o re hlahelang. (Pesaleme ea 55:22; 1 Bakorinthe 10:13) Ka ho atamela ho Molimo ha re le mahlomoleng, re ka ba le pono e nepahetseng ka boemo ba rōna ’me ra atleha ho hanyetsa Diabolose.—Jakobo 4:7, 8.
Lintho Tse re Thusang ho Mamella
10, 11. (a) Ke eng e ileng ea thusa Jobo ho mamella? (b) Ho ba le letsoalo le letle ho ile ha thusa Jobo joang?
10 Jobo o ile a lula a tšepahala ho sa tsotellehe boemo ba hae bo tepeletsang—bo akarelletsang ho hlokofatsoa ka mantsoe ke “batšelisi” ba hae le pherekano eo a neng a e-na le eona mabapi le hore na hantle-ntle mahlomola a hae a ne a bakoa ke eng. Re ka ithuta eng ka ho mamella ha hae? Ha ho pelaelo hore, lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore a atlehe e bile ho tšepahala ha hae ho Jehova. ‘O ne a tšaba Molimo a bile a kheloha bobe.’ (Jobo 1:1) Ke kamoo a neng a phela kateng. Jobo o ile a hana ho furalla Jehova, esita leha a ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha lintho li ile tsa senyeha kapele hakaalo. Jobo o ne a lumela hore o lokela ho sebeletsa Molimo mathateng le manolong.—Jobo 1:21; 2:10.
11 Ho ba le letsoalo le letle le hona ho ile ha tšelisa Jobo. Nakong eo ho neng ho bonahala eka o tla shoa, o ile a tšelisoa ke ho tseba hore o ne a entse sohle se matleng a hae ho thusa batho ba bang, le hore o ne a bolokile melao e lokileng ea Jehova, le hore o ne a hanne mofuta leha e le ofe oa borapeli ba bohata.—Jobo 31:4-11.
12. Jobo o ile a re’ng ka thuso eo a ileng a e fumana ho Elihu?
12 Empa ’nete ea sala hore, Jobo o ne a hloka thuso hore a fetole pono ea hae linthong tse itseng. ’Me o ile a amohela thuso eo ka boikokobetso—e leng ntho e ’ngoe e ileng ea mo thusa hore a atlehe ho mamella. Jobo o ile a mamela ka tlhompho ha Elihu a mo fa keletso e bohlale, ’me o ile a bontša boikutlo bo botle ha Jehova a mo khalemela. O ile a lumela a re: ‘Ke buile, empa ke ne ke sa utloisise. . . . Ke hula mantsoe, ke baka ke le lerōleng le moloreng.’ (Jobo 42:3, 6) Ho sa tsotellehe boloetse bo neng bo ntse bo mo khathatsa, Jobo o ile a thabela hore ebe ho lokisoa ha monahano oa hae ka tsela ena ho mo atamelitse ho Molimo haholoanyane. Jobo o ile a re: “Kea tseba hore [Jehova] u khona ho etsa lintho tsohle.” (Jobo 42:2) Taba ea hore Jehova o ile a hlalosa boholo ba Hae e ile ea etsa hore Jobo a utloisise ka ho hlaka boemo ba hae ha a bapisoa le ’Mōpi.
13. Ho bontša mosa ho ile ha ruisa Jobo molemo joang?
13 Qetellong, Jobo ke mohlala o ikhethang oa motho ea ileng a bontša mosa. Batšelisi ba hae ba bohata ba ile ba mo utloisa bohloko haholo, empa ha Jehova a ne a re Jobo a ba rapelle, Jobo o ile a ba rapella. Ka mor’a moo, Jehova o ile a folisa Jobo. (Jobo 42:8, 10) Ho hlakile hore, ho halefa ho ke ke ha re thusa ho mamella, empa lerato le ho bontša mosa tsona li tla re thusa ho mamella. Ho tlohela ho hlonama ho re khatholla moeeng, ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa haeba re sa hloname.—Mareka 11:25.
Baeletsi ba Bohlale ba re Thusang ho Mamella
14, 15. (a) Ke litšobotsi life tse tla thusa moeletsi hore a phekole ba bang? (b) Hlalosa hore na ke hobane’ng ha Elihu a ile a atleha ho thusa Jobo.
14 Ntho e ’ngoe eo re ka ithutang eona tlalehong ea Jobo ke bohlokoa ba ho ba le baeletsi ba bohlale. Baeletsi bana ba joaloka barab’abo rōna ‘ba tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.’ (Liproverbia 17:17) Leha ho le joalo, joalokaha phihlelo ea Jobo e bontša, baeletsi ba bang ba ka lematsa ho e-na le ho phekola. Moeletsi ea molemo o lokela ho bontša kutloelo-bohloko, tlhompho le mosa, joaloka Elihu. Ho ka ’na ha hlokahala hore baholo le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba lokise menahano ea barab’abo rōna ba imetsoeng ke mathata, ’me baeletsi bana ba ka ithuta ho hongata bukeng ea Jobo, ha ba etsa sena.—Bagalata 6:1; Baheberu 12:12, 13.
15 Ho na le lintho tse ngata tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ka tsela eo Elihu a ileng a etsa sena ka eona. Pele a tsoa molomo mabapi le lipolelo tse fosahetseng tsa metsoalle e meraro ea Jobo, o ile a mamela a sa fele pelo. (Jobo 32:11; Liproverbia 18:13) Elihu o ile a sebelisa lebitso la Jobo a ba a ipiletsa ho eena joaloka motsoalle. (Jobo 33:1) Ho fapana le batšelisi ba bararo ba bohata, Elihu ha aa ka a inka hore o phahametse Jobo. O ile a re: “Le ’na, ke bōpiloe ka letsopa.” O ne a sa batle ho ekeletsa Jobo mahlomola ka ho bua a sa nahane. (Jobo 33:6, 7; Liproverbia 12:18) Ho e-na le ho nyatsa tsela eo Jobo a ileng a itšoara ka eona nakong e fetileng, Elihu o ile a babatsa ho loka ha hae. (Jobo 33:32) Habohlokoa le ho feta, Elihu o ile a talima lintho ka pono ea Molimo, ’me o ile a thusa Jobo hore a nahanisise ka ’nete ea hore le ka mohla Jehova a ke ke a sebetsa bokhopo. (Jobo 34:10-12) O ile a khothalletsa Jobo hore a itšetlehe ka Jehova, ho e-na le ho loanela ho bontša ho loka ha hae. (Jobo 35:2; 37:14, 23) Ka sebele baholo ba Bakreste le ba bang ba ka rua molemo lithutong tsena.
16. Batšelisi ba bararo ba bohata ba Jobo e ile ea e-ba lisebelisoa tsa Satane joang?
16 Keletso e bohlale ea Elihu e fapane le mantsoe a hlabang a builoeng ke Elifaze, Bildade le Tsofare. Jehova o ile a re ho bona: “Ha lea bua ’nete ka ’na.” (Jobo 42:7) Esita leha ba ne ba bolela hore ba ne ba e-na le sepheo se setle, e ile ea e-ba lisebelisoa tsa Satane, ho e-na le ho ba metsoalle e tšepahalang. Ho tloha qalong feela, ka boraro ba bona ba ne ba nka hore Jobo o ne a ikarabella ka mahlomola a hae. (Jobo 4:7, 8; 8:6; 20:22, 29) Ho ea ka Elifaze, Molimo ha aa tšepe bahlanka ba hae, ebile ha aa tsotelle hore na re lokile kapa che. (Jobo 15:15; 22:2, 3) Elifaze o ile a ba a qosa Jobo ka liphoso tseo a neng a sa li etsa. (Jobo 22:5, 9) Elihu eena, o ile a thusa Jobo moeeng, e leng ntho eo kamehla moeletsi ea lerato a batlang ho e finyella.
17. Re lokela ho hopola eng ha re tobane le teko?
17 Ho na le ntho e ’ngoe hape eo re ka ithutang eona bukeng ea Jobo mabapi le mamello. Molimo oa rōna ea lerato o bona boemo ba rōna ebile o labalabela ho re thusa ka litsela tse sa tšoaneng ebile o na le matla a ho etsa joalo. Pejana re balile phihlelo ea Elsa Abt. Nahana ka sephetho seo a ileng a se etsa: “Pele ke tšoaroa, ke ne ke balile lengolo la [morali’abo rōna] le neng le bolela hore tlas’a teko e matla moea oa Jehova o apesa motho ka khutso. Ke ne ke ile ka nahana hore che o feteletsa taba ho se hokae. Empa eare ha ke feta litekong e le ’na, ka tseba hore seo a neng a se bua ke ’nete. Ho hlile ho etsahala ka tsela eo. Ho thata ho ho nahana, haeba u s’o fete ho hona. Empa ho hlile ha nketsahalla. Jehova oa thusa.” Elsa o ne a sa bue ka seo Jehova a ka se etsang kapa seo a ileng a se etsa lilemong tse likete tse fetileng mehleng ea Jobo. O ne a bua ka mehla ea rōna. Ka sebele “Jehova oa thusa”!
Ho Thaba Motho ea Mamellang
18. Ke melemo efe eo Jobo a ileng a e fumana ka ho ba le mamello?
18 Boholo ba rōna re ke ke ra tobana le mahlomola a tšabehang joaloka a Jobo. Empa ho sa tsotellehe liteko leha e le life tse ka ’nang tsa re hlahela tsamaisong ena ea lintho, re na le mabaka a utloahalang a ho lula re tšepahala, joaloka Jobo. Ha e le hantle, ho mamella ho ile ha ruisa Jobo molemo bophelong. Ho ile ha mo etsa ea phethahetseng, le ea feletseng. (Jakobo 1:2-4) Ho ile ha matlafatsa kamano ea hae le Molimo. Jobo o ile a tiisa a re: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.” (Jobo 42:5) Ho ile ha pakoa hore Satane o leshano hobane ha aa ka a senya botšepehi ba Jobo. Lilemo tse makholo hamorao, Jehova o ntse a bua ka mohlanka oa hae Jobo e le mohlala oa ho loka. (Ezekiele 14:14) Tlaleho ea hae ea botšepehi le mamello e susumetsa batho ba Molimo esita le mehleng ea kajeno.
19. Ke hobane’ng ha u nahana hore ho mamella ke ntho ea bohlokoa?
19 Ha Jakobo a ne a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo mabapi le mamello, o ile a bua ka khotsofalo e tlisoang ke ho mamella. ’Me o ile a sebelisa mohlala oa Jobo ho ba hopotsa hore Jehova o putsa haholo bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Jakobo 5:11) Ho Jobo 42:12 rea bala: “Ha e le Jehova, ka mor’a moo a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” Molimo o ile a ekeletsa Jobo habeli lintho tse neng li mo lahlehetse, ’me o ile a phela halelele, a thabile. (Jobo 42:16, 17) Ka ho tšoanang, lehlaba leha e le lefe, bohloko, kapa masisa-pelo ao re ka ’nang ra a mamella nakong ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho a tla felisoa ’me re ke ke ra a hopola lefatšeng le lecha la Molimo. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:4) Re utloile ka mamello ea Jobo, ’me ka thuso ea Jehova, re ikemiselitse ho etsisa mohlala oa Jobo. Bibele ea tšepisa: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo [Jehova] a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.”—Jakobo 1:12.
U ka Araba Joang?
• Re ka thabisa pelo ea Jehova joang?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho phetha ka hore mathata a rōna ke bopaki ba hore Molimo o re halefetse?
• Ke lintho life tse ileng tsa thusa Jobo ho mamella?
• Re ka etsisa Elihu joang ha re matlafatsa balumeli-’moho le rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Moeletsi ea molemo o bontša kutloelo-bohloko, tlhompho le mosa
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Elsa le Harald Abt