Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tseba Mohanyetsi oa Kreste?
Khale koana moapostola ea bululetsoeng o ile a ngola a re: “Le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla.” (1 Johanne 2:18) Mantsoe aa a thahasellisa hakaakang! Ka makholo a lilemo, batho ba ’nile ba ipotsa hore na a bolela’ng. Mohanyetsi oa Kreste ke mang? O tla tla neng? Ha a e-tla o tla etsa’ng?
HO NA LE lethathamo le lelelele la batho ba ’nileng ba qosoa ka hore ke bahanyetsi ba Kreste. Nakong e fetileng, batho ba neng ba bitsoa “mohanyetsi oa Kreste” ba ne ba akarelletsa Bajuda, bo-mopapa ba K’hatholike le baemphera ba Roma. Ka mohlala, ha Moemphera Frederick II (1194-1250) a ne a khetha hore a se ke a kopanela Ntoeng ea Bokreste molemong oa kereke, Mopapa Gregory IX o ile a mo bitsa mohanyetsi oa Kreste eaba o mo khaola kerekeng. Mohlahlami oa Gregory, e leng Innocent IV, le eena o ile a mo khaola hape. Frederick le eena o ile a re Innocent ke mohanyetsi oa Kreste.
Moapostola Johanne ke eena feela mongoli oa Bibele ea sebelisitseng lentsoe “mohanyetsi oa Kreste.” Lentsoe lena le hlaha ka makhetlo a mahlano mangolong a hae a mabeli, le le ka bonngoeng hape le le ka bongateng. Litemana tseo lentsoe lena le hlahang ho tsona li thathamisitsoe lebokoseng le leqepheng le latelang. Litemaneng tsena, re ka bona hore mohanyetsi oa Kreste ke raleshano le mothetsi, ea ikemiselitseng ho senya kamano ea motho le Kreste le Molimo. Ka lebaka leo, moapostola enoa o ile a phehella Bakreste-’moho le eena a re: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.”—1 Johanne 4:1.
Jesu le eena o ile a lemosa ka bathetsi, kapa baprofeta ba bohata, a re: ‘Ba tla ho lōna ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang. Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona [kapa, mesebetsi ea bona].’ (Matheu 7:15, 16) Na Jesu o ne a boetse a lemosa balateli ba hae ka mohanyetsi oa Kreste oa tšoantšetso? A re boneng kamoo re ka lemohang mothetsi enoa ea lonya kateng.