“Thuto ea Bibele e Tsoela Batho ba sa Utloeng Litsebeng Molemo”
SEHLOOHO sena se ile sa hatisoa makasineng ea batho ba sa utloeng litsebeng ea Czech Republic. Mongoli, e leng Zdeněk Straka, o ne a babatsa Lipaki Tsa Jehova tse ithutileng puo ea matsoho e le hore li thuse batho ba sa utloeng litsebeng.
Ke eng se ileng sa susumelletsa Monghali Straka hore a ngole sehlooho see? Lehlabuleng la 2006, o ile a ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Prague, ’me lenaneo le ne le fetoleloa ka puo ea matsoho bakeng sa batho ba sa utloeng litsebeng ba ka bang 70 ba neng ba le teng moo. Selemo le selemo, Lipaki Tsa Jehova li hlophisa likopano lefatšeng ka bophara tse rutang batho Bibele le ho etsa hore ba thabele botsoalle bo hahang. Batho ba sa utloeng litsebeng ha ba siuoe morao. Selemong se seng se sa tsoa feta, ho ile ha tšoaroa likopano tse 96 lefatšeng ka bophara tse neng li sebelisa puo ea matsoho feela ’me ho tse ling tse 95, lenaneo le ne le fetoleloa ka puo ea matsoho.
Nakong eo ho neng ho tšoeroe kopano Prague, phutheho ea puo ea matsoho ea motseng oo e ne e khannela batho ba ka bang 30 ba sa utloeng litsebeng lithuto tsa Bibele. Batho bao ba rua molemo ho seo ba ithutang sona ka Bibeleng, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
Markéta o tsamaea lik’hilomithara tse fetang 100 beke le beke ho ea khannela mosali oa Momongolia ea sa utloeng litsebeng thuto ea Bibele. Puo ea matsoho e sebelisoang Czech Republic e fapane haholo le e sebelisoang Mongolia, kahoo Markéta o lokela ho sebelisa litsela tse sa tšoaneng e le hore seithuti se utloisise boitsebiso boo se ithutang bona. Boiteko ba Markéta ha ea e-ba ba lefeela. Mosali eo Markéta a ithutang le eena o ne a lebeletse ngoana oa bobeli ’me a nahana ho ntša mpa, empa o ile a fetola maikutlo. Markéta o re, “Ha ke mo botsa ka taba eo, o ile a nkaraba ka puo ea matsoho a re, ‘Jehova ha a amohele batho ba ntšang mpa.’ Ke ile ka thaba ha ke hlokomela hore o utloisisa tsela eo Molimo a talimang bophelo ka eona!”a
Lefatšeng ka bophara, batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba fumane tsebo e nepahetseng ea Molimo ka hore ba ithute Lentsoe la hae. Kahoo bophelo ba bona boa ntlafala, ha ba ntse ba atamela haufi le Molimo ’me ba thabela bophelo ka ho eketsehileng.—Esaia 48:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana lintlha tse eketsehileng mabapi le pono ea Bibele ka ho ntša mpa, sheba Tsoha! ea June 2009, leqepheng la 3-9.
[Lebokose le leqepheng la 26, 27]
NA U NE U TSEBA?
● Lipaki Tsa Jehova li hlahisa li-DVD ka lipuo tsa matsoho tse 43. Batho ba ka boetse ba fumana boitsebiso ba puo ea matsoho Inthaneteng ho www.jw.org.
● E le hore li hlahise likhatiso tse eketsehileng tsa puo ea matsoho, Lipaki Tsa Jehova li hlophisitse lithimi tse 59 tsa bafetoleli ba puo eo lefatšeng ka bophara.
● Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 1 200 tse sebelisang puo ea matsoho lefatšeng ka bophara.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
www.jw.org