PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ho Pakela Motho e Mong le e Mong ea Tšimong ea Rona
KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: Zakaria o ile a boprofeta hore batho ba tsoang lipuong le lichabeng tsohle ba tla amohela litaba tse molemo. (Zak 8: 23) Empa ke mang ea tla ba ruta tsona? (Bar 10:13-15) Re fuoe boikarabelo ba ho bolella motho e mong le e mong ea tšimong ea rona litaba tse molemo.—od 84 ¶10-11.
KAMOO RE KA HO ETSANG KA TENG:
Lokisetsa. Na u ee u kopane le batho ba lipuo tse ling? U ka sebelisa JW Language app ho u thusa ho qalisa moqoqo. Mohlomong u ka sebelisa fono e nang le Inthanete ho mo bontša hore na a ka ithuta ka ho eketsehileng joang websiteng ea jw.org ka puo ea hae
Lula u le malala-a-laotsoe. Le hoja u le tšebeletsong ea ntlo le ntlo, bua le batho bao u kopanang le bona tseleng kapa bao u bonang ba phomotse ka likoloing tse pakiloeng. Ha u etsa bopaki ba phatlalatsa, kelello ea hao e lokela ho tsepama mosebetsing oa boboleli feela
Leka matsapa ’ohle. Leka ho buisana le batho bao ho leng thata ho ba fumana malapeng. Ka linako tse ling u ka fetola nako eo u etsang mosebetsi oa boboleli ka eona, mohlomong u ka etsa bopaki ba mantsiboea kapa oa fetola matsatsi ao u eang tšebeletsong ea tšimo ka ’ona. Re ka pakela ba bang ka ho ba ngolla mangolo, ka ho ba letsetsa le ho ba pakela ha re kopana le bona
Khutlela ho motho eo u buileng le eena. Haeba motho a bua puo eo u sa e tsebeng, batla motho ea buang puo ea habo hore a mo thuse. U ka boela oa mo letsetsa nako le nako ho fihlela a fumane mohoeletsi ea tla ithuta le eena.—od 94 ¶39-40
SHEBELLA VIDEO EA HO BOLELA LITABA TSE MOLEMO HO ISA “KAROLONG E HOLE-HOLE EA LEFATŠE,” EBE U HLAHLOBA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke lintho life tseo bara le barali babo rona ba ileng ba li etsa ho itokisetsa ho pakela batho tšimong e ka thoko? (1 Bakor. 9:22, 23)
Ba bile le mathata afe?
Ke melemo efe eo ba ileng ba e fumana?
Ke lintho life tseo u ka li etsang ho pakela batho ba bangata sebakeng sa heno?