Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/13 maq. 3-6
  • Mohlomong U Tla Lokela ho ba Batla Pele U ea Tšimong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlomong U Tla Lokela ho ba Batla Pele U ea Tšimong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Puo eo U e Bonang!
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 1/13 maq. 3-6

Mohlomong U Tla Lokela ho ba Batla Pele U ea Tšimong

1. Ke hobane’ng ha liphutheho tse libakeng tseo ho buuoang lipuo tse ngata li abeloa tšimo ho latela lipuo tsa tsona?

1 Ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba amohela moea o halalelang, ʼme ka mor’a moo “ba qala ho bua ka maleme a fapaneng” le batho ba neng ba tsoa likarolong tse ling tse hōle tsa lefatše. (Lik. 2:4) Ka lebaka leo, ho ile ha kolobetsoa batho ba kang bang 3 000. Ho thahasellisang ke hore ho bonahala eka boholo ba baeti bao bo ne bo boetse bo bua puo e ʼngoe e tloaelehileng, mohlomong ea Seheberu kapa Segerike. Leha ho le joalo, Jehova o ile a khetha hore ba bolelloe molaetsa oa ʼMuso ka lipuo tsa habo bona. Ha ho pelaelo hore lebaka le leng ke hore hangata batho ba nka khato ka litaba tse molemo habonolo ha ba li utloa ka lipuo tsa habo bona. Ka lebaka leo, kajeno libakeng tseo ho buuoang lipuo tse ngata, liphutheho li abeloa tšimo ho latela lipuo tsa sebaka seo. (Ho Hlophisetsoa, leq. 107, lir. 2-3) Lihlopha tsa lipuo lisele ha li abeloe tšimo, empa li pakela batho ba buang lipuo tseo tšimong ea phutheho eo sehlopha seo se ikarabellang ho eona le ea liphutheho tse ling tse tikolohong eo.

2. (a) U ka hlalosa mosebetsi oa ho batla joang, hona ho ka hlokahala hore o etsoe maemong afe? (b) Liphutheho li ka thusana joang ho sebetsa tšimo ea lipuo tse ngata? (c) Re lokela ho etsa’ng ha re fumana motho oa puo e ʼngoe ea thabelang litaba tse molemo?

2 Haeba u lula moo batho bohle ba buang puo e le ʼngoe, ho bonolo ho paka ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, boemo bo ka ’na ba fapana haeba u lula litoropong tse khōlō moo ho buuoang lipuo tse ngata. Ho ka etsahala hore ebe liphutheho tsa lipuo tse ling li paka tikolohong eona eo. Le hoja liphutheho tse ling li ka ’na tsa le fa boitsebiso ba batho bao li ba fumaneng ba buang puo ea lōna, ke boikarabelo ba phutheho ea lōna kapa sehlopha sa lōna ho fumana batho bao le ka ba pakelang. (Sheba lebokose la sehlooho se reng “Thusanang.”) Kahoo, mohlomong ho tla hlokahala hore le kene mosebetsing oa ho batla, oo ho oona le batlang ho fumana batho ba buang puo e itseng. Mosebetsi oo oa ho batla o ka etsoa joang?

3. Ke eng e ka thusang phutheho kapa sehlopha ho etsa qeto ea hore na e tla etsa mosebetsi oa ho batla batho hokae le hore na e qeta nako e kae ho oona?

3 Ho Hlophisa Mosebetsi oa ho Batla: Nako e tla qetoa mosebetsing oa ho batla batho libakeng tseo ho buuoang lipuo tse ngata, e itšetlehile ka maemo a sebaka ka seng. Ka mohlala, ke batho ba bakae ba buang puo eo sebakeng seo? Ho na le bahoeletsi ba bakae sebakeng seo? Phutheho kapa sehlopha se se se e-na le liaterese tse kae tsa batho ba buang puo eo? Ha ho hlokahale hore phutheho e batlisise ka tsela e tšoanang sebakeng se seng le se seng se haufi empa e ka khetha ho ikitlaetsa tšimong ea eona e nang le baahi ba bangata haholo le libakeng tse seng hōle haholo. Leha ho le joalo, ho ba le tokisetso e ntle ea ho batla ke habohlokoa e le hore batho ba bangata kamoo ho khonehang ba ka fuoa monyetla oa ho ipiletsa lebitsong la Jehova.—Bar. 10:13, 14.

4. (a) Mosebetsi oa ho batla o lokela ho hlophisoa joang? (b) Litsela tse ling tsa ho fumana batho ba buang puo ea lōna ke life?

4 E le hore ho se ke ha pheta-phetoa mosebetsi oa ho batla sebakeng se le seng ho sa hlokahale, sehlopha sa baholo, haholo-holo molebeli oa tšebeletso, se lokela ho hlophisa le ho hlokomela mosebetsi oa ho batla. (1 Bakor. 9:26) Lihlopheng tsa lipuo lisele, mor’abo rōna ea tšoanelehang, ebang ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea khethiloeng ke sehlopha sa baholo sa phutheho e ikarabellang, a ka etella pele mosebetsing oo. Liphutheho tse ngata le lihlopha li qala ka ho etsa litokisetso tsa mosebetsi oa ho batla, mohlomong li sebelisa buka ea linomoro tsa thelefono kapa Inthanete ho bokella mabitso a tloaelehileng puong eo. Ka mor’a moo, mosebetsi oa ho batla o etsoa ka ho founa kapa ka ho etela batho malapeng ho bona hore na ke liaterese life tse ka kenyelletsoang lethathamong la batho ba buang puo eo. Haeba ho loketse, sehlopha sa baholo ba phutheho e ikarabellang se ka lokisetsa hore ka linako tse itseng, phutheho eohle e kopanele mosebetsing oa ho batla.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Kamoo U ka Fumanang ba Buang Puo ea Heno.”

5. (a) Tse ling tsa lintho tseo bahoeletsi ba ka li buang ha ba etsa mosebetsi oa ho batla batho ke life? (b) Re ka re’ng ho batho ha re le mosebetsing oa ho batla?

5 Re lokela ho ba le sepheo se hlakileng nako le nako ha re kopanela mosebetsing oa ho batla. Kaha mosebetsi ona ke karolo ea tšebeletso, re lokela ho apara joaloka batho ba eang tšimong. Ba bangata ba hlokometse hore ho pheta-pheta taba eo ba tla bua ka eona le ho bua puo eo ha ba ntse ba batla batho, ho ba thusa hore ba lule ba cheseha ebile ho leotsa bokhoni ba bona ba ho bua puo eo. Re ka tlaleha nako eo re e qetang re batla batho, empa re ke ke ra tlaleha nako eo re e qetang re lokisa limmapa tsa tšimo le manane a mabitso. Ha re fumana motho ea buang puo eo, re lokela ho leka ho mo bolella litaba tse molemo ʼme ka mor’a moo re potlakele ho tsebisa molebeli oa tšebeletso kapa e mong eo a mo khethileng e le hore litlaleho tsa tšimo li ka lokisoa. Re lokela ho etsoa joalo ebang motho eo o bontšitse thahasello kapa che. Le hoja mosebetsi oa ho batla batho e le oa bohlokoa, re lokela ho etsa lintho ka teka-tekano ʼme re kopanele likarolong tsohle tsa boboleli.—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Seo U ka se Buang Mosebetsing oa ho Batla Batho.”

6. Ho batla batho ba sa utloeng litsebeng ho na le liphephetso life tse ikhethang?

6 Ho Batla Batho ba sa Utloeng Litsebeng: Ho batla batho ba sa utloeng litsebeng ho na le liphephetso tse ikhethang ʼme ho hloka boiteko bo matla le ho phehella. Motho ea sa utloeng litsebeng a ke ke a tsejoa ka tsela eo lebitso la hae le ngoloang ka eona, eo a shebahalang ka eona kapa eo a aparang ka eona. Ho feta moo, litho tsa lelapa le metsoalle li ka ’na tsa leka ho mo sireletsa ʼme tsa ba leqe ho fana ka boitsebiso ho bahoeletsi ba ntseng ba etsa mosebetsi oa ho batla batho ba joalo. Litlhahiso tse latelang tsa ho batla batho ba sa utloeng litsebeng li ka thusa esita le ha ho batloa batho ba buang ka tsela e tloaelehileng.

7. (a) Ke lintho life tseo re ka li botsang ha re batla batho ba sa utloeng litsebeng libakeng tsa bolulo? (b) Re ka felisa pelaelo ea mong’a ntlo joang?

7 Liphutheho le lihlopha tsa puo ea matsoho li ʼnile tsa atleha ha li etsa mosebetsi oa ho batla libakeng tseo batho ba lulang ho tsona. Mohlomong motho eo u buang le eena o kile a bona moahisani, mosebetsi-ʼmoho, kapa motho eo a kenang sekolo le eena ea buang puo ea matsoho. Ho ka etsahala hore ebe o kile a bona letšoao la tsela le hlokomelisang baahisani hore ho na le bana ba sa utloeng litsebeng sebakeng seo. Mohlomong o na le mong ka eena ea sa utloeng litsebeng. U hopole hore batho ba bang ba ka ʼna ba belaella boeti ba hao. Leha ho le joalo, u ka ba kokobetsa matsoalo ka ho bua le bona ka botsoalle, u itlhalose hakhutšoanyane ka botšepehi le ka tlhompho. Ba bang ba ile ba atleha ha ba bontša beng ba matlo Bibele kapa li-DVD tsa lipuo tse ling tsa matsoho ha ka nako e tšoanang ba botsa beng ba matlo hore na ho na le batho bao ba ba tsebang ba sa utloeng litsebeng. Ebe ba bolela hore ba lakatsa ho bua le batho bao ka litšepiso tsa Bibele. Haeba mong’a ntlo a tsilatsila ho fana ka boitsebiso, mohlomong a ka khetha hore u mo fe karete e nang le aterese ea hao kapa memo bakeng sa liboka tsa phutheho hore a tle a li fe mong ka eena kapa motsoalle ea sa utloeng litsebeng.

8. Phutheho e haufi le ea puo ea matsoho e ka e thusa joang?

8 Letsatsi le le leng kapa a mabeli ka selemo, phutheho ea puo ea matsoho e ka mema phutheho e haufi eo e seng ea puo ea matsoho hore e tl’o e thusa ho etsa mosebetsi oa ho batla batho ho e ʼngoe ea litoropo tse ka har’a tšimo ea tsona e khōlō. Seboka sa tšebeletso se tšoaroang ke phutheho ea puo ea matsoho se ka akarelletsa litaelo le pontšo bakeng sa mosebetsi ona oa ho batla. Sehlopha ka seng se tsamaeang ka koloi se ka abeloa mohoeletsi a le mong oa phutheho ea puo ea matsoho ʼme sa fuoa ʼmapa o bontšang sebaka seo se ka batlang batho ho sona ka ho toba.

9. Mosebetsi oa ho batla o ka etsoa joang moo batho ba sa utloeng litsebeng ba bokanang teng ho ithabisa le ho ikhatholla kapa moo ba fumanang litšebeletso tsa bohlokoa?

9 Libaka tse ling tseo ho ka batloang ho tsona ke moo batho ba sa utloeng litsebeng ba bokanang teng ho ithabisa le ho ikhatholla kapa moo ba fumanang litšebeletso tsa sechaba. Bahoeletsi ba lokela ho apara ka tsela e tšoanelang boemo. Ho e-na le ho qoqa le sehlopha kaofela ho ka ba molemo ho qoqa le motho a le mong kapa ba babeli. Haeba moqoqo oo o atleha, mohlomong le ka fanana linomoro tsa fono kapa liaterese.

10. Bahoeletsi ba ka etsa mosebetsi oa ho batla joang libakeng tsa habo bona tsa khoebo?

10 Mokhoa o mong ke oa ho etsa limmapa tse bontšang likhoebo tsa sebakeng seo ebe le li etela ka nako e loketseng. ʼMapa o mong o ka akarelletsa likarache tsa peterole. O mong o ka ba le li-dry clean, libaka tsa ho hlatsoetsa, lireschorente, lihotele, kapa mofuta o mong oa khoebo. Haeba ʼmapa ka mong o e-na le likhoebo tsa mofuta o tšoanang, bahoeletsi ba ka sebelisa mokhoa o tšoanang oa ho batla ʼme ba fumana boiphihlelo le bokhoni. Ka mohlala, kaha hangata lihotele li amohela baeti ba sa utloeng litsebeng, ka bokhutšoanyane re ka hlalosetsa motho ea amohelang baeti mosebetsi oa rōna ʼme ra mo fa sephutheloana se nang le DVD le memo ea liboka tsa phutheho hore li fuoe baeti ba sa utloeng litsebeng. Libakeng tse ling tsa khoebo re ka botsa feela hore na ho na le basebetsi kapa batho ba tlang moo kamehla ba buang puo ea matsoho. Haeba sebakeng seo ho e-na le sekolo sa batho ba sa utloeng litsebeng, re ka fana ka tse ling tsa li DVD tsa lingoliloeng tsa rōna hore li behoe laebraring ea sekolo.

11. Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho batla e le karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna?

11 Mosebetsi oa Bohlokoa: Ho fumana beng ba matlo ba buang puo ea habo lōna e ka ba mosebetsi o boima. Ho phaella moo, lipuo tse buuoang libakeng tse ling li ka fetoha ka potlako ha batho ba falla libakeng tseo kapa ba fallela ho tsona, ʼme sena se etsa hore ho be thata ho boloka litlaleho tsa tšimo li le nakong. Leha ho le joalo, libakeng tse ngata, mosebetsi oa ho batla ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna. Jehova, e leng eena ea re fileng mosebetsi oa ho bolela, ha a leeme. (Lik. 10:34) Thato ea hae ke “hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:3, 4) Kahoo, e se eka re ka sebelisana le Jehova ra ba ra sebelisana-ʼmoho hore re fumane batho ba lipuo tsohle ba nang le “pelo e ntle le e molemo.”—Luka 8:15.

[Lebokose le leqepheng la 3]

Thusanang

Haeba phutheho kapa sehlopha se lakatsa ho thusoa hore se fumane batho ba buang puo ea sona bao se ka ba pakelang, molebeli oa tšebeletso a ka buisana le baholo ba liphutheho tsa lipuo tse ling tse haufi. Mohlomong ho ka ba molemo ho buisana feela le liphutheho tse seng hōle haholo kapa tse nang le baahi ba bangata ba buang puo eo. Liphutheho tseo ho buisanoeng le tsona li ka tsebisa bahoeletsi ba tsona hore haeba ba fumana motho ea buang puo eo, ba lokela ho ngola aterese ea hae ʼme ba e fe molebeli oa tšebeletso hore a e fetisetse phuthehong kapa sehlopheng se kōpang thuso. Balebeli ba tšebeletso ba liphutheho tse amehang ba ka nahana ka mokhoa o molemo oa ho akaretsa tšimo ea lipuo tse ngata le oa ho lebisa batho ba thahasellang phuthehong kapa sehlopheng se loketseng.

Haeba bahoeletsi ba fumana motho ea buang puo e ʼngoe, ea thahasellang e le kannete (kapa motho ea sa utloeng litsebeng), ba lokela ho tlatsa ka potlako foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43) ebe ba e fa mongoli oa phutheho. Sena se tla etsa hore motho eo a fumane thuso ea moea ka potlako.—Sheba km 5/11 leq. 3.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Kamoo U ka Fumanang ba Buang Puo ea Heno

• Botsa ba bang—liithuti tsa Bibele, litho tsa lelapa, basebetsi-ʼmoho, joalo joalo.

• Sebelisa buka ea linomoro tsa thelefono ho fumana mabitso a tloaelehileng puong eo. Mohlomong buka ea linomoro tsa thelefono e hlophisitseng mabitso ho latela liaterese e ka fumaneha Inthaneteng kapa k’hamphaning ea lithelefono.

• Botsa ka bohlale libakeng tse fanang ka litšebeletso sechabeng, tse kang lilaebrari, liofisi tsa ʼmuso le likoleche.

• Batla litsebiso koranteng ea motse mabapi le liketsahalo tsa sechaba tse hlophisitsoeng ke batho ba naha e itseng ba buang puo esele.

• Etela mabenkeleng le likhoebong tse fanang ka litšebeletso ho batho ba naha e itseng ba buang puo esele.

• Ha u lumeletsoe ke ba ikarabellang, beha tafole ea lingoliloeng sebakeng sa khoebo, setsing sa liithuti tsa univesithi, kapa sebakeng sa lipalangoang se sebelisoang haholo ke batho ba puo eo.

• Haeba molao oa naha o lumela, reka buka ea khoebo ea linomoro tsa thelefono kapa lenaneo la k’homphieutha le batlang libaka tsa sechaba Inthaneteng.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Seo U ka se Buang Mosebetsing oa ho Batla Batho

Ho qala moqoqo ka botsoalle, ka botšepehi le ka ho toba ho tla felisa lipelaelo. Hangata ho molemo ho qala ka ho bontša motho lingoliloeng tsa puo eo.

Ha u qeta ho lumelisa, u ka ʼna ua re: “Re ntse re batla batho ba buang ․․․․․ hore re qoqe le bona ka seo Bibele e se tšepisang. Na ho na le motho eo u mo tsebang eo re ka buang le eena?”

Ha u batla batho ba sa utloeng litsebeng u ka re: “Lumela. Ke kōpa ho u bontša ntho ena? [Haeba u sebelisa se-bapala livideo se senyenyane kapa smartphone, bapala video e bontšang temana ea Bibele ka puo ea matsoho.] Re na le livideo tse ʼmaloa tse sa lefelloeng tse lokiselitsoeng ho ruta batho ba sa utloeng litsebeng hore ba tsebe Molimo. Na u tseba motho leha e le ofe ea sa utloeng litsebeng kapa ea utloelang thateng, ea sebelisang puo ea matsoho?” Haeba ho se na eo mong’a ntlo a mo tsebang, hangata ho molemo ho fana ka mehlala ea libaka tseo e ka ʼnang eaba o bone motho ea sa utloeng litsebeng ho tsona, tse kang mosebetsing, sekolong kapa moo a lulang teng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela