PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Sebetsa Hammoho Tšimong ea Lipuo Tse sa Tšoaneng
Batho ba thabela ho utloa litaba tse molemo ha ba li utloa ka puo eo ba e antseng letsoeleng. Mohlomong ke ka lebaka leo Jehova a ileng a hlophisa hore “Bajuda ba inehetseng ba tsoang sechabeng se seng le se seng sa tse tlas’a leholimo” ba ‘utloe litaba tse molemo ka puo eo ba e antseng letsoeleng,’ e leng Seheberu kapa Segerike, ka Pentekonta selemong sa 33 mehleng ea baapostola. (Lik 2:5, 8) Liphutheho tsa lipuo tse sa tšoaneng li arolelana tšimo eo li e sebetsang. Bahoeletsi ba liphutheho tseo ba ka sebelisana hammoho joang e le hore ba qobe ho pheta-pheta tšimo kapa ho e sebetsa ka nako e le ’ngoe hoo ba ka khopisang beng ba matlo?
Ho Rerisana (Lipr 15:22): Balebeli ba tšebeletso ba liphutheho tse amehang ba lokela ho buisana e le hore ba sebetse tšimo ka tsela e tla tsoela liphutheho tseo molemo. Liphutheho tsa lipuo tse ling li ka kopa hore phutheho ea lona e se ke ea sebetsa matlo ao beng ba oona ba buang puo eo e seng ea lona. Empa, haeba bahoeletsi ba liphutheho tseo ba sa khone ho sebetsa tšimo eo kamehla, ba ka kopa phutheho ea lona hore e sebetse e sa tlole matlo empa le ba bolelle ha ho e-na le motho ea thahasellang. (od 93 ¶37) Ba ka boela ba kopa hore le ba fe aterese ea batho ba buang puo eo e seng ea phutheho ea lona. (km 1/13 3, lebokose) Hopola hore maemong a mang, ntlong eo u fihlang ho eona, ho ka etsahala hore beng ba teng ba ka bua lipuo tse ’maloa. Tsela eo re sebelisang liaterese tsa beng ba matlo ka eona, e tlameha ho lumellana le melao ea naha.
Ho Sebelisana (Ef 4:16): Latela ka hloko litaelo tse tsoang ho molebeli oa tšebeletso. Na ho na le motho eo u ithutang Bibele le eena ea thabelang ho ithuta ka puo e ngoe? Motho eo a ka hatela pele ka potlako haeba u mo fetisetsa phuthehong ea puo eo a e thabelang.
Lokisetsa (Lipr 15:28; 16:1): Ikemisetse ho arolelana litaba tse molemo le mong’a ntlo le haeba a bua puo e ngoe. U ka lokisetsa ka hore u nahane esale pele ka lipuo tse buuoang tšimong ea heno hape u daonloude Bibele le livideo tsa lipuo tseo fonong ea hao. U ka boela oa sebelisa JW language app ho ithuta ho lumelisa ka lipuo tseo.