Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 4/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Qaka ea Kofi
    Tsoha!—1991
  • Ho Tsuba—Likotsi Tsa Teng
    Tsoha!—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 4/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Mokreste o lokela ho qoba lino le lijo tse nang le k’hafeine?

Bibele ha e hanele Bakreste ho noa kofi, tee, chokolete, maté le lino-mapholi tse nang le k’hafeine. Leha ho le joalo, Mangolo a na le melao-motheo e ka re thusang ho etsa liqeto tse bohlale. A re qaleng ka ho hlahloba lebaka leo ka lona batho ba bang ba qobang lino le lijo tse nang le k’hafeine.

Lebaka le leng le leholo ke hore k’hafeine e ka ’na ea nkoa e le sethethefatsi se fetolang maikutlo a motho, se nang le matla a ho susumetsa kelello. Hape batho ba ka e lemalla. Buka e ’ngoe e tloaelehileng ea litsebi tsa metsoako ea meriana e re: “Ho noa k’hafeine e ngata ka nako e telele ho ka ’na ha etsa hore ’mele o e tloaele, o be o e lemalle.” Matšoao a ho e tlohela a kang ho tšoaroa ke hlooho, ho khopeha le feela, ho tšoha, ho tšoenyeha le ho tšoaroa ke molikoa-likoane a ka ’na a e-ba teng haeba motho a tlohela k’hafeine ka tšohanyetso. Ho ’nile ha nahanoa hore matšoao ao motho a bang le ’ona ha a tlohela k’hafeine a kenyelletsoe bukeng e bitsoang Diagnostic and Statistical Manual of Mental Disorders hammoho le matšoao ao motho a bang le ’ona ha a tlohela lithethefatsi tse ling. Kahoo, hoa utloahala hore ebe Bakreste ba bang ba ka ’na ba ho nka ho sa lokela ho sebelisa k’hafeine hobane ba batla ho qoba temallo leha e le efe ’me ba lakatsa ho bontša boitšoaro.—Bagalata 5:23.

Ba bang ba lumela hore k’hafeine e ka ama bophelo ba motho kapa ba ngoana ea e-song ho hlahe. Bakreste ba lokela ho rata Molimo ‘ka moea oohle oa bona,’ kahoo ha ba itloaetse ho etsa ntho leha e le efe e tla khutsufatsa bophelo ba bona. Kaha ba boetse ba laeloa hore ba rate moahelani oa bona, ba qoba lintho tse ka ’nang tsa lematsa ngoana ea e-song ho hlahe.—Luka 10:25-27.

Na ho loketse ho ameha ka bophelo ka tsela ee? Le hoja ho ’nile ha boleloa hore k’hafeine e baka mafu a sa tšoaneng, hase bohle ba lumelang hore seo ke ’nete. Bafuputsi ba bang ba bile ba tlaleha hore kofi e molemo bophelong. Ka 2006, makasine ea Time e ile ea tlaleha sena: “Liphuputso tse entsoeng qalong li ile tsa fana ka maikutlo a [hore k’hafeine] e ka ’na ea baka kankere ea senya, khatello e phahameng ea mali le maloetse a mang. Liphuputso tsa morao tjena ha li hanyetse maikutlo ao feela empa li boetse li sibolotse melemo e meholo ea ho sebelisa k’hafeine. Ho bonahala eka k’hafeine e khona ho sireletsa sebete hore se se ke sa senyeha, e thibela Parkinson’s disease, lefu la tsoekere, Alzheimer’s, majoe a nyooko, ho tetebela maikutlo, mohlomong esita le mefuta e meng ea kankere.” Ha makasine e ’ngoe e bua ka k’hafeine, e ile ea tlaleha: ‘Ho hlakile hore ntho ea bohlokoa ke ho sebelisa k’hafeine ka tsela e lekaneng.’

Mokreste ka mong o lokela ho iketsetsa qeto a itšetlehile ka kutloisiso ea hae ea boitsebiso bo teng hona joale mabapi le k’hafeine le ka kutloisiso ea hae ea melao-motheo ea Bibele eo ho bonahalang eka ea ameha. Ka mohlala, Mokreste eo e leng moimana a ka ’na a khetha ho qoba k’hafeine nakong ea boimana haeba a etsa qeto ea hore e ka ’na ea ama ngoana oa hae ea e-song ho hlahe. Haeba Mokreste a hlokomela hore ha a tlohela k’hafeine eo a e noang kamehla, seo se etsa hore a khopehe le feela kapa a kule ka tsela e itseng, a ka ’na a fumana ho le molemo hore a qobe k’hafeine, bonyane ka nakoana. (2 Petrose 1:5, 6) Bakreste ba bang ba lokela ho hlompha qeto ea hae, ba se ke ba mo qobella maikutlo a bona.

Ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto efe ka lino le lijo tse nang le k’hafeine, u hopole keletso ena ea Pauluse: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela