Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 2/15 leq. 30
  • ‘Tlaleho e Ntle e Tsoang Linaheng Tse Hōle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tlaleho e Ntle e Tsoang Linaheng Tse Hōle’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ba Kotula Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 2/15 leq. 30

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Tlaleho e Ntle e Tsoang Linaheng Tse Hōle’

◻ GREENLAND e leqhoa bahoeletsi ba bang ba neng ba le leetong la boboleli ba ile ba kopana le mocha e mong oa semelo sa Norway ea ileng a amohela buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Leha ho le joalo, ha aa ka a bontša thahasello e khōlō. Lekhetlong le latelang ha ba etetse sebaka sena se hōle, o ile a ba bolella hore o balile buka eo ka makhetlo a ’maloa ’me o ne a batla libuka tse eketsehileng. O ile a sieloa libuka le libukana tse boholo ba makasine tse ’maloa. O ile a sareloa ha a ithuta hore bahoeletsi bao ba ne ba ke ke ba khutla ho fihlela ho fetile selemo se seng empa a fumana aterese ea Lipaki tseo. Khoeli e le ’ngoe hamorao, li ile tsa makala haholo ha a kokota monyakong oa tsona. O ile a li phetela hore o ile a oela leqhoeng ka sethuthuthu sa hae se tsamaeang lehloeng ha a le tseleng a ea seketsoaneng sa hae, eaba ho mo nka lihora tse tšeletseng ka leeto la seketsoana ho tla fihla ho Lipaki tseo. O ne a batla ho fumana libuka tse eketsehileng le ho buisana le tsona ka ’nete. O ile a tla sebokeng mantsiboeeng ao ’me a etsa litokisetso tsa ho tla hang ka khoeli. O ile a tla ketelong ea molebeli oa potoloho ’me a khothatsoa haholo. O se a ikhutse kerekeng ’me hona joale o bolela litaba tse molemo tikolohong ea habo. Mariha ha leqhoa le mo thibela ho ea fihla libokeng ka seketsoana, o palama seroala-nkhoana, se mo lefisang R390 bakeng sa leeto.

Ke ba bakae ho rōna ba lokelang ho ikitlaetsa ho fihla bohōleng boo e le hore re ka hatela pele tšebeletsong ea rōna?

◻ Batho ba bangata ba arabela litabeng tse molemo Madagascar. E na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimonyana feela ho 3 200, ’me ba 16 205 ba ile ba tla Sehopotsong sa lefu la Kreste. Baena ba etsa boiteko bo boholo ho finyella batho bohle sehleke-hlekeng.

Ka mohlala, bahoeletsi ba 17 ho ba 30 ba Phutheho ea Isaonjo ba ile ba etsa qeto ea ho paka tšimong e bohōle ba lik’hilomithara tse 50. Ba ile ba tloha motseng oa habo bona metsotso e mashome a mararo ka mor’a khitla. Ka lihora tse peli ba ile ba tsamaea litseleng tse nang le meepa le metheō e meholo ’me ba feta mekhoabong e tletseng seretse. Joale ba ile ba kena ka har’a moru oa sebaka se chesang ka 2:30 hoseng. Kahobane moru o ne o koahetsoe ke lefifi, baena ba bang ba ile ba oela holim’a majoe a khephohileng mafikeng. Ba bang ba ile ba khoptjoa ’me ba oela ka matangoaneng a metsi a matlapeng a fatehileng. Moru o ne o e-na le likoili, ’me likokoanyana tse ngata li ile tsa ba loma. Bo-khaitseli ba bangata ba ile ba utloa bohloko ka tsela ena. Ka linako tse ling seretse se ne se tebile hoo se neng se fihla lengoleng. Bahoeletsi ba 17 kaofela ba ile ba hlaha kotsi e ’ngoe e itseng, empa qetellong ba ile ba tsoa morung oo ka 6:30 hoseng!

Tšebeletso ea tšimo e ile ea qala ka 6:45 hoseng. Batho ba bangata ba ile ba amohela bahoeletsi ka mosa. E mong eo qalong a sa kang a ba amohela ka mosa ke mosali oa moeta-pele oa bolumeli ba Boprostanta. O ile a re: “Ke na le bolumeli ba ka; hoo ho ntekane. Ke tseba sohle seo Bibele e se bolelang.” Hang ha mohoeletsi a ntša makasine ea Molula-Qhooa, ka boikhohomoso mosali eo o ile a e hana, a re: “Ke se ke ntse ke e-na le lintho tse ling tse ngata tseo nka li balang.” Empa o ile a qala ho botsa lipotso: “Le bo-mang, hona le tsoa hokae, hona ke mang ea le rommeng?” Ka mor’a hore ba arabele ka bonolo ’me ba phete hakhutšoanyane boiteko bohle boo ba bo entseng ho ea fihla motseng oa habo, mofumahali eo o ile a amohela Molula-Qhooa, a re: “Ke tla o reka. Ho tseba mang haeba le rometsoe ke Molimo?”

Ka 1:30 motšehare oa mantsiboea, ba 17 ba ile ba tloha tšimong ba ea hae, ba nka lihora tse ka tlaase ho tse ’nè leetong leo hobane e ne e sa ntsane e le motšehare. Ba ne ba khathetse empa ba sireletsehile, ’me lifahleho tsa bona li ne li khanya ke thabo. Ba ile ba re: “E ne e le letsatsi le sa lebaleheng bakeng sa rōna ba 17 ba tsoang Phuthehong ea Isaonjo.”

Ka sebele, moea oa Jehova o susumelletsa bahlanka ba hae ba inehetseng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso “ho isa pheletsong ea lefatše,” ’me ba bangata ba arabela boitekong bo botle ba Lipaki.—Liketso 1:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Kou ea Umanak, Greenland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela