Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w18 May leq. 32
  • Ba Kotula Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Kotula Haholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Koahela Tšimo e ka Thōko Paraguay ho Beha Litholoana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na U na le Tšimo ea Botho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
w18 May leq. 32
Kopano e neng e tšoaretsoe Nyzhnya Apsha, Ukraine ka 2012

Kopano ea setereke e neng e tšoaretsoe Nyzhnya Apsha, Ukraine, ka 2012

Ba Kotula Haholo

JESU o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba tla ba le mosebetsi o mongata oa ho kotula mehleng ena ea bofelo. (Mat. 9:37; 24:14) Hlokomela kamoo mantsoe ana a ileng a phethahala kateng seterekeng sa Transcarpathia, Ukraine. Metseng e meraro e haufi le moo, ho na le liphutheho tse 50 le bahoeletsi ba ka holimo ho 5 400.a Lipaki Tsa Jehova li etsa kotara ea baahi ba moo.

Batho ba metseng eo ba joang? Mor’abo rona Vasile o re: “Ke batho ba hlomphang Bibele haholo, ba rata toka, malapa a bona a momahane ’me ba ikemiselitse ho thusana. Ha se kamehla ba lumellanang le rona empa ha re ba bontša hore na Bibele e re’ng, ba re mamela ka hloko.”

Ho batla ho le thata ho paka sebakeng seo ho nang le bahoeletsi ba bangata haholo. Mohlala, phuthehong e le ’ngoe ho na le bahoeletsi ba 134 empa motseng oo ho na le matlo a 50 feela. Bahoeletsi ba moo ba ile ba sebetsana le bothata boo joang?

Boholo ba bara le barali babo rona ba moo ba ile ba ea libakeng tse ka thoko moo ho hlokehang bahoeletsi. Mor’abo rona Ionash ea lilemo li 90 o re: “Mohoeletsi ka mong o lokela ho paka matlong a mabeli. Ke pakela batho ba motse oo ke lulang ho oona. Empa le hoja ke kula hona joale, ke ile ka tsamaea lik’hilomithara tse 160 ke e-ea tšimong e ka ntle ho ea pakela batho ba buang puo ea Sehungary.” Bahoeletsi ba lokela ho itela e le hore ba ka bolela libakeng tse ling. O boetse o re: “E le hore terene e se ke ea ntšiea, ke ne ke tsoha ka matjeke ka hora ea bone, ke palama terene ebe ke buisana le batho ka Bibele ho fihlela ka hora ea botšelela ha terene e khutlela hae. Ke ne ke etsa joalo ka makhetlo a mabeli kapa a mararo bekeng.” Na mosebetsi oa hae o thata e ne e le oa lefeela? Mor’abo rona Ionash o re: “Mokhoa ona oa ho paka o ne o etsa hore ke thabe haholo. Ke ile ka thusa lelapa le le leng ho ithuta Bibele ha ke ntse ke paka sebakeng sena se ka thoko.”

Rea tseba hore ha se mohoeletsi e mong le e mong ea ka khonang ho tsamaea sebaka se se telele. Empa bahoeletsi bohle le ba holileng ba leka ho sebetsa tšimo ea liphutheho tsa habo bona kahohle kamoo ba ka khonang. Ka lebaka lena ka 2017, metse ena e meraro e ile ea e-ba ’moho Sehopotsong. Batho ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba mena palo ea bahoeletsi habeli e leng hore ba ne ba etsa halofo ea baahi bohle ba moo. Ho sa tsotellehe hore na re sebetsa hokae, re tla lula re ‘e-na le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.

a Mabitso a metse eo ke Hlybokyy Potik, Serednye Vodyane le Nyzhnya Apsha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela