Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 8/15 maq. 24-27
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Utloa ka ho Bona
  • Likhatiso Tsa Puo ea Matsoho li Phetha Karolo e Khōlō
  • “Liboka ka Puo ea Heso!”
  • Lipelo Tsa Bona li Tletse Kananelo
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Thuto ea Bibele e Tsoela Batho ba sa Utloeng Litsebeng Molemo”
    Tsoha!—2010
  • Ho Mamela ka Mahlo a Hao
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 8/15 maq. 24-27

‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’

SEFAHLEHO sa motho se na le mesifa e fetang 30. Hore feela motho a bososele, ho ameha mesifa e 14 e sebetsang hammoho! Nahana feela hore na ho ne ho tla ba joang haeba u ne u qoqa le batho u se na mesifa ena. Na moqoqo o ne o tla ba monate? Le hanyenyane. Leha ho le joalo, mesifa ea lifahleho tsa batho ba sa utloeng litsebeng ha e etse feela hore moqoqo e be o monate. Ha e tsamaisana le boitšisinyo ba litho tsa ’mele, e phetha karolo ea bohlokoa ea ho fetisa mehopolo le maikutlo. Batho ba bangata ba ’nile ba hlolloa ke tsela eo ka eona batho ba buang puo ea matsoho ba khonang ho qaqisa moelelo o poteletseng esita le mehopolo e rarahaneng.

Morao tjena, batho ba sa utloeng litsebeng lefatšeng ka bophara ba bone sefahleho se seng se itlhalosang ka ho hlaka le se bileng se bontšang seo se leng sona ho feta sefahleho sa motho ofe kapa ofe. Ba bone “sefahleho sa Jehova” ka tsela ea tšoantšetso. (Lillo 2:19) Sena ha sea etsahala ka mohlolo. Ho tloha khale Jehova o ’nile a bontša hore o rata batho ba sa utloeng litsebeng ka lerato le leholo. O ile a etsa joalo mehleng ea sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. (Lev. 19:14) Le mehleng ea kajeno, lerato leo a ratang batho ba sa utloeng litsebeng ka lona le bonahetse haholo. “Thato ea [Molimo ke] hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Ha e le hantle, batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba bone sefahleho sa hae ka hore ba be le tsebo e nepahetseng ea seo e leng ’nete ka Molimo. See ba se entse joang empa ba sa tsebe ho bua? Pele re araba potso eo, a re ke re tšohleng hore na ke hobane’ng ha puo ea matsoho e le ea bohlokoa ho batho ba sa utloeng litsebeng.

Ba Utloa ka ho Bona

Ho na le maikutlo a mangata a fosahetseng ka batho ba sa utloeng litsebeng le ka puo ea matsoho. E-re re ke re u thuse ho utloisisa seo e leng ’nete ka batho ba sa utloeng litsebeng. Batho ba sa utloeng litsebeng ba ka khanna likoloi. Ho thata haholo hore ba utloisise seo motho a se buang ka hore feela ba mo shebe molomong ha a ntse a bua. Ho hang puo ea matsoho ha e tšoane le mongolo oa Braille, ebile hase boitšisinyo feela bo sa reng letho. Ha ho na puo e le ’ngoe ea matsoho e ka sebelisoang lefatšeng kaofela. Ha e le hantle, tsela eo batho ba sa utloeng litsebeng ba buang ka eona, e fapana ho ea ka libaka.

Na batho ba sa utloeng litsebeng ba ka khona ho bala? Le hoja batho bang ba sa utloeng litsebeng ba bala hantle, ’nete ke hore boholo ba bona ba thatafalloa ke ho bala. Hobane’ng? Hobane ntho e ngotsoeng ke eona e buuoang. Nahana hore na ngoana ea utloang litsebeng o ithuta ho bua joang. Ho tloha ha ngoana a hlaha, o hōlela har’a batho ba buang puo ea sebaka seo. Ka mor’a nako e khutšoanyane, o khona ho bōpa mantsoe le ho etsa lipolelo. Seo se itlela feela ha a ntse a utloa puo e buuoa. Kahoo, ha bana ba utloang litsebeng ba qala ho bala, ba ithuta feela hore mantsoe a ngotsoeng leqepheng a tsamaisana le molumo le mantsoe ao ba seng ba ntse ba a tseba.

