Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 11/15 maq. 30-32
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pele ho Etsoa Litokisetso Tsa Kajeno
  • Seo U ka se Etsang
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ho Mamela ka Mahlo a Hao
    Tsoha!—1998
  • Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 11/15 maq. 30-32

Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!

KAJENO batho ba Molimo ke lelapa le leholo la Bakreste-’moho bao histori ea bona e qalileng ho banna le basali ba mehleng ea boholo-holo, ba akarelletsang Samuele, Davida, Samsone, Rahaba, Moshe, Abrahama, Sara, Noe le Abele. Har’a bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ho na le batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng. Ka mohlala, batho ba babeli ba pele bao e ileng ea e-ba Lipaki Tsa Jehova Mongolia, e ne e le banyalani ba sa utloeng litsebeng. Hape, ka lebaka la botšepehi ba balumeli-’moho le rōna ba sa utloeng litsebeng ba Russia, re ile ra hlōla nyeoe Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho.

Mehleng ena, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le entse likhatiso tsa puo ea matsoho le bile le lokiselitse hore ho be le liphutheho hammoho le likopano tse khōlō le tse nyenyane tsa puo ea matsoho. (Mat. 24:45) Batho ba sa utloeng litsebeng ba fumane molemo o moholo ka lintho tsena.a Empa na u kile ua ipotsa hore na ho ne ho le joang ha batho ba sa utloeng litsebeng ba ne ba ithuta ka Molimo oa ’nete ’me ba tsoela pele ’neteng ba se na litokisetso tsee? Na u kile ua nahana hore na u ka etsa’ng ho thusa batho ba sa utloeng litsebeng ba phelang sebakeng sa heno?

Pele ho Etsoa Litokisetso Tsa Kajeno

Na u ka botsa batho ba bang ba baholo ba sa utloeng litsebeng hore na ho tlile joang hore ba tsebe Molimo? Ba ka ’na ba u bolella hore na ba ile ba ikutloa joang ha ba qala ho tseba hore Molimo o na le lebitso, le kamoo ho ithuta ’nete eo e le ’ngoe ho ileng ha fetola bophelo ba bona kateng le ho ba matlafatsa ka lilemo tse ngata pele ho e-ba le livideo kapa li-DVD tse ba thusang hore ba ithute linnete tse tebileng tsa Mangolo. Ba ka ’na ba u hlalosetsa hore na ho ne ho le joang ha liboka tsa Bokreste li ne li sa tšoaroe ka puo ea matsoho kapa li sa tolokoe. Ho e-na le hoo, motho e mong o ne a lula pel’a bona ebe o ngola lintlha pampiring hore a ba thuse ho utloisisa se ntseng se buuoa. Mora e mong oabo rōna ea sa utloeng litsebeng o ile a ithuta linnete tsa Bibele ka tsela ena ka lilemo tse supileng pele ho e-ba le toloko.

Batho ba baholo ba Lipaki ba sa utloeng litsebeng, ba hopola hore na ho ne ho le joang ha ba ne ba sebetsa tšimo ea batho ba utloang litsebeng. Ka letsohong le leng, ba ne ba tšoara likarete tse nang le thero e ngotsoeng ka mokhoa o bonolo ha ba e-ea ka ntlo le ntlo. Ka ho le leng ba ne ba tšoara makasine ea morao-rao ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Ba ne ba thatafalloa ho khanna thuto ea Bibele le motho e mong ea sa utloeng litsebeng ba sebelisa lingoliloeng tseo ba neng ba sa li utloisise hantle. Bahoeletsi ba baholo ba sa utloeng litsebeng mohlomong ba ka hopola tsieleho eo ba neng ba e-ba le eona ha batho ba ne ba sa ba utloisise ’me ka lebaka leo ba ke ke ba tsoela pele ho bua ka linnete tsa Bibele. Ba boetse baa tseba hore na ke ntho e joang ho rata Jehova ka matla empa motho a sitoa ho bontša lerato leo ka kholiseho. Hobane’ng? Hobane ba ne ba se na bonnete ba hore ba utloisisa taba e itseng ka nepo.

Ho sa tsotellehe litšitiso tsena tsohle, bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng ba ’nile ba tšoarella ka tieo botšepehing ba bona. (Jobo 2:3) Ba letetse Jehova ka tlholohelo. (Pes. 37:7) Hona joale o ba hlohonolofatsa ho feta kamoo ba bangata ba bona ba neng ba lebeletse kateng.

Nahana ka boiteko bo entsoeng ke mor’abo rōna e mong ea sa utloeng litsebeng ea nang le lelapa. Pele livideo tsa puo ea matsoho li fumaneha, o ne a khanna thuto ea lelapa ka botšepehi. Mora oa hae o re: “Thuto ea lelapa e ne e thatafalla Ntate kamehla, kaha sohle seo a neng a e-na le sona hore a re rute e ne e le lingoliloeng. Hangata o ne a sa utloisise ka botlalo taba e ngotsoeng. Le rōna bana re ne re mo thatafalletsa lintho le ho feta. Re ne re potlakela ho mo bolella ha a ne a sa hlalose lintho ka nepo. Ho sa tsotellehe sena sohle, o ne a khanna thuto ea lelapa kamehla. O ne a nahana hore ho ithuta ha rōna ka Jehova e ne e le habohlokoa ho feta lihlong tse neng li mo tšoara ka linako tse ling hobane a ne a sa utloisise Senyesemane hantle.”

Re boetse re na le mohlala oa Richard, e leng mor’abo rōna ea nang le lilemo tse 70 ea sa utloeng litsebeng a bile a sa bone mahlong, ea lulang Brooklyn, New York, U.S.A. Richard o tsebahala ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla. E le hore a ee libokeng, o palama terene a le mong, o bala palo ea liteishene tseo terene e emang ho tsona e le hore a tsebe hore na o lokela ho theoha hokae. Mariheng a mang, ho ile ha e-ba le sefefo se seholo sa lehloa hoo ho sa kang ha tšoaroa seboka. Bohle ka phuthehong ba ile ba tsebisoa, empa ka phoso, Richard ha aa ka a tsebisoa. Ha barab’abo rōna ba hlokomela se etsahetseng ’me ba mo batla, ba ile ba mo fumana a eme ka ntle Holong ea ’Muso, a letile ka mamello hore ho buloe menyako. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ile a tsoa har’a sefefo seo, o ile a araba ka ho re, “Ke rata Jehova.”

Seo U ka se Etsang

Na ho na le batho ba sa utloeng litsebeng ba lulang sebakeng sa heno? Na u ka ithuta puo ea matsoho hanyenyane feela e le hore u tle u bue le bona? Hangata batho ba sa utloeng litsebeng ba mosa ebile baa mamella ha ba ruta batho ba bang puo ea bona. U ka ’na ua kopana le motho ea sa utloeng litsebeng u sa rera kapa ha u le tšimong. U ka etsa joang? Leka ho bua le eena. Sebelisa matsoho, ntho e ngotsoeng, e toroiloeng, litšoantšo, kapa mekhoa ena kaofela. Esita leha motho eo a bontša hore ha a thahaselle ’nete, bolella Paki e sa utloeng litsebeng kapa e tsebang puo ea matsoho. Molaetsa o ka ’na oa e-ba monate haholo ha motho ea sa utloeng litsebeng a o bolelloa ka puo ea matsoho.

Mohlomong u ntse u ithuta puo ea matsoho ’me u kopanela phuthehong ea puo ea matsoho. U ka etsa joang hore u be le tsebo e batsi ea puo ea matsoho? Le hoja ho ka ’na ha e-ba le bahoeletsi ba bang ba utloang litsebeng phuthehong ea heno, e ka ba hantle hore u bue le bona ka puo ea matsoho. Sena se tla u thusa hore u nahane joaloka batho ba buang puo ea matsoho. Ka linako tse ling, u ka ’na ua lekeha hore u bue ka molomo ho e-na le hore u bue ka matsoho. Leha ho le joalo, ha u ithuta puo efe kapa efe, u lokela ho ikitlaetsa e le hore u bue ka tsela e phollatsi.

Ha re leka ka matla hore re sebelise puo ea matsoho re bontša hore re rata bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng ebile rea ba hlompha. Nahana kamoo batho ba sa utloeng litsebeng ba tsielehang kateng letsatsi le leng le le leng hobane ba sitoa ho utloisisa batho mosebetsing le sekolong. Mora e mong oabo rōna ea sa utloeng litsebeng o ile a re: “Letsatsi le leng le le leng ke pota-potoa ke batho ba buang. Hangata kea hlora ebile ke ikutloa eka kea khetholloa ebe kea tsieleha ’me kea halefa. Ha ke na mantsoe a ho hlalosa hore na ke ikutloa joang ka linako tse ling.” Liboka tsa rōna e lokela ho ba liketsahalo tse monate tseo ho tsona bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng ba fumanang lijo tsa moea le tseo ba thabelang puisano e monate le botsoalle ho tsona.—Joh. 13:34, 35.

Ntho eo re ke keng ra e hlokomoloha ke lihlotšoana tse ngata tsa batho ba sa utloeng litsebeng ba kopanelang liphuthehong tsa batho ba utloang litsebeng. Ba tolokeloa liboka. E le hore batho ba sa utloeng litsebeng ba utloisise ka botlalo se buuoang, ba lulella ka pele Holong ea ’Muso. Sena se ba thusa hore ba bone toloko le sebui ntle ho tšitiso. Phihlelo e bontšitse hore phutheho ka kakaretso e tloaela sena kapele, ’me ha e be tšitiso. Litokisetso tsena li boetse li sebetsa likopanong tse khōlō le tse nyenyane tseo ho tsona lipuo li tolokoang ka puo ea matsoho. Re babatsa litho tsa phutheho tse sebetsang ka thata ho toloka ka tsela eo motho ea sa utloeng litsebeng a ka ’nang a beha taba ka eona—e leng tsela e utloahalang le ea tlhaho.

Mohlomong u setho sa phutheho e thusang sehlopha sa puo ea matsoho kapa e nang le palo e nyenyane ea batho ba sa utloeng litsebeng ba tolokeloang lipuo libokeng. U ka etsa’ng ho bontša bara baa babo rōna hore ua ba thahasella? Ba memele lapeng ha hao. Ha ho khoneha, ithute mantsoe a seng makae a puo ea matsoho. U se ke ua tšosoa ke ho sitoa ho bua le bona. U tla fumana tsela ea ho bua, ’me ho bontša lerato le joalo ho tla etsa hore ho be le lintho tse monate tseo u tla li hopola. (1 Joh. 4:8) Lipaki-’moho le rōna tse sa utloeng litsebeng li na le makhabane a mangata. Li rata ho qoqa haholo, li seli li bile li tseba ho etsa mesoaso e qabolang haholo. Mora e mong oabo rōna eo batsoali ba hae ba sa utloeng litsebeng o re: “Ke phetse bophelo bohle le batho ba sa utloeng litsebeng, ’me le ka mohla nke ke ka khona ho ba buseletsa seo ba mphileng sona. Re ka ithuta lintho tse ngata ho bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng.”

Jehova o rata barapeli ba hae ba tšepahalang, ho akarelletsa le ba sa utloeng litsebeng. Ka sebele mohlala oa bona oa tumelo le mamello o eketsa ho hong katlehong ea mokhatlo oa Jehova. E se eka re ka ananela bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba sehlooho se reng “Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae,” Molula-Qhooeng oa August 15, 2009.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Molaetsa oa ’Muso o ka ’na oa e-ba monate haholo ha motho ea sa utloeng litsebeng a o bolelloa ka puo ea matsoho

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

Liboka tsa rōna e lokela ho ba liketsahalo tse monate tseo ho tsona bara le barali babo rōna ba sa utloeng litsebeng ba khothatsoang moeeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela