Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/1 maq. 22-26
  • Batho “ba Tsoang Lipuong Tsohle” ba Utloa Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho “ba Tsoang Lipuong Tsohle” ba Utloa Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo ea Seng Leeme o Tšoaretse Bohle Molaetsa
  • Ho Finyella Batho ba Mefuta Eohle
  • Ho Sebetsana le Phephetso eo ka Katleho
  • ‘Ho Rata Mojaki’
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Pakela Motho ea Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Ho Bokella Batho ba Tsoang Lipuong Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Pakela Batho ba Buang Puo e ’Ngoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Ho Sebetsa Hammoho Tšimong ea Lipuo Tse sa Tšoaneng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/1 maq. 22-26

Batho “ba Tsoang Lipuong Tsohle” ba Utloa Litaba Tse Molemo

“Banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’”—ZAKARIA 8:23.

1. Jehova o ile a lokisetsa nako e tšoanetseng le boemo bo loketseng joang hore ho qalisoe mosebetsi oa Bokreste oa ho bolela o etsoang ka lipuo tse ngata tse sa tšoaneng le o etsoang lichabeng tse ngata?

NAKO le boemo li ne li loketse hantle. E ne e le letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. Libeke pele ho moo, Bajuda le basokolohi ba tsoang bonyane libakeng tse 15 tse qhalakaneng ’Musong oa Roma ba ne ba khobokane Jerusalema ho tla keteka Paseka. Letsatsing leo, ba likete ba bona ba ile ba utloa batho ba tloaelehileng ba neng ba tletse moea o halalelang ba phatlalatsa litaba tse molemo ka lipuo tse ngata tse buuoang ’musong oo—eseng ka pherekano e tšoanang le ea batho ba Babele ea boholo-holo, empa ba ne ba utloisisa se boleloang. (Liketso 2:1-12) Ketsahalo eo e ne e tšoaea ho tsoaloa ha phutheho ea Bokreste le ho qaleha ha mosebetsi oa ho ruta o etsoang ka lipuo tse ngata tse sa tšoaneng ebile e le lichabeng tse ngata, o ’nileng oa tsoela pele ho fihlela kajeno.

2. Ke ka tsela efe barutuoa ba Jesu ba ileng ba ‘makatsa’ batho ba sa tšoaneng bao ba neng ba bua le bona ka Pentekonta ea 33 C.E.?

2 Ho ka etsahala hore ebe barutuoa ba Jesu ba ne ba bua Segerike se tloaelehileng, e leng puo e neng e tsejoa haholo nakong eo. Hape ba ne ba sebelisa Seheberu, e leng puo e neng e buuoa tempeleng. Leha ho le joalo, ka letsatsi leo la Pentekonta, ba ile ba ‘makatsa’ batho ba sa tšoaneng bao ba neng ba bua le bona ka ho bua lipuo tsa batho bao. Phello e bile efe? Lipelo tsa bamameli li ile tsa susumetsoa ke linnete tsa bohlokoa tseo ba ileng ba li utloa ka lipuo tsa habo bona. Qetellong ea letsatsi leo, sehlopha se senyenyane sa barutuoa e ne e se e le sehlopha se seholohali sa batho ba fetang 3 000!—Liketso 2:37-42.

3, 4. Mosebetsi oa ho bolela o ile oa atoloha joang ha barutuoa ba tsoela ka ntle ho Jerusalema, Judea le Galilea?

3 Hang ka mor’a ketsahalo eo ea bohlokoa, ho ile ha tsoha leqhubu la mahloriso Jerusalema, ’me “ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Liketso 8:1-4) Ka mohlala, ho Liketso khaolo ea 8 re bala ka Filipi, eo kamoo ho bonahalang kateng e neng e le moevangeli ea buang Segerike. Filipi o ile a bolella Basamaria litaba tse molemo. Hape o ile a pakela ofisiri ea Moethiopia e ileng ea nka bohato mabapi le molaetsa o buang ka Kreste.—Liketso 6:1-5; 8:5-13, 26-40; 21:8, 9.

4 Ha Bakreste ba ntse ba tsoela ka ntle ho meeli ea Jerusalema, Judea le Galilea, ba ile ba tobana le litšitiso tse ncha ha ba kopana le batho ba merabe e meng le ba buang lipuo lisele. E ka ’na eaba ba bang ba bona ba ne ba pakela Bajuda feela. Empa morutuoa Luka oa tlaleha o re: “Ho ne ho e-na le banna ba bang ba Cyprase le Cyrene ba ileng ba tla Antioke ’me ba qala ho bua le batho ba buang Segerike, ba bolela litaba tse molemo tsa Morena Jesu.”—Liketso 11:19-21.

Molimo ea Seng Leeme o Tšoaretse Bohle Molaetsa

5. Ho hloka leeme ha Jehova ho bonahala joang mabapi le litaba tse molemo?

5 Liketsahalo tseo li lumellana le litsela tsa Molimo; ho hang Molimo ha a ee ka leeme. Ka mor’a hore Jehova a thuse moapostola Petrose hore a lokise pono ea hae ka batho ba lichaba, ka mantsoe a tletseng teboho o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35; Pesaleme ea 145:9) Ha moapostola Pauluse, eo pele e neng e le mohlorisi oa Bakreste, a ne a bolela hore thato ea Molimo ke “hore batho ba mefuta eohle ba pholohe,” o ile a boela a tiisa hore Molimo ha a leeme. (1 Timothea 2:4) Ho bontša hore Mōpi ha a leeme, tšepo ea ’Muso e fumanoa ke batho bohle ho sa tsotellehe hore na ke banna kapa basali, ke ba morabe ofe, ke ba sechaba sefe kapa ba bua puo efe.

6, 7. Ke boprofeta bofe ba Bibele bo boletseng esale pele hore litaba tse molemo li tla hasoa lichabeng tse ngata ebile e le ka lipuo tse sa tšoaneng?

6 Keketseho ena e etsahalang lichabeng tse ngata e ile ea boleloa esale pele lilemong tse makholo tse fetileng. Ho ea ka boprofeta ba Daniele, “[Jesu o ile] a fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse.” (Daniele 7:14) Hore ebe makasine ena e hatisoa ka lipuo tse 151 le hore e ajoa lefatšeng ka bophara, e leng se u nolofalletsang hore u ithute ka ’Muso oa Jehova, ho bontša hore boprofeta boo ba Bibele boa phethahala.

7 Bibele e ile ea bolela esale pele ka nako eo ka eona batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba neng ba tla utloa molaetsa oa eona o phelisang. Ha Zakaria a hlalosa kamoo borapeli ba ’nete bo neng bo tla hohela batho ba bangata kateng, o ile a profeta a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda [Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, bao e leng karolo ea “Iseraele ea Molimo”], ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23; Bagalata 6:16) Ha moapostola Johanne a hlalosa seo a se boneng ponong, o ile a re: “Bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” (Tšenolo 7:9) Ka sebele re bone ha boprofeta boo bo phethahala!

Ho Finyella Batho ba Mefuta Eohle

8. Ke boemo bofe ba sebele bo teng mehleng ee bo entseng hore ho be le liphetoho mosebetsing oa rōna oa ho paka?

8 Kajeno batho ba bangata ba fallela linaheng tse ling. Tšebelisano ea linaha litabeng tse sa tšoaneng e hlahisitse mehla e mecha ea ho falla. Matšoele-tšoele a batho ba tsoang libakeng tse thefutsoeng ke lintoa le linaheng tse futsanehileng ba falletse libakeng tse tsitsitseng haholoanyane, ba batla mokhoa oa bophelo o sireletsehileng oa ho fumana lintho tse bonahalang. Linaheng tse ngata, tšubuhlellano ea batho ba tsoang linaheng tse ling le baphaphathehi e feletse ka hore metseng e meholo ho be le lihlopha tsa batho ba buang lipuo lisele. Ka mohlala, Finland ho buuoa lipuo tse fetang 120; Australia teng palo eo e ka holimo ho 200. Motseng o le mong feela United States—oa San Diego—ho buuoa lipuo tse fetang 100!

9. Re lokela ho ba le pono efe ka batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng ba leng tšimong ea rōna?

9 Na rōna joaloka basebeletsi ba Bakreste re talima batho baa ba buang lipuo lisele e le tšitiso tšebeletsong ea rōna? Che, ha ho joalo. Ho e-na le hoo, re talima sena e le katoloso e ntle ea tšimo eo re e sebetsang—e le ‘masimo a soeufaletseng kotulo.’ (Johanne 4:35) Re ikitlaetsa ho hlokomela batho ba elang hloko litlhoko tsa bona tsa moea, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe kapa hore na ba bua puo efe. (Matheu 5:3) Ka lebaka leo, selemo le selemo batho ba bangata ba buang “leleme le leng le le leng” ba fetoha barutuoa ba Kreste. (Tšenolo 14:6) Ka mohlala, ho fihlela ka August 2004, mosebetsi oa boboleli o ne o etsoa ka lipuo tse ka bang 40 Jeremane. Ka nako e tšoanang, litaba tse molemo li ne li boleloa ka lipuo tse ka bang 30 Australia, ha lilemong tse leshome feela tse fetileng li ne li boleloa ka lipuo tse 18. Greece, Lipaki Tsa Jehova li ne li buisana le batho ka lipuo tse sa tšoaneng tse ka bang 20. Lefatšeng ka bophara, karolo e batlang e etsa 80 lekholong ea Lipaki Tsa Jehova e bua lipuo tse ling ho fapana le Senyesemane, e leng puo ea machaba e atileng haholo.

10. Mohoeletsi ka mong o phetha karolo efe mosebetsing oa ho etsa batho ba “lichaba tsohle” barutuoa?

10 Ruri taelo ea Jesu ea hore ho ‘etsoe batho ba lichaba tsohle barutuoa’ ea phethahatsoa! (Matheu 28:19) E le ha li amohela thōmo eo ka cheseho, Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi oa tsona ka mafolofolo linaheng tse 235, li aba lingoliloeng ka lipuo tse fetang 400. Le hoja mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lokisetsa boitsebiso bo hlokahalang hore ho finyelloe batho, mohoeletsi ka mong oa ’Muso o lokela ho nka bohato ka boeena hore a fetisetse molaetsa oa Bibele ho “batho ba mefuta eohle” ka puo eo ba ka e utloisisang hantle. (Johanne 1:7) Boiteko bona bo kopanetsoeng bo nolofalletsa batho ba limilione ba buang lipuo tse sa tšoaneng hore ba rue molemo litabeng tse molemo. (Baroma 10:14, 15) Ruri e mong le e mong oa rōna o phetha karolo ea bohlokoa!

Ho Sebetsana le Phephetso eo ka Katleho

11, 12. (a) Ke liphephetso life tseo re lokelang ho tobana le tsona, hona moea o halalelang o re thusa joang? (b) Ke hobane’ng ha ka tloaelo ho le molemo ho bolella batho litaba tse molemo ka puo ea habo bona?

11 Kajeno, bahoeletsi ba bangata ba ’Muso ba ka rata ho ithuta puo e ’ngoe, empa ba ke ke ba itšetleha ka limpho tsa mohlolo tsa moea oa Molimo kapa ba lebella hore ba tla li fumana. (1 Bakorinthe 13:8) Ho ithuta puo e ncha ke mosebetsi o moholo. Esita le ba seng ba ntse ba tseba ho bua puo e ’ngoe ba ka ’na ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona le tsela eo ba buang le ba bang ka eona e le ho etsa hore molaetsa oa Bibele o ipiletse ho batho ba buang puo eo empa ba hōlisitsoe ka tsela e fapaneng ebile ba na le setso se fapaneng. Taba e ’ngoe hape ke hore hangata batho ba tsoang linaheng tse ling ba lihlong; kahoo ho hlokahala boiteko bo matla ho utloisisa tsela eo ba nahanang ka eona.

12 Leha ho le joalo, moea o halalelang o ntse o sebetsa har’a bahlanka ba Jehova ha ba ntse ba leka ho thusa batho ba buang lipuo tse ling. (Luka 11:13) Ho e-na le ho re nolofalletsa ho bua lipuo tse ling ka mohlolo, moea o ka totisa takatso ea rōna ea hore re buisane le batho ba sa bueng lipuo tsa rōna. (Pesaleme ea 143:10) Ho bolella batho molaetsa oa Bibele kapa ho ba ruta oona ka puo eo ba sa e tloaelang ho ka ’na ha etsa hore molaetsa o felle feela ka likelellong tsa bona. Leha ho le joalo, e le hore re susumetse lipelo tsa batho bao re buang le bona, hangata ho molemo ho sebelisa puo ea habo bona—puo e amang ka ho teba litabatabelo tsa bona, lipakane le litebello tsa bona.—Luka 24:32.

13, 14. (a) Ke’ng e susumetsang ba bang hore ba thahaselle ho sebetsa tšimo ea batho ba buang puo esele? (b) Moea oa boitelo o bonoa ka tsela efe?

13 Bahoeletsi ba bangata ba ’Muso ba thahasella ho sebetsa tšimong ea batho ba buang puo esele ha ba hlokomela tsela e molemo eo ka eona batho ba amohelang ’nete ea Bibele. Ba bang ba ikutloa ba le sehlahlo ha tšebeletso ea bona e ba e phephetsang le e thahasellisang haholoanyane. Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e karolong e ka boroa ea Europe e re: “Batho ba bangata ba tsoang Europe Bochabela ba nyoretsoe ’nete.” Ho khotsofatsa hakaakang ho thusa batho ba joalo ba amohelang molaetsa!—Esaia 55:1, 2.

14 Leha ho le joalo, hore re behe litholoana mosebetsing ona, ho hlokahala hore re ikemisetse re be re itele. (Pesaleme ea 110:3) Ka mohlala, malapa a mangata a Lipaki tsa Majapane a tetse matlo a ’ona a mabothobotho metseng e meholo ’me a falletse libakeng tse thōko ho ea thusa lihlopha tsa bafalli ba tsoang Chaena hore ba utloisise Bibele. Karolong e ka bophirimela ea lebōpo la leoatle United States, kamehla bahoeletsi ba tsamaea hora e le ’ngoe ho isa ho tse peli ka koloi ho ea khannela batho ba tšimong ea Sefilipino lithuto tsa Bibele. Norway, banyalani ba bang ba ithuta le lelapa le tsoang Afghanistan. Banyalani bao ba Lipaki ba sebelisa bukana ea Senyesemane le ea Senorway ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?a Lelapa leo le bala lirapa ka Sepersia, e leng puo e tšoanang haholo le puo ea habo bona ea Sedari. Ba buisana ka Senyesemane le ka Senorway. Moea o joalo oa boitelo le oa ho ikamahanya le maemo o putsoa ka ho enneng ha batho ba tsoang linaheng tse ling ba amohela litaba tse molemo.b

15. Kaofela ha rōna re ka ba le seabo joang mosebetsing oa ho bolela o etsoang ka lipuo tse ngata?

15 Na u ka ba le seabo mosebetsing oo o etsoang ka lipuo tse ngata? Ke hobane’ng ha u sa qale ka hore u fumane hore na ke lipuo life tsa linaheng lisele tse buuoang haholo tšimong ea heno? Joale u ka nka lipampitšana le libukana ka lipuo tseo. Bukana e bitsoang Good News for People of All Nations, e lokolotsoeng ka 2004, e se e phethile karolo ea bohlokoa ho phatlalatseng tšepo ea ’Muso ka molaetsa oa eona o bonolo, o hahang o ngotsoeng ka lipuo tse ngata-ngata.—Bona sehlooho se reng “Good News for People of All Nations,” se leqepheng la 32.

‘Ho Rata Mojaki’

16. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ka bontša thahasello e se nang boithati joang ha ba thusa batho ba buang puo esele?

16 Ebang re ithuta puo e ’ngoe kapa che, kaofela re ka thusa mosebetsing oa moea oa ho ruta batho ba tsoang linaheng lisele ba tikolohong ea rōna. Jehova o ile a laela batho ba hae hore ba “rate mojaki.” (Deuteronoma 10:18, 19) Ka mohlala, motseng o mong o moholo oa Amerika Leboea, liphutheho tse hlano li kopanela Holong e le ’ngoe ea ’Muso. Joaloka liholong tse ling tse ngata, selemo le selemo ho fetoloa linako tsa liboka. Phetoho eo ea linako tsa liboka e ne e tla etsa hore phutheho ea Sechaena e tšoare liboka tsa eona hamorao ka Sontaha. Leha ho le joalo, sena se ne se tla bolela hore bajaki ba bangata ba sebetsang lireschorenteng ba ne ba tla sitoa ho ea libokeng. Empa ka mosa baholo ba liphutheho tse ling ba ile ba etsa liphetoho tse itseng e le hore liboka tsa Sechaena li tšoaroe esale hoseng ka Sontaha.

17. Re lokela ho ikutloa joang ha ba bang ba etsa qeto ea ho fallela sebakeng se seng ho ea thusa batho ba buang puo e ’ngoe?

17 Balebeli ba lerato ba babatsa bara le barali babo rōna ba tšoanelehang le ba nang le bokhoni ba batlang ho fallela libakeng tse ling hore ba il’o thusa lihlopha tse buang lipuo tse ling. Mesuoe ea Bibele e nang le phihlelo joalo e ka ’na ea baka sekheo liphuthehong tsa habo eona, empa balebeli ba ikutloa joaloka baholo ba Lystra le Ikoniamo. Baholo bao ha baa ka ba thibela Timothea hore a tsamaee le Pauluse, esita le hoja Timothea e ne e le motho oa bohlokoahali liphuthehong tsa habo bona. (Liketso 16:1-4) Ho phaella moo, ba etellang pele mosebetsing oa boboleli ha ba nyahamisoe ke hore ebe batho ba tsoang linaheng tse ling ba nahana ka tsela e sa tšoaneng le ea bona, ba na le meetlo e sa tšoaneng kapa mekhoa e sa tšoaneng. Ho e-na le hoo, ba amohela ho se tšoane hoo ’me ba batla litsela tsa ho ba le likamano tse ntle le bona ka lebaka la litaba tse molemo.—1 Bakorinthe 9:22, 23.

18. Bohle ba bulehetsoe ke monyako ofe o moholo oa tšebetso?

18 Joalokaha ho ile ha profetoa, litaba tse molemo li boleloa “lipuong tsohle tsa lichaba.” Ho ntse ho e-na le monyetla o babatsehang oa hore ho be le keketseho tšimong ea batho ba buang lipuo lisele. Bahoeletsi ba likete ba khonang ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng ba kene ka ‘monyako ona o moholo o isang tšebetsong.’ (1 Bakorinthe 16:9) Leha ho le joalo, ho hlokahala ho eketsehileng hore re hlaolele masimo a joalo, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

b Hore u fumane mehlala e eketsehileng, bona sehlooho se reng “Boitelo bo Fokolang Boo re bo Entseng bo re Tliselitse Litlhohonolofatso Tse Enneng” Molula-Qhooeng oa April 1, 2004, leqepheng la 24-8.

Na U ka Hlalosa?

• Re ka etsisa Jehova joang ka ho se bontše leeme ho batho bohle?

• Re lokela ho ba le pono efe ka batho ba tšimong ea rōna ba sa bueng puo ea habo rōna?

• Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bolella batho litaba tse molemo ka puo ea habo bona?

• Re ka bontša joang hore re amehile ka batho ba tsoang linaheng tse ling ba leng har’a rōna?

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Roma

KRETA

ASIA

FRIGIA

PAMFILIA

PONTASE

KAPADOSIA

MESOPOTAMIA

MEDIA

PARTHIA

ELAME

ARABIA

LIBYA

EGEPETA

JUDEA

Jerusalema

[Metsi]

Leoatle la Mediterranean

Leoatle le Letšo

Leoatle le Lefubelu

Kou ea Persia

[Setšoantšo]

Ka Pentekonta ea 33 C.E., batho ba tsoang libakeng tse 15 tsa ’Muso oa Roma ba ile ba utloa litaba tse molemo ka lipuo tsa habo bona

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba amohela ’nete ea Bibele hantle

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Letšoao Holong ea ’Muso ka lipuo tse hlano

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela