Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Pakela Motho ea Buang Puo e ’Ngoe
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa: Jehova o batla ho thusa batho “sechabeng se seng le se seng” hore ba be le kamano e ntle le eena. (Lik. 10:34, 35) Ka lebaka leo, Jesu o boletse hore litaba tse molemo li ne li tla boleloa “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona” le “ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14) Zakaria o ile a profeta hore batho “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba tla amohela litaba tsena. (Zak. 8:23) Ho latela pono ea Johanne, batho ba tla pholoha matšoenyeho a maholo ba “tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšen. 7:9, 13, 14) Kahoo, ha re kopana le motho ea buang puo e ’ngoe tšimong ea rōna, re lokela ho mo pakela.
Leka Sena Khoeling Ena:
Nakong e tlang ha le tšoara Borapeli ba Lelapa, etsang pontšo ea ho pakela motho ea sa bueng puo ea habo lōna.