Joale, nahana u se u le naheng esele ’me u le ka kamoreng e entsoeng ka khalase e sa kenyeng molumo. Ho hang ha u e-s’o utloe ha puo ea sebakeng seo e buuoa. Letsatsi le leng le le leng, batho ba moo ba tla ho uena ’me ba leka ho bua le uena le khalaseng. Ha u khone ho utloa hore na ba re’ng. U bona feela hore ba bebenya melomo. Ha ba hlokomela hore ha u utloisise hore na ba re’ng, ba ngola mantsoe ’ona ao pampiring ebe ba u bontša seo ba se ngotseng le leboteng la khalase. Ba nahana hore e tlameha ebe u utloisisa seo ba se ngotseng. U nahana hore u ne u tla se utloisisa hakae? Ho ne ho tla ba thata hore u buisane le bona maemong ana. Hobane’ng? Hobane seo ba se ngotseng ke puo eo ho seng mohla u kileng ua e utloa e buuoa. Ha e le hantle, bona ke boemo boo batho ba sa utloeng litsebeng ba thulanang le bona.

Puo ea matsoho ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo batho ba sa utloeng litsebeng ba buang le batho ka eona. Motho o sebelisa sebaka se mo potolohileng ho hlalosa lintho tse etsahalang a sebelisa matšoao. O latela melao ea puo ea matsoho ka ho tsamaisa matsoho, ’mele le sefahleho. Ka tsela eo, ho ba le puo e etsang hore seo ho buuoang ka sona se bonahale.

Ha e le hantle, hoo e ka bang boitšisinyo bo bong le bo bong boo motho ea sa utloeng litsebeng a bo etsang ka matsoho, ka ’mele le ka sefahleho, bo na le seo bo se bolelang. Motho ha a tsamaise sefahleho hobane feela a batla ho khahla batho. Ho tsamaisa sefahleho ke karolo ea bohlokoa ea puo ea matsoho. Ka mohlala: Ha motho a botsa potso a phahamisitse lintši, seo se ka bontša hore o botsa potso e sa hlokeng karabo kapa e lokelang ho arajoa ka e, kapa che. Haeba motho a liha lintši, seo se ka bontša hore o botsa hore na ke mang, ke eng, ke hokae, ke neng, ke hobane’ng, kapa joang. Ho tsamaisa molomo ka tsela e itseng ho ka bontša boholo ba ntho kapa ba ketso. Tsela eo motho ea sa utloeng litsebeng a tsamaisang hlooho, mahetla le marama ka eona, le tsela eo a panyang ka eona, kaofela ke litsela tsa ho hlakisa moelelo o itseng o poteletseng.

Boitšisinyo bona bo thusa motho ea shebeletseng hore a natefeloe ke se buuoang. Ha batho ba sa utloeng litsebeng ba tsebang puo ea matsoho hantle ba sebelisa tsela ena e nang le mekhoa e mengata ea ho itlhalosa, ba khona ho hlalosa moelelo ofe kapa ofe—ebang ke thothokiso kapa taba e rarahaneng, ebang ke litaba tsa lerato kapa metlae, ebang ke lintho tseo motho a ka li bonang kapa tseo a ke keng a li bona.

Likhatiso Tsa Puo ea Matsoho li Phetha Karolo e Khōlō

Ha tsebo ea Jehova e hlalosoa ka tsela e bonahalang ka puo ea matsoho, ha e le hantle motho ea sa utloeng litsebeng o khona ho utloa molaetsa ebe o “beha tumelo” ho Mohloli oa molaetsa oo. Kahoo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa etsa boiteko bo matla ba ho bolella batho ba sa utloeng litsebeng litaba tse molemo lefatšeng lohle, le ho ba fa likhatiso tse ba tsoelang molemo. (Bar. 10:14) Hona joale, ho na le lihlopha tse 58 tsa bafetoleli ba puo ea matsoho lefatšeng lohle, ’me ho na le likhatiso tsa DVD ka lipuo tsa matsoho tse 40. Na mosebetsi oo kaofela o bile le molemo?

Jeremy, eo batsoali ba hae ba sa utloeng litsebeng o re: “Ke hopola ha Ntate a ne a qeta lihora tse ngata ka kamoreng ea hae a ithuta ka thata lirapa tse seng kae tsa sehlooho sa Molula-Qhooa, e le ha a leka ho li utloisisa. O ile a tsoa ka kamoreng a betseha eaba o bua ka matsoho a thabile o re: ‘Kea utloa hore na ho thoe’ng!’ Joale o ile a tsoela pele eaba o ntlhalosetsa hore na lirapa tseo li reng. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 12 feela. Ke ile ka sheba lirapa tseo kapele eaba ke re ho eena ka puo ea matsoho: ‘Ntate, ha ke nahane hore ke sona se boleloang. Ho thoe . . . ’ O ile a mpontša ka letsoho hore ke emise hona moo eaba o khutlela ka kamoreng e le hore a leke ho utloisisa se ngotsoeng. Ha ke sa tla lebala kamoo a neng a bonahala a khathetse matla kateng le kamoo ke ileng ka mo tsota kateng ha ke ne ke mo shebile ha a khutlela ka kamoreng. Leha ho le joalo, ho ba le likhatiso tsa DVD ho entse hore hona joale a utloisise lintho haholoanyane. Ha ke bona thabo e sefahlehong sa hae ha a hlalosa hore na o ikutloa joang ka Jehova, ke ameha maikutlo.”

Hape, nahana ka se etsahaletseng banyalani ba bang ba Lipaki ba ileng ba bua le Jessenia, e leng moroetsana e mong ea sa utloeng litsebeng oa Chile. Ka mor’a hore ’mè oa Jessenia a ba lumelle ho mo bontša khatiso ea My Book of Bible Stories—On DVD ka Puo ea Matsoho ea Chile, ba ile ba re: “Ha Jessenia a qala ho shebella pale e ’ngoe, o ile a qala ho tšeha eaba ka mor’a moo oa lla. Ha ’mè oa hae a mo botsa hore na o llela’ng, o ile a bolela hore o thabetse seo a neng a se shebeletse. Joale ’mè oa hae o ile a hlokomela hore o ne a utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e shebeletse.”

Mosali e mong ea sa utloeng litsebeng ea lulang sebakeng sa mahaeng Venezuela, o ne a e-na le ngoana a le mong, ’me o ne a lebeletse oa bobeli. Eena le monna oa hae ba ne ba nahana hore ba ke ke ba khona ho hlokomela ngoana e mong ka lebaka la maemo a moruo, kahoo ba ne ba rerile ho ntša mpa. Le hoja li ne li sa tsebe ka maemo ana, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ba etela ’me tsa ba bontša thuto ea 12 videong ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka Puo ea Matsoho ea Venezuela. Thuto ena e hlalosa hore na Molimo o nka ho ntša mpa le ho bolaea joang. Hamorao, mosali eo o ile a bolella Lipaki tseo kamoo a lebohang kateng hore ebe o ne a ithutile thuto eo. O ile a bolela hore ka lebaka la thuto eo, ba entse qeto ea hore ba se ke ba ntša mpa. Khatiso ea DVD ea puo ea matsoho e ile ea pholosa bophelo!

Lorraine, e leng Paki e sa utloeng litsebeng, o re: “Ho ithuta Bibele ho ’nile ha e-ba joaloka ho kopanya likotoana tsa morabaraba o moholo. Ho ne ho e-na le likheo kapa likotoana tse haellang tseleng eo ke neng ke utloisisa Bibele ka eona. Leha ho le joalo, ha ho ntse ho e-ba le likhatiso tse ngata tsa Bibele ka puo ea matsoho likheo tseo li ile tsa koaleha.” George, eo e bileng Paki ka lilemo tse 38 ’me a sa utloe litsebeng, o re: “Ha ho pelaelo hore ho utloisisa taba ka bouena ho etsa hore u be le seriti ’me u itšepe. Ke lumela hore li-DVD tsa puo ea matsoho li nthusitse haholo hore ke hōle moeeng.”

“Liboka ka Puo ea Heso!”

Ntle le likhatiso tsa puo ea matsoho, Lipaki Tsa Jehova li boetse li hlophisitse hore ho be le liphutheho tseo ho tsona liboka tsohle li tšoaroang ka puo ea matsoho. Hona joale, ho na le liphutheho tse fetang 1 100 tsa puo ea matsoho lefatšeng lohle. Ho buuoa le batho ba sa utloeng litsebeng ka puo ea bona, ’me ba rutoa linnete tsa Bibele ka tsela eo ba e utloisisang—e leng ka puo ea bona. Ba li rutoa ka tsela e bontšang hore ho hlomphuoa tsela eo ba etsang lintho ka eona ebile ho nahannoe ka lintho tseo ba thulanang le tsona bophelong.

Na ho thehoa ha liphutheho tsa puo ea matsoho ho bile le molemo? Nahana ka Cyril, eo e bileng Paki ea Jehova ha a kolobetsoa ka 1955. E ne e se e le lilemo a ithuta lingoliloeng ka hohle kamoo a neng a ka khona a bile a ea libokeng tsa Bokreste ka botšepehi. Ka linako tse ling ho ne ho e-ba le batho ba tolokang empa ka linako tse ling ba ne ba sa be teng. Ha ba ne ba le sieo, ka lerato Lipaki tse ling li ne li leka ho mo thusa ka ho mo ngolla se neng se buuoa sethaleng. Ka 1989, ka mor’a hore e be Paki ka lilemo tse ka bang 34, e ne e le hona ho thehoang phutheho ea pele ea puo ea matsoho New York City, United States. Kaha Cyril e ne e le karolo ea phutheho eo, o ile a ikutloa joang? “Ho ne ho le joalokaha eka ke tsoa ka morung o teteaneng ’me ke hlahella khanyeng. Liboka ka puo ea heso!”

Liphutheho tsa puo ea matsoho tsa Lipaki Tsa Jehova ke libaka tseo batho ba sa utloeng litsebeng ba ka kopanang ho tsona hore kamehla ba ithute ka Molimo ba be ba mo sebeletse. Ke moo batho ba Molimo ba khatholohang maikutlo le moo ba khothalang teng. Lefatšeng lena leo ho lona batho ba sa utloeng litsebeng ba fumanang ho se na motho eo ba ka buang kapa ba tloaelana le eena, liphutheho tsena ke setšabelo seo ho sona ba ka bang le metsoalle le batho bao ba buang le bona. Libakeng tse joalo, batho ba sa utloeng litsebeng ba ka ithuta, ba atleha, ba ba ba sebeletsa Jehova. Lipaki tse ngata tse sa utloeng litsebeng li ’nile tsa khona ho ba baseletsi ba nako e tletseng. Ba bang ba falletse linaheng tse ling e le hore ba thuse batho ba sa utloeng litsebeng hore ba ithute ka Jehova. Banna ba Bakreste ba sa utloeng litsebeng ba ithuta hore e be mesuoe e hloahloa, ba hlophise lintho hantle ’me e be balisa; ka mor’a moo, ba bangata ba khona hore ba tšoanelehe hore ba fuoe boikarabelo ka phuthehong.

United States, ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse ka holimo ho 100 le lihlopha tse ka bang 80. Brazil, ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse ka bang 300 le lihlopha tse ka holimo ho 400. Mexico, ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse ka bang 300. Russia teng ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse ka holimo ho 30 le lihlopha tse 113. Ena e mpa feela e le mehlala e fokolang e bontšang tsoelo-pele e bang teng lefatšeng lohle.

Lipaki Tsa Jehova li boetse li tšoara likopano tse nyenyane le tse khōlō ka puo ea matsoho. Selemong se fetileng, ho ile ha tšoaroa likopano tsa setereke tse ka holimo ho 120 lefatšeng ka bophara ka lipuo tse fapa-fapaneng tsa matsoho. Liketsahalo tsena li thusa Lipaki tse sa utloeng litsebeng hore li hlokomele hore ke karolo ea mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste ba lefatšeng ka bophara ba ruang molemo lijong tsa moea tse fumanehang ka nako.

Leonard ke motho ea sa utloeng litsebeng ’me e se e le lilemo tse fetang 25 e le Paki ea Jehova. O re: “Esale ke tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete. Empa ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a lumeletse mahlomola. Ka linako tse ling sena se ne se etsa hore ke utloe ke mo halefetse. Empa puo e ’ngoe e ileng ea fanoa kopanong ea setereke ea puo ea matsoho, e ile ea etsa hore ke qetelle ke utloisisitse hore na ke hobane’ng ha a lumeletse mahlomola. Ha puo eo e fela, mosali oa ka o ile a nkhitla ka setsoe eaba o re, ‘Joale u khotsofetse?’ Ke ne ke khotsofetse e le kannete! Ka mor’a lilemo tsena tse 25, ke leboha hore ebe ha kea ka ka lahla Jehova. Haesale ke mo rata empa ho ne ho e-na le lintho tse ling tseo ke neng ke sa li utloisise ka eena. Kajeno kea li utloisisa!”

Lipelo Tsa Bona li Tletse Kananelo

Ha batho ba sa utloeng litsebeng ba ithuta ka Jehova, ba bona eng sefahlehong sa hae? Ba bona lerato, kutloelo-bohloko, toka, botšepehi, mosa o lerato le lintho tse ling tse ngata.

Lipaki tse sa utloeng litsebeng lefatšeng ka bophara, li bona sefahleho sa Jehova ’me li tla tsoela pele li se bona ka ho hlaka. Kaha Jehova o rata batho ba sa utloeng litsebeng ka pelo ea hae eohle, ‘o ba khantšelitse sefahleho sa hae.’ (Num. 6:25) Batho bao ba sa utloeng litsebeng ba ananela hakaakang hore ebe ba tseba Jehova!

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse fetang 1 100 lefatšeng lohle

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Jehova o khantšelitse batho ba sa utloeng litsebeng sefahleho sa hae haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela