Mohanyetsi oa Kreste o Senotsoe
U NE u tla itšireletsa joang hoja u ne u tseba hore ho na le lefu la seoa le bolaeang le hlasetseng sebaka sa heno? Mohlomong u ne u tla matlafatsa tsamaiso ea ’mele oa hao ea ho itšireletsa mafung ebe u lulella hōle le batho ba tšoaelitsoeng ke lefu leo. Re lokela ho etsa se tšoanang le linthong tsa moea. Mangolo a re bolella hore mohanyetsi oa Kreste ‘o se a le lefatšeng.’ (1 Johanne 4:3) Haeba re sa batle ho “tšoaetsoa,” re lokela ho tseba batho ba “fetisang mafu” ’me re ba qobe. Ka lehlohonolo, Bibele e fana ka boitsebiso bo bongata tabeng ena.
Lentsoe “mohanyetsi oa Kreste” le bolela “ea leng khahlanong le Kreste (kapa ea seng ka lehlakoreng la hae).” Kahoo ha lentsoe lena le sebelisoa ka mokhoa o pharaletseng, le bua ka batho bohle ba hanyetsang kapa bao ka leshano ba ipolelang hore ke Kreste kapa ke baemeli ba hae. Jesu ka boeena o itse: “Ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na [kapa ke mohanyetsi oa Kreste], ’me ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.”—Luka 11:23.
Ntle ho pelaelo, Johanne o ngotse ka mohanyetsi oa Kreste lilemo tse fetang 60 ka mor’a hore Jesu a shoe a be a tsosetsoe leholimong. Kahoo, re ka khona ho utloisisa mesebetsi ea mohanyetsi oa Kreste ka ho bona kamoo e amang balateli ba Jesu ba tšepahalang lefatšeng kateng.—Matheu 25:40, 45.
Mohanyetsi oa Kreste ke Mohanyetsi oa Bakreste
Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore lefatše ka kakaretso le ne le tla ba hloea. O ile a re: “Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka. Ho tla hlaha baprofeta ba bangata ba bohata ’me ba khelose ba bangata.”—Matheu 24:9, 11.
Kaha barutuoa ba Jesu ba hlorisoa “ka lebaka la lebitso la [Jesu],” ho hlakile hore batho ba ba hlorisang ke bahanyetsi ba Kreste, ba khahlanong le Kreste. ‘Baprofeta ba bohata,’ bao ba bang ba bona e kileng ea e-ba Bakreste, le bona ba balelloa sehlopheng seo. (2 Johanne 7) Johanne o ile a ngola a re: ‘Bahanyetsi bana ba Kreste ba bangata,’ “ba ile ba tsoa ho rōna, empa e ne e se ba mofuta oa rōna; etsoe haeba e ne e bile ba mofuta oa rōna, ba ka be ba lutse le rōna.”—1 Johanne 2:18, 19.
Mantsoe a Jesu le a Johanne a bontša ka ho hlaka hore mohanyetsi oa Kreste hase motho a le mong empa ke bahanyetsi ba Kreste ba bangata. Ho feta moo, kaha ke baprofeta ba bohata, sepheo se seng sa bona se seholo ke ho thetsa batho litabeng tsa bolumeli. Maqheka a mang a bona ke afe?
Ho Hasa Mashano a Bolumeli
Moapostola Pauluse o ile a lemosa mosebetsi-’moho le eena Timothea hore a hlokomele lithuto tsa bakoenehi, ba kang Hymenea le Filetase bao ‘lentsoe la bona le neng le tla nama joaloka seso se kekang.’ Pauluse o ile a phaella ka ho re: “Banna bana ba khelohile ’neteng, ba re tsoho e se e etsahetse; ’me ba senya tumelo ea ba bang.” (2 Timothea 2:16-18) Kamoo ho bonahalang kateng, Hymenea le Filetase ba ne ba ruta hore tsoho ke tšoantšetso le hore Bakreste ba ne ba se ba tsositsoe ka kutloisiso ea moea. Ke ’nete hore, mahlong a Molimo, motho o qala ho phela ha e e-ba morutuoa oa sebele oa Jesu, e leng ntho eo Pauluse ka boeena a ileng a e bua ka ho hlaka. (Baefese 2:1-5) Leha ho le joalo, seo Hymenea le Filetase ba neng ba se ruta se ne se hlokomoloha tšepiso eo Jesu a ileng a fana ka eona ea hore ho tla ba le tsoho ea sebele ea bafu tlas’a ’Muso oa Molimo.—Johanne 5:28, 29.
Sehlopha se bitsoang Magnostic ke sona seo hamorao se ileng sa tla ka likhopolo tsa hore ho na le tsoho ea tšoantšetso feela. Kaha Magnostic a ne a lumela hore tsebo (e leng gnoʹsis ka Segerike) e ka fumaneha feela ka tsela e ke keng ea utloisisoa, a ile a kopanya Bokreste ba bokoenehi le filosofi ea Magerike le khopolo-taba ea Linaha Tsa Bochabela. Ka mohlala, a ne a lumela hore lintho tsohle tse tšoarehang li khopo, ’me ka lebaka leo, Jesu ha aa ka a ba teng ka tsela ea nama empa o ne a bonahala feela a e-na le ’mele oa nama—e leng tumelo e bitsoang Docetism (thuto ea hore Kreste ha a e-s’o ka a tla ka sebōpeho sa motho). Joalokaha re bone, sena ke sona seo moapostola Johanne a neng a ile a lemosa ka sona hantle.—1 Johanne 4:2, 3; 2 Johanne 7.
Leshano le leng, le ileng la qaptjoa lilemo tse makholo hamorao, ke la thuto eo ho thoeng ke ea Boraro-bo-bong bo halalelang, e bolelang hore Jesu ke Molimo ea Matla ’Ohle le hore e boetse ke Mora oa Molimo. Bukeng ea hae e bitsoang The Church of the First Three Centuries, Dr. Alvan Lamson o bolela hore thuto ea Boraro-bo-bong “e simolohile mohloling o sa amaneng ho hang le Mangolo a Sejuda le a Bokreste; le hore e ile ea hōla, ’me ea kenyelletsoa Bokresteng, ka taelo ea Bo-ntate ba Amohetseng Maikutlo a Plato.” ‘Bo-ntate baa ba Amohetseng Maikutlo a Plato’ e ne e le bo-mang? E ne e le baruti ba bakoenehi ba neng ba hapiloe ke lithuto tsa rafilosofi oa mohetene oa Mogerike e leng Plato.
Ho kenyelletsoa ha thuto ea Boraro-bo-bong e bile mosebetsi o tsoileng matsoho oa mohanyetsi oa Kreste, hobane thuto ena e ile ea etsa hore Molimo e be sephiri ea ba ea etsa hore ho se ke ha hlaka hore na kamano ea hae le Mora oa hae ke efe. (Johanne 14:28; 15:10; Bakolose 1:15) Ak’u nahane feela, haeba Molimo e le sephiri, motho a ka ‘atamela joang ho eena,’ joalokaha Mangolo a re khothaletsa hore re atamele ho eena?—Jakobo 4:8.
Ho phaella pherekanong ena, bafetoleli ba bangata ba Bibele ba tlositse lebitso la Molimo, Jehova, liphetolelong tsa bona, le hoja le hlaha ka makhetlo a fetang 7 000 mangolong a pele! Ho hlakile hore, ho leka ho etsa hore Ea Matla ’Ohle e se be sephiri feela empa e boele e be sephiri se se nang lebitso ke ketso e feteletseng ea ho bontša ho hloka tlhompho bakeng sa ’Mōpi oa rōna le Lentsoe la hae le bululetsoeng. (Tšenolo 22:18, 19) Ho feta moo, ho nkela lebitso la Molimo sebaka ka litlotla tse kang Morena le Molimo ho khahlanong le thapelo ea Jesu ea mohlala, eo karolo e ’ngoe ea eona e reng: “Lebitso la hao le halaletsoe.”—Matheu 6:9, Bibele—Phetolelo e Ncha.
Bahanyetsi ba Kreste ba Hana ’Muso oa Molimo
Bahanyetsi ba Kreste ba bile matla haholo-holo “matsatsing a ho qetela,” e leng nako eo re phelang ho eona hona joale. (2 Timothea 3:1) Sepheo se seholo sa bathetsi bana ba mehleng ea kajeno ke ho thetsa batho mabapi le karolo eo Jesu a e phethang e le Morena oa ’Muso oa Molimo, e leng puso ea leholimo eo haufinyane e tla busa lefatše lohle.—Daniele 7:13, 14; Tšenolo 11:15.
Ka mohlala, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba bolela hore ’Muso oa Molimo ke boemo bo ka lipelong tsa batho, e leng khopolo e sa tšehetsoeng ke Mangolo. (Daniele 2:44) Ba bang ba bolela hore Kreste o sebetsa ka mebuso le mekhatlo ea batho. Empa Jesu o ile a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Ka sebele, “’musi oa lefatše” le “molimo oa tsamaiso ena ea lintho” ke Satane, eseng Kreste. (Johanne 14:30; 2 Bakorinthe 4:4) Ke ka lebaka leo haufinyane Jesu a tla felisa mebuso eohle ea batho ’me e be eena feela ’Musi oa lefatše. (Pesaleme ea 2:2, 6-9; Tšenolo 19:11-21) Batho ba rapella hore sena se etsahale ha ba pheta Thapelo ea Morena, ba re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng.”—Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.
Kaha ba tšehetsa litsamaiso tsa lipolotiki tsa lefatše, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ile ba hanyetsa, ba ba ba hlorisa ba phatlalatsang ’nete mabapi le ’Muso oa Molimo. Hoa thahasellisa hore, buka ea Bibele ea Tšenolo e bua ka seotsoa sa tšoantšetso—e leng “Babylona e Moholo”—se ‘tahiloeng ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu.’ (Tšenolo 17:4-6) Se boetse se kopanela bootsoeng ba moea ka ho tšehetsa “marena” a lefatše kapa babusi ba lipolotiki, ba se fang lithuso tse itseng. Mosali enoa oa tšoantšetso ke malumeli a lefatše a bohata. Ke karolo e ka sehloohong ea mohanyetsi oa Kreste.—Tšenolo 18:2, 3; Jakobo 4:4.
Mohanyetsi oa Kreste ‘o Tsikinyetsa Litsebe’
Ntle le ho hana ’nete ea Bibele, batho ba bangata bao ho thoeng ke Bakreste ba hanne litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro ka lebaka la ho rata boitšoaro bo atileng. Lentsoe la Molimo le boletse esale pele ka ketsahalo ena, la re: “Ho tla ba le nako ea ha ba [e leng batho ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo] sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.” (2 Timothea 4:3) Batho bana ba bolumeli ba bolotsana ba boetse ba hlalosoa e le “baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang, ba iphetolang baapostola ba Kreste.” Bibele e tsoela pele ka ho re: “Bofelo ba bona bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.”—2 Bakorinthe 11:13-15.
Mesebetsi ea bona e akarelletsa “boitšoaro bo hlephileng,” e leng ho hlompholla ka nyeliso melao-motheo e phahameng ea boitšoaro. (2 Petrose 2:1-3, 12-14) Na ha re bone baeta-pele ba bangata ba bolumeli le balateli ba bona ba latela—kapa bonyane ba lumella—mekhoa eo e seng ea Bokreste, e kang bosodoma le ho kopanela liphate ntle ho lenyalo? Ka kōpo iphe nako ea ho bapisa likhopolo le mekhoa ena e tloaelehileng ea bophelo le seo Bibele e se buang ho Levitike 18:22; Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Baheberu 13:4; le Juda 7.
“Lekang Lipolelo Tse Bululetsoeng”
Ka lebaka la se boletsoeng ka holimo, re lokela ho ela hloko mantsoe a moapostola Johanne a reng re se ke ra khella fatše lintho tseo re li lumelang. Oa lemosa: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo, hobane baprofeta ba bangata ba bohata ba kene lefatšeng.”—1 Johanne 4:1.
Nahana ka mohlala o motle oa batho ba itseng ‘ba likelello li bulehileng’ ba neng ba lula motseng oa Berea oa lekholong la pele la lilemo. “Ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena [tse neng li buuoa ke Pauluse le Silase] li joalo kapa che.” (Liketso 17:10, 11) Ke ’nete hore, le hoja Baberea ba ne ba chesehela ho ithuta, ba ile ba tiisa hore seo ba se utloileng le ho se amohela se ne se thehiloe ka tieo Mangolong.
Le kajeno, Bakreste ba ’nete ha ba susumetsoe ke likhopolo tse tloaelehileng tse lulang li fetoha, empa ba khomarela ’nete ea Bibele ka tieo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.”—Bafilipi 1:9.
Ikemisetse ho fumana “tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng” ka ho ithuta seo Bibele ehlileng e se rutang, haeba ha u e-s’o etse joalo. Ba etsisang Baberea ha ba thetsoe ke “mantsoe a iqapetsoeng” a bahanyetsi ba Kreste. (2 Petrose 2:3) Ho e-na le hoo, ba lokolotsoe ke ’nete ea moea ea Kreste oa sebele le balateli ba hae ba ’nete.—Johanne 8:32, 36.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
SEO BIBELE E SE BUANG KA MOHANYETSI OA KRESTE
“Bana ba banyenyane, ke hora ea ho qetela [kamoo ho bonahalang kateng qetellong ea nako ea baapostola], ’me, feela joalokaha le utloile hore mohanyetsi oa Kreste oa tla, esita le hona joale ho se ho e-na le bahanyetsi ba Kreste ba bangata.”—1 Johanne 2:18.
“Ke mang ea leshano haeba e se ea latolang hore Jesu ke Kreste? Enoa ke mohanyetsi oa Kreste, ea latolang Ntate le Mora.”—1 Johanne 2:22.
“Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng e sa boleleng Jesu ha e simolohe ho Molimo. Ho feta moo, ena ke polelo e bululetsoeng ea mohanyetsi oa Kreste eo le utloileng hore ea tla, ’me joale e se e le lefatšeng.”—1 Johanne 4:3.
“Bathetsi ba bangata ba kene lefatšeng, batho ba sa boleleng Jesu Kreste e le ea tlang ka nama. Enoa ke mothetsi le mohanyetsi oa Kreste.”—2 Johanne 7.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]
MOTHETSI EA HLAHANG KA MEKHOA E MENGATA
Lentsoe “mohanyetsi oa Kreste” le sebetsa ho batho bohle ba hanyetsang seo Bibele e se buang ka Jesu Kreste, bohle ba hanyetsang ’Muso oa hae le bohle ba hlorisang balateli ba hae. Le boetse le akarelletsa batho ka bomong, mekhatlo le lichaba tseo ka bohata li ipolelang hore li emela Kreste kapa tseo ka phoso li inkelang karolo ea Mesia ka hore ka boikakaso li tšepise ho etsa lintho tseo e leng Kreste feela ea ka khonang ho li etsa—e leng ho tlisa khotso ea sebele le tšireletseho.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Augustine: ©SuperStock/age fotostock
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joaloka Baberea, re lokela ho ‘hlahlobisisa Mangolo kamehla’