KHAOLO EA 9
Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
KAHA Jesu e ne e le ’moleli ea mafolofolo oa litaba tse molemo, o re behetse mohlala. O ne a ikitlaelletsa ho ea ho batho ’me a ba ruta hohle moo a ba fumanang teng ebang ke malapeng a bona kapa libakeng tsa sechaba. (Mat. 9:35; 13:36; Luka 8:1) Jesu o ne a bua le batho ka bomong, a ruta barutuoa ba hae moo ba leng bang, a bile a bua le batho ba likete-kete. (Mar. 4:10-13; 6:35-44; Joh. 3:2-21) O ne a sebelisa monyetla o mong le o mong oo a o fumanang hore a bue mantsoe a khothatsang le a fanang ka tšepo. (Luka 4:16-19) A paka esita leha a khathetse kapa a ikemiselitse ho phomola. (Mar. 6:30-34; Joh. 4:4-34) Na ha re susumelletsehe ho etsisa mohlala oa Jesu ha re bala litlaleho tse bululetsoeng tsa kamoo a neng a chesehela tšebeletso kateng? Ka sebele joaloka baapostola, le rona re susumelletseha ho mo etsisa.—Mat. 4:19, 20; Luka 5:27, 28; Joh. 1:43-45.
2 Nahana ka menyetla eo Bakreste ba nang le eona kajeno ea ho etsa mosebetsi oo Jesu Kreste a ileng a o qala lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng.
HO BOLELA KA NTLO LE NTLO
3 Rona Lipaki Tsa Jehova re nka e le habohlokoa hore re bolele litaba tse molemo ka ntlo le ntlo ka tsela e hlophisehileng. Re ’nile ra sebelisa mokhoa ona ka nako e telele hoo batho ba seng ba re tseba ka oona. Rea bona hore mokhoa ona oa atleha kaha re khona ho finyella batho ba limilione ka nako e khutšoanyane. (Mat. 11:19; 24:14) Ho ea ka ntlo le ntlo ke tsela e molemo ea ho bontša hore re rata Jehova le baahelani ba rona.—Mat. 22:34-40.
4 Ho bolela ka ntlo le ntlo hase ntho e qapiloeng kajeno ke Lipaki Tsa Jehova. Moapostola Pauluse o re o ne a ruta malapeng a batho. Ha a hlalosetsa balebeli ba Efese tšebeletso ea hae, o ile a re: “Ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia . . . ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” Ka tsela ena le ka litsela tse ling, o ile a “paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rona Jesu.” (Lik. 20:18, 20, 21) Ka nako eo, baemphera ba Roma ba ne ba khothalletsa batho hore ba rapele litšoantšo ’me ba bangata ba ne ba “ineheletse tšabo ea melimo.” Batho ba ne ba lokela ho potlakela ho batla “Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona,” Eo ka nako eo a neng a “bolella moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka.”—Lik. 17:22-31.
5 Kajeno re lokela ho potlaka le ho feta ha re bolela litaba tse molemo. Bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo atamela ka potlako. Kaha bophelo ba batho bo kotsing, re lokela ho ikitlaetsa le ho feta. Re hlokometse hore ho bolela ka ntlo le ntlo ke oona mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho batla batho ba nyoretsoeng molaetsa oa Bibele. O ntse o atleha joalokaha o ne o atleha mehleng ea Jesu le baapostola ba hae.—Mar. 13:10.
6 Na u ikitlaelletsa ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo? Haeba ho joalo, kholiseha hore Jehova oa thaba. (Ezek. 9:11; Lik. 20:35) Mohlomong ha ho bonolo hore u bolele litaba tse molemo ka ntlo le ntlo hobane u kula kapa u bolela sebakeng seo batho ba bangata ba sa rateng ho mamela. Hape e ka ’na eaba ’muso o thibetse mosebetsi oa ntlo le ntlo sebakeng sa heno, kapa u lihlong ’me u tšaba ho qoqa le batho bao u sa ba tsebeng. Ka lebaka leo, haeba oa tšoha ha u le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, u se ke oa lumella seo hore se u nyahamise. (Ex. 4:10-12) Bara le barali beno ba libakeng tse ling ba tobana le maemo a tšoanang.
7 Jesu o ile a tšepisa barutuoa ba hae a re: “Bonang! ke na le lona ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Mat. 28:20) Tšepiso eo ea re matlafatsa ha re le mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Re ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafil. 4:13) Tšehetsa litokisetso tsohle tsa phutheho tsa ho paka ka ntlo le ntlo. Ha u sebetsa le ba bang, ba tla u khothatsa le ho u thusa. Rapella hore u hlole litšitiso leha e le life tseo e ka ’nang eaba u tobana le tsona, ’me u ikitlaelletse ho bolela litaba tse molemo.—1 Joh. 5:14.
8 Ha u ntse u bolella ba bang litaba tse molemo, u tla ba le menyetla ea ho ba bolella ‘lebaka bakeng sa tšepo e ho uena.’ (1 Pet. 3:15) U tla tsoela pele ho hlokomela phapang e teng pakeng tsa batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le ba se nang eona. (Esa. 65:13, 14) U tla khotsofala ha u mamela taelo ea Jesu e reng “leseli la lona le ke le khanye,” hape u ka ba le tlotla ea ho thusa ba bang hore ba tsebe Jehova ’me ba be le tsebo e isang bophelong bo sa feleng.—Mat. 5:16; Joh. 17:3; 1 Tim. 4:16.
9 Baholo ba lokisetsa hore ho etsoe mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo har’a beke le mafelong a eona. Liphutheho tse ling li lokisetsa ho paka mantsiboea haeba ho le thata ho fumana batho malapeng motšehare. Hangata batho ba amohela baeti thapama kapa ha letsatsi le qeta ho likela ho feta lihoreng tsa hoseng.
HO BATLA BA TŠOANELEHANG
10 Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba “batle” ba tšoanelehang. (Mat. 10:11) O ne a ba batla tšebeletsong ea ntlo le ntlo le hohle moo a kopanang le batho. (Luka 8:1; Joh. 4:7-15) Baapostola le bona ba ne ba pakela batho libakeng tse fapa-fapaneng.—Lik. 17:17; 28:16, 23, 30, 31.
Sepheo sa rona ke ho isa molaetsa oa ’Muso ho motho e mong le e mong eo re ka khonang ho buisana le eena
11 Ka ho tšoanang, sepheo sa rona ke ho isa molaetsa oa ’Muso ho motho e mong le e mong eo re ka khonang ho buisana le eena. Ha re etsa joalo, re tla be re etsisa tsela eo Jesu le baapostola ba hae ba neng ba etsa barutuoa ka eona ’me re khema le linako le ho feto-fetoha le maemo a batho ba tšimong ea rona. (1 Bakor. 7:31) Mohlala, bahoeletsi ba ’nile ba atleha ho buisana le batho libakeng tsa khoebo. Barab’abo rona ba hlokometse hore mosebetsi oa ho paka seterateng, lirapeng tsa boikhathollo, moo ho pakoang likoloi le libakeng tse ling moo batho ba ka fumanoang teng o atleha haholo linaheng tse ngata. Liphutheho tse ling li lokiselitse hore bahoeletsi ba bang ba behe litafole kapa litoroli tsa lingoliloeng ha ba etsa bopaki ba phatlalatsa. Ho phaella moo, ofisi ea lekala e ka ’na ea lokisetsa hore bahoeletsi ba liphutheho tse litoropong ba pake phatlalatsa libakeng tse phetheselang tsa toropo. Kahoo, batho ba sa fumaneheng malapeng ha ho etsoa mosebetsi oa ntlo le ntlo ba ka fumana litaba tse molemo mona.
12 Ha re kopana le batho ba bontšang thahasello molaetseng oa Bibele libakeng tsa sechaba, re ka ba fa sengoliloeng se loketseng. Ha ba thahasella, re ka ba fa linomoro tsa rona tsa mohala eaba re hlophisa leoto la ho boela, re ka ba lebisa ho jw.org kapa ra ba joetsa hore na sebaka se haufi moo liboka li tšoareloang teng ke hokae. U ka ’na oa bona ho paka libakeng tsa sechaba e le tsela e ntle ea ho atolosa tšebeletso ea hao.
13 Leha ho le joalo, ho bolela litaba tse molemo hase oona feela mosebetsi o filoeng Bakreste kajeno. Hore u atlehe ho thusa ba bang hore ba be le tsebo e isang bophelong, u lokela ho etela batho ba thahasellang ka makhetlo a mangata e le hore ba ka hatela pele ho fihlela e e-ba Bakreste ba holileng tsebong.
HO ETSA MAETO A HO BOELA
14 Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Empa o ile a boela a re ho bona: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mat. 28:19, 20) Ho etsa maeto a ho boela e ka ba mohloli oa thabo tšebeletsong ea Jehova. Batho ba ileng ba bontša hore ba thahasella litaba tse molemo ha u ba etela ka lekhetlo la pele mohlomong ba tla rata hore u ba etele hape. U ka matlafatsa tumelo ea bona ho Molimo le ho ba thusa hore ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea ka hore u ba thuse ho tseba Bibele. (Mat. 5:3) Haeba u lokisetsa hantle ’me u hlophisa ho etsa leeto la ho boela ka nako e ba loketseng, u ka ’na oa khona ho qala thuto ea Bibele. Ke lona lebaka leo u etsang maeto a ho boela ka lona. Re lema peo ea ’nete ebile rea e nosetsa.—1 Bakor. 3:6.
15 Ba bang ba ka ’na ba fumana ho le thata hore ba etse maeto a ho boela. Mohlomong ha u na bothata ba ho bua hakhutšoanyane ha u le mosebetsing oa ntlo le ntlo, ’me u rata mofuta ona oa tšebeletso. U ka ’na oa utloa ho le thata hore u khutlele ho motho eo u buisaneng le eena ka Bibele. Ho itlhopha hantle ho tla u thusa ho ba sebete. Etsa bonnete ba hore u sebelisa mehlala e fanoeng libokeng tsa har’a beke. U ka ’na oa hlophisa hore u tsamaee le mohoeletsi ea nang le boiphihlelo.
HO KHANNA LITHUTO TSA MAHAE TSA BIBELE
16 Ha moevangeli Filipi a ne a bua le monna ea sokolohetseng bolumeling ba Sejuda ea neng a bala Lentsoe la Molimo, o ile a mo botsa: “Na u tseba seo u se balang?” Monna eo o ile a re: “Ka sebele, nka tseba joang ntle leha e mong a ka ntataisa?” Tlaleho ea Bibele e ho Liketso khaolo ea 8 e re bolella hore Filipi o ile a qala ho bua ka Lengolo leo monna eo a neng a le bala eaba o “mo bolella litaba tse molemo mabapi le Jesu.” (Lik. 8:26-36) Ha re tsebe hore na Filipi o ile a qeta nako e kae le monna eo, empa o ile a hlalosa litaba tse molemo ka tsela e hlakileng hoo monna eo a ileng a lumela ’me a kopa hore a kolobetsoe. Kahoo ea e-ba morutuoa oa Jesu Kreste.
17 Kaha batho ba bangata ha ba tsebe Bibele hantle, ho ka ’na ha hlokahala hore re khutlele ho bona khafetsa ’me re ithute Bibele le bona ka nako e etsang libeke, likhoeli, selemo kapa ho feta pele ba tšoaneleha hore ba kolobetsoe. Empa ha u bontša mamello le lerato mosebetsing oa ho thusa batho ba ratang Molimo hore e be barutuoa, u tla thaba feela joalokaha Jesu a ile a re: “Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”—Lik. 20:35.
18 Ha ho pelaelo hore u tla rata ho khanna thuto ea Bibele ka se seng sa lingoliloeng tse lokiselitsoeng hore motho a khanne lithuto ka sona. Ha u tsoela pele ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng libokeng tsa har’a beke le ho sebetsa le mesuoe e nang le boiphihlelo, u tla ntlafatsa tsebo ea hao ea ho khanna lithuto tse atlehang, ’me u thuse ba bang hore e be barutuoa ba Jesu Kreste.
19 Haeba u hloka thuso ea ho qala thuto ea Bibele le ho e khanna, u ka bua le e mong oa balebeli kapa Paki e ’ngoe e tsebang ho khanna lithuto tsa Bibele. U ka boela oa thusoa ke mehlala e ho Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona le lipontšo tse etsoang sebokeng seo. Tšepa Jehova ’me u rapelle hore a u thuse ho ba le thuto ea Bibele. (1 Joh. 3:22) Kahoo, ntle le thuto eo e ka ’nang eaba u e khannela ba lelapa la hao, u ka ikemisetsa hore u khanne thuto e ’ngoe ea Bibele. U tla thabela tšebeletso haholo ha u khanna lithuto tsa Bibele.
HO LEBISA BA THAHASELLANG MOKHATLONG OA JEHOVA
20 Ha re thusa batho hore ba tsebe Jehova Molimo ’me e be barutuoa ba Jesu Kreste, qetellong ba tla tla ka phuthehong. Liithuti tsa Bibele li tla hola tsebong haeba li tseba mokhatlo oa Jehova ’me li sebelisana le oona. Ke habohlokoa ho li ruta hore na li ka etsa sena joang. U ka sebelisa livideo le bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? tseo ka ho khetheha li hatisitsoeng ka morero ona. Lintlha tse hlahang Khaolong ea 4 bukeng ena li ka u thusa.
21 Li sa tloha feela, thusa seithuti ho elelloa hore ho na le mokhatlo oo Jehova a o sebelisang ho etella pele mosebetsi oa boboleli lefatšeng kajeno. Se bolelle hore lingoliloeng tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele le batho ke tsa bohlokoa le hore li hatisoa le ho abuoa lefatšeng lohle ke baithaopi ba inehetseng ho Jehova. Mema seithuti sa hao sa Bibele hore se ee le uena Holong ea ’Muso. Se hlalosetse hore na liboka li tšoaroa joang ’me u se tsebise bara le barali babo rona. E ka ba hantle hore ha le le likopanong u se thuse ho tsebana le Lipaki tse ling. Se fe monyetla oa hore se bone hore batho ba Jehova baa ratana, kaha seo ke letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Joh. 13:35) Ha seithuti se ntse se ananela mokhatlo oa Jehova, se tla atamela ho eena.
HO SEBELISA LINGOLILOENG TSA BIBELE
22 Bakreste ba pele e ne e le baboleli ba mafolofolo ba Lentsoe la Molimo. Ba ne ba ikopiletsa Mangolo ao ba tla a sebelisa thutong ea botho kapa ha ba le phuthehong. Ba khothalletsa ba bang ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ba ne ba e-na le meqolo e seng mekae feela, ka hona ba e nka e le ea bohlokoa haholo. (Bakol. 4:16; 2 Tim. 2:15; 3:14-17; 4:13; 1 Pet. 1:1) Mehleng ena Lipaki Tsa Jehova li sebelisa mekhoa ea morao-rao ea khatiso ho hatisa li Bibele le lingoliloeng tse ngata tse thusang batho ho ithuta Bibele. Tsena li akarelletsa lipampitšana, libukana, libuka le limakasine tse hatisoang ka lipuo tse ngata.
23 Ha u ntse u bolella ba bang litaba tse molemo, sebelisa lingoliloeng tse reretsoeng ho thusa batho ho ithuta Bibele. Kaha oa tseba hore na u ruile molemo hakae ka ho bala le ho ithuta lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, sena se tla u susumelletsa hore u li fe ba bang.—Baheb. 13:15, 16.
24 Batho ba bangata ba fuputsa lintho Inthaneteng. Ka hona, ntle ho lingoliloeng tsa Bibele, websaete ea rona ea jw.org e khona ho hasa litaba tse molemo. Batho lefatšeng ka bophara ba ka sebelisa lik’homphieutha ho bala kapa ho mamela Bibele le lingoliloeng tse rekotiloeng ka lipuo tse ngata. Ba tsilatsilang ho bua le rona kapa ba lulang libakeng tseo ho seng bonolo hore ba kopane le Lipaki Tsa Jehova, ba ka batlisisa seo re se lumelang ho jw.org ba le bang malapeng a bona.
25 Kahoo, re phatlalatsa jw.org ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ha mong’a ntlo a botsa potso mabapi le seo re se lumelang, re ka mo bontša likarabo tsa tsona lisebelisoeng tsa rona tsa elektronike kapa k’homphieutheng. Ha re kopana le motho ea buang puo e ’ngoe, ho akarelletsa le puo ea matsoho, re ka mo bontša websaete ea rona hore a fumane Bibele le lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea hae. Bahoeletsi ba bangata ba ’nile ba qala thuto ea Bibele ka e ’ngoe ea livideo tse websaeteng.
HO PAKA HA MONYETLA O HLAHA
26 Jesu o ile a bolella ba neng ba ela lentsoe la hae hloko, a re: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lona le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lona e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lona ea maholimong.” (Mat. 5:14-16) Barutuoa bao ba ne ba bontša batho hore na thato ea Molimo ke efe ka hore ba etsise Jesu ea ileng a re: “Ke ’na leseli la lefatše.” Jesu o ile a behela Bakreste mohlala ka hore a khantše “leseli la bophelo” molemong oa bohle ba neng ba tla mamela.—Joh. 8:12.
27 Moapostola Pauluse le eena o ile a re behela mohlala oo re lokelang ho o latela. (1 Bakor. 4:16; 11:1) Ha a le Athene, letsatsi le leng le le leng o ne a pakela ba neng ba le ’marakeng. (Lik. 17:17) Bakreste ba Filipi ba ile ba latela mohlala oa hae. Kahoo, Pauluse o ile a ba bolella hore ba phela “har’a moloko o khopameng le o sothehileng,” oo har’a oona ba neng ba ‘khanya e le maseli lefatšeng.’ (Bafil. 2:15) Kajeno le rona re ka etsa hore ’nete ea ’Muso e khanye ka mantsoe a rona le ka liketso neng le neng ha re e-ba le monyetla oa ho bolella ba bang litaba tse molemo. Ha ho pelaelo hore mohlala oa rona oa ho tšepahala o ka etsa hore ba bang ba bone hore ha re tšoane le batho ba bang. Leha ho le joalo, haeba re ba bolella litaba tse molemo, ba tla tseba hore na ke hobane’ng ha re sa tšoane le batho ba bang.
28 Lipaki Tsa Jehova tse ngata li paka hohle moo li kopanang le batho, ebang ke mosebetsing, sekolong, lipalangoeng tsa sechaba kapa ha li phetha mabaka. Ha re le leetong, re ka ’na ra ba le monyetla oa ho qoqa le batho bao re nang le bona ka sepalangoeng. Re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho pakela batho ha re ntse re qoqa ka lintho tse tloaelehileng. E se eka re ka lula re le malala-a-laotsoe ho pakela batho bohle ha monyetla o hlaha.
29 Re tla susumelletseha ho etsa joalo ha re hopola hore re rorisa ’Mopi oa rona ebile re tlotlisa lebitso la hae. Ho phaella moo, re ka khona ho thusa ba tšepahalang hore ba tsebe Jehova e le hore le bona ba ka mo sebeletsa ’me ba be le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng hobane ba lumela ho Jesu Kreste. Ha re etsa joalo re khahlisa Jehova ’me o nka hore re etsa tšebeletso e halalelang.—Baheb. 12:28; Tšen. 7:9, 10.
TŠIMO
30 Thato ea Jehova ke hore molaetsa oa ’Muso o boleloe lefatšeng lohle ho akarelletsa le metseng e meholo le mahaeng. Ho finyella sena, liphutheho hammoho le batho ba pakang libakeng tse ka thoko ba fuoa tšimo ke ofisi ea lekala. (1 Bakor. 14:40) Sena se tumellanong le taelo eo Molimo a ileng a e fa Bakreste ba mehleng ea baapostola. (2 Bakor. 10:13; Bagal. 2:9) Kaha mosebetsi oa boboleli o eketseha ka potlako matsatsing ana a ho qetela, ho ka finyelloa ho hoholo le ho feta haeba mosebetsi oa ho akaretsa tšimo ea phutheho o hlophisitsoe hantle.
31 Molebeli oa tšebeletso ke eena ea ikarabellang ka ho etsa litlhophiso. A ka kopa mohlanka ea sebeletsang ho aba tšimo. Ho na le mefuta e ’meli ea tšimo, e leng e sebetsoang ke sehlopha le ea motho ka mong. Moo tšimo e leng nyenyane, molebeli oa sehlopha o tla abeloa tšimo eo sehlopha sa hae se tla e sebetsa. Ka lehlakoreng le leng, moo tšimo e leng kholo, bahoeletsi ka bomong ba ka ikopela tšimo ea bona.
32 Mohoeletsi ea nang le tšimo o tla ba le moo a bolelang litaba tse molemo teng nakong eo ho sa lokisetsoang liboka tsa tšebeletso ea tšimo kapa haeba maemo a sa mo lumelle hore a sebetse le sehlopha. Ka mohlala, bahoeletsi ba bang ba kopa tšimo haufi le moo ba sebetsang teng ’me ba bolela litaba tse molemo moo nakong ea khefu ea motšehare kapa ha ba chaisa mosebetsing. Malapa a mang a kopa tšimo e haufi le moo a lulang teng ’me a e sebetsa ka matsatsi ao a a behileng. Ho ba le tšimo e haufi ho ka thusa mohoeletsi hore a sebetse nako e telele. Ha e le hantle, ho ka boetse ha etsoa tokisetso ea hore sehlopha se sebetse tšimo ea mohoeletsi ea itseng. Haeba u batla ho ba le tšimo, u ka e kopa ho mohlanka oa tšimo.
33 Ke habohlokoa hore motho ea abetsoeng tšimo ebang ke molebeli oa sehlopha kapa mohoeletsi ka mong, a etse bonnete ba hore o leka kahohle ho batla ho fumana motho ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Litlhophiso tse ka etsoang ho koahela tšimo li lokela ho lumellana le melao ea naha ea ho sireletsa boitsebiso ba batho. Molebeli ofe kapa ofe oa sehlopha kapa mohoeletsi ea fuoang tšimo o lokela ho leka ho e qeta ka likhoeli tse ’nè. Hang ha e felile, o lokela ho tsebisa mohlanka oa tšimo hore o sebelitse tšimo. Ho ea ka maemo, molebeli oa sehlopha kapa mohoeletsi a ka tsoela pele ho sebetsa tšimo eo kapa a e khutlisetsa ho mohlanka oa tšimo.
34 Ha bohle ka phuthehong ba sebetsa hammoho, tšimo e ka sebetsoa kaofela. Re ka boela ra qoba hore liphutheho tse peli li sebetse tšimo e le ’ngoe ka nako e tšoanang, e leng se ka halefisang beng ba matlo. Ha re etsa joalo, re tla bontša hore re nahanela barab’abo rona le batho ba tšimong eo.
KAMOO LIPHUTHEHO LI KA SEBELISANANG E LE HORE HO PAKELOE BATHO BA LIPUO TSOHLE
35 Motho e mong le e mong o lokela ho ithuta ka Jehova Molimo, Mora oa hae le ka ’Muso oa Molimo. (Tšen. 14:6, 7) Re rata ho thusa batho ba lipuo tsohle hore ba ipiletse lebitsong la Jehova e le hore ba bolokehe le hore ba apare botho ba Bokreste. (Bar. 10:12, 13; Bakol. 3:10, 11) Ke mathata afe a ka ’nang a hlaha ha re bolela litaba tse molemo libakeng tseo ho buuoang lipuo tse sa tšoaneng? A ka rarolloa joang e le hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba utloe molaetsa oa ’Muso ka puo eo ba e utloisisang?—Bar. 10:14.
36 Phutheho e abeloa tšimo ho itšetlehile ka hore na bahoeletsi ba eona ba bua puo efe. Kahoo, ha batho ba lulang tšimong e itseng ba bua lipuo tse sa tšoaneng, bahoeletsi ba liphutheho tsa lipuo tseo ba tla sebetsa tšimo eo. Maemong a joalo, ho molemo hore bahoeletsi ba phutheho ka ’ngoe ba amehe feela ka ho pakela batho ba buang puo e tšoanang le ea bona. Sena se sebetsa hape le linakong tsa liphutuho tse etsoang selemo le selemo. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba ka bua le mang kapa mang le ho fana ka lingoliloeng tsa puo efe kapa efe ha ba etsa mosebetsi oa boboleli libakeng tsa sechaba le ha monyetla o hlaha.
37 Maemong a mang, liphutheho tsa lipuo tse ling li sitoa ho sebetsa tšimo ea tsona e hojana kamehla. Ha ho le joalo, balebeli ba tšebeletso ba liphutheho tse amehang ba ka buisana ka mokhoa o molemo oa ho sebetsa tšimo eo kaofela. Sena se tla etsa hore motho e mong le e mong a be le monyetla oa ho utloa molaetsa oa ’Muso le hore tšimo eo e se ke ea pheta-phetoa.—Liprov. 15:22.
38 Re lokela ho etsa’ng ha re kopana le motho ea buang puo eo re sa e tsebeng? Ha rea lokela ho nka hore bahoeletsi ba buang puo ea hae ba tla mo etela. Bahoeletsi ba bang ba ithutile molaetsa o mokhutšoanyane ka puo ea batho bao ba atisang ho kopana le bona tšimong ea bona. Re ka bontša motho hore na a ka bala kapa a kopitsa lingoliloeng joang ka puo ea hae websaeteng ea rona e molaong e leng jw.org, kapa re ka ithaopela ho mo tlisetsa lingoliloeng ka puo ea hae.
39 Haeba motho eo a bontša hore o thabela ho ithuta Bibele e le kannete, re lokela ho leka ho fumana motho ea ka mo rutang Bibele ka puo eo a e tsebang. Re ka boela ra mo bolella hore na liboka tsa puo ea hae li tšoareloa hokae. Haeba a batla ho ithuta le motho ea tsebang puo ea hae, re ka mo bontša hore na a ka sebelisa websaete ea jw.org joang ho kenya mabitso a hae le aterese. Ofisi ea lekala e tla leka ho fumana mohoeletsi ea lulang haufi le eena leha e le sehlopha kapa phutheho ea puo ea hae.
40 Re lokela ho etela motho eo ho fihlela a re bolella hore motho ea buang puo ea hae oa mo etela. Ka linako tse ling, ofisi ea lekala e ka bolella baholo hore ha ea fumana motho ea buang puo ea hae. Ha ho le joalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa motho eo hore a hatele pele tsebong. Haeba re khona, re ka ithuta Bibele le eena re sebelisa sengoliloeng sa puo ea hae. Haeba re sebelisa litšoantšo hantle ’me re mo kopa hore a bale mangolo a hlahang ka har’a sengoliloeng seo, a ka utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele. Mohlomong mong ka eena ea tsebang puo ea rona a ka ithaopela ho mo tolokela.
41 E le hore re lebise motho ea thahasellang mokhatlong oa Molimo, re lokela ho mo memela libokeng, le hoja a ka ’na a se ke a utloisisa lenaneo ka ho feletseng. Ha ho baloa mangolo, re ka mo thusa ho a phetla ka ho sebelisa Bibele ea puo ea hae haeba e le teng. Ho tloaelana le ba bang ka phuthehong ho ka mo matlafatsa ’me ha mo thusa hore a hatele pele tsebong.
42 Lihlotšoana: Sehlotšoana se na le bahoeletsi ba ’maloa feela ba pakang ka puo e fapaneng le e sebelisoang phuthehong ea sona le hoja ho se na moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang ea ka tšoarang liboka tsa beke le beke ka puo eo. Ofisi ea lekala e ka ’na ea lumella phutheho hore e hlokomele sehlotšoana haeba e finyella lipehelo tse latelang:
(1) Palo e batlang e le kholoanyane ea batho ba sebaka seo ba bua puo e fapaneng le e sebelisoang phuthehong eo.
(2) Bonyane bahoeletsi ba ’maloa ba tseba puo eo kapa ba ikemiselitse ho ithuta eona.
(3) Sehlopha sa boholo se ikemiselitse ho etella pele tabeng ea ho etsa litlhophiso tsa ho paka ka puo eo.
Haeba sehlopha sa baholo se lakatsa hore phutheho ea sona e hlokomele sehlotšoana se itseng, baholo ba tla bua le molebeli oa potoloho. E ka ’na eaba o tseba liphutheho tse ling tse lekang ho pakela batho ba puo eo ’me a ka fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo ka thusang ha ho khethoa hore na ke phutheho efe e ka khethoang ho hlokomela sehlotšoana. Hang hore phutheho eo e fumanoe, baholo ba tla romella lengolo ofising ea lekala ’me ba kope tumello ea hore phutheho ea bona e khethoe e le eona e tla hlokomela sehlotšoana.
43 Lihlopha: Ofisi ea lekala e ka khetha phutheho e itseng hore e hlokomele sehlopha haeba e finyella lipehelo tse latelang:
(1) Ho na le batho ba ’maloa ba buang puo eo ba ratang ho ithuta Bibele ’me ho na le tšepo ea hore ba tla eketseha.
(2) Ho na le bahoeletsi ba ’maloa ba tsebang puo eo kapa ba ithutang eona
(3) Ho na le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang ea ka etellang pele sehlopha seo le ho tšoara bonyane seboka se le seng ka beke ebang ke puo ea phatlalatsa kapa Thuto ea Molula-Qhooa ka puo eo.
Haeba sehlopha se finyella lintlha tsena tse boletsoeng ka holimo, baholo ba tla ngolla ofisi ea lekala ba e bolelle ka boemo ba sehlopha seo ’me ba kope hore phutheho ea habo bona e hlokomele sehlopha seo. Moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea etellang sehlopha seo pele o tla bitsoa “molebeli oa sehlopha” kapa “mohlanka oa sehlopha.”
44 Hang hore sehlopha se thehoe, sehlopha sa baholo ba phutheho e tl’o se hlokomela se tla etsa qeto ea hore na se kenyeletsa likarolo life tsa liboka tsa sehlopha seo le hore na ho tla tšoaroa liboka tse kae tsa sona ka khoeli. Ho ka boela ha lokisetsoa hore sehlopha sena se be le liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Bohle ba sehlopheng seo ba sebetsa tlas’a sehlopha sa baholo sa phutheho e ba hlokometseng. Baholo ba tla thusa sehlopha sena le ho se hlokomela. Nakong eo molebeli oa potoloho a etetseng phutheho e hlokometseng sehlopha seo, ’me a sebetsa le sona, o tla romela tlaleho e khutšoanyane ofising ea lekala e bontšang hore na se tsoela pele joang le hore na se hloka’ng. Ha nako e ntse e ea, ho ka etsahala hore sehlopha seo e be phutheho. Jehova o tla thaba haeba bohle ba latela tataiso ea phutheho.—1 Bakor. 1:10; 3:5, 6.
HO PAKA RE LE SEHLOPHA
45 Bakreste ba lokela ho bolela litaba tse molemo. Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa sena, empa boholo ba rona re rata ho sebetsa tšimo le ba bang. (Luka 10:1) Ke ka lebaka lena phutheho ka ’ngoe e lokisetsang hore ho sebetsoe tšimo ka sehlopha har’a beke le mafelong a eona. Matsatsing a phomolo le teng ho ba le menyetla e metle ea hore tšimo e sebetsoe ka sehlopha, kaha barab’abo rona ba bangata ha ba ee mosebetsing. Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ke eona e etsang qeto ea hore na liboka sa tšebeletso ea tšimo li tšoaroa neng, ebang ke hoseng kapa mantsiboea le hore na li tšoareloa hokae.
46 Ha bahoeletsi ba sebetsa hammoho tšimong ba ba le monyetla oa “ho khothatsana.” (Bar. 1:12) Ba sa tsoa qala ho sebetsa tšimo ba ka sebetsa le ba nang le tsebo e le hore ba ka koetlisoa. Ha tšimo e sebetsoa libakeng tse kotsi, ho ka ba molemo hore bahoeletsi ba sebetse ka bobeli kapa ho feta e le hore ba sireletsehe. Le haeba u rerile ho sebetsa u le mong tšimong, ho ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ho ka khothatsa bohle ba leng teng. Ha u tseba hore ba bang le bona ba sebetsa sebakeng seo, u ka ba sebete. Bo-pula-maliboho le ba bang ha baa lokela ho ikutloa ba tlamehile ho ba teng sebokeng se seng le se seng sa tšebeletso ea tšimo se hlophisitsoeng ke phutheho, haholo haeba liboka tseo li tšoaroa letsatsi le leng le le leng. Leha ho le joalo, mohlomong ba ka ba teng libokeng tse ling tsa tšebeletso ea tšimo beke e ’ngoe le e ’ngoe.
47 E se eka kaofela re ka latela mohlala oa Jesu le baapostola ba hae. Re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re leka kahohle ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Luka 9:57-62.