Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na Mokreste o lokela ho qoba kofi le tee hobane li na le sethethefatsi caffeine se ka lemalloang?
Bibele ha e bue ka kofi kapa tee. Empa seo e se buang se ka thusa Mokreste ho etsa qeto ea hore na o tla noa kofi kapa tee.
Sethethefatsi sena caffeine se ka ama kelello le ’mele. Ho nooa likopi tse limillione tsa kofi le tee letsatsi le leng le le leng, e leng ho ileng ha etsa hore Dr. Melvin Konner a re: “Ha e le hantle, [caffeine] e ka ’na ea ba ke sethethefatsi se amang kelello se sebelisoang ka mokhoa o pharalletseng ka ho fetisisa lefatšeng.” E ka eketsa phalimeho, ea phahamisa adrenaline ’meleng oa motho, ’me ea potlakisa ho potoloha ha mali le ho hlahisoa ha matla ’meleng. Hore ke sethethefatsi ka bohona ha ho etse qeto ea hore na Mokreste o lokela ho qoba lino tse nang le caffeine (kofi, tee, lino tsa cola, maté) kapa lijo (tse kang chokolete).
Tahi le eona ke sethethefatsi se ka amang kelello le ’mele, leha ho le joalo Mangolo a re’ng ka eona? Bibele ea lumela hore veine (kapa lino tse ling tse tahang) e ka ‘thabisa pelo ea motho’ kapa ea fetola boikutlo ba moea o tepelletseng. (Pesaleme ea 104:15; Liproverbia 31:6, 7) Empa Lentsoe la Molimo ha le bontše hore barapeli ba ’nete ba tlameha ho qoba lino tsohle tse nang le tahi. Seo Bibele e se nyatsang ke tšebeliso e sa itekanelang ea tahi—botahoa.—Deuteronoma 21:18-21; Liproverbia 20:1; Hosea 4:11; 1 Ba-Korinthe 5:11-13; 1 Petrose 4:3.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka polelo ea hore motho a ka ’na a lemalla caffeine? Ba bangata ba tloaetseng ho noa kofi, tee, kapa maté ba ba le ho itšetleha ka eona ho isa tekanyong e itseng, le hoja ho phehisanoa khang ka hore na e hlile ena ke temallo eo lingaka li e bolelang. Bonyane ba utloa matšoao a ho e tlohela, a kang ho tšoaroa ke hlooho kapa ho nyekoa ke pelo, haeba ba sa fumane tekanyo ea bona e tloaelehileng ea caffeine. Empa, hopola pono ea Bibele ka lino tse tahang. Le hoja batho ba bangata ba lemalletse tahi, Bakreste ha ba e thibeloe haeba e nooa ka ho itekanetseng. Jesu o ile a noa veine; o bile a etsa veine ka mohlolo moketeng oa lenyalo.—Mattheu 26:29; Johanne 2:3-11.
Ho ntse ho le joalo, Mokreste a ka ’na a ikutloa hore o ne a tla khetha ho se ipehe kotsing ea ho itšetleha ka caffeine. Haeba ho hloka caffeine eo a e noang ka mehla ho mo etsa ea khopehang feela-feela (“methapo ea kofi”), a ka ’na a nahana ka ho tlohela caffeine e le pontšo ea “boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23) Kaha Bibele ha e bue ka ho tlohela lino tse nang le caffeine, qeto e mabapi le kofi kapa tee e tlameha ho etsoa ke motho ka mong. Ho itekanela ho loketse haeba Mokreste a e-noa efe kapa efe ho tsona.—Bapisa le Tite 2:2, NW.
Ho itekanela ke ntlha ea sehlooho hape tabeng ea likotsi tsa bophelo tse ka ’nang tsa hlaha. Ho na le likotsi tse ngata tseo ho boleloang hore li tlisoa ke ho noa caffeine e ngata ka mehla (e-bang ke kofing, teeng, linong tsa cola, kapa linong le lijong tse ling). Leha ho le joalo, bakeng sa phuputso e ’ngoe le e ’ngoe e amahanyang kotsi e itseng ea bophelo le caffeine, ho bonahala phuputso e ’ngoe e bontša se fapaneng.
Ho itekanela ho utloahalang ho hatelloa ke seo Bibele e se bolelang ka mahe a linotši. Ke ntho ea tlhaho, ’me ketso ea ho a ja joaloka lijo tse fanang ka matla ke ha tlhaho (ho fapana le ho phefumoloha mosi ho o kenya ka matšoafong). (1 Samuele 14:26, 27; Mattheu 3:4) Leha ho le joalo, u ka ’na ua kulisoa ke ho a ja haholo. Bibele ea lemosa: “Na u fumane linotši? U li je ka tekano, e se re mohlomong ua tenoa, ’me ua li hlatsa.”—Liproverbia 25:16, 27.
Batho ba bang ba ke ke ba ja mahe a linotši ho hang. Ka ho tšoanang, ka mabaka a bophelo ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba qobe tahi, caffeine, lintho tse entsoeng ka lebese, kapa lijo le lino tse ling. Ba bang ba ka ’na ba qoba lintho tse joalo ka boikhethelo ba botho kapa ka baka la matsoalo a fokolang a batho sebakeng ka seng, ba sa batle ho khopisa mang kapa mang. Sena se re hopotsa polelo ea moapostola Pauluse: “Ekare ha sejo seo se ka khopisa ngoan’eso, nke ke ka hlola ke e-ja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka khopisa ngoan’eso.”—1 Ba-Korinthe 8:13.
Ka baka leo, motho ka mong ha a ke a etse se lumellanang le khetho ea hae a sa ikutloe hore qeto ea hae e hloka ho qobella ba bang. Pauluse o ngotse: “Ea jang tsohle a se ke a nyelisa ea sa jeng tsohle, ’me ea sa jeng tsohle le eena a se ke a ahlola ea jang tsohle; hobane Molimo o mo amohetse. Na u mang, ha u ahlola mofo oa e mong?”—Ba-Roma 14:3, 4.