Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 9/8 maq. 11-15
  • Puo eo U e Bonang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Puo eo U e Bonang!
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ea Bonoa Empa ha e Utluoe
  • Lipuo Tse sa Tšoaneng
  • Ho Bala Seo ho Seng Mohla se Kileng sa Utluoa
  • Ho Utloisisa Bophelo ba Lithōlō
  • Ho Mamela ka Mahlo a Hao
    Tsoha!—1998
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea tsa Lithōlō
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 9/8 maq. 11-15

Puo eo U e Bonang!

UILE ua ithuta puo ea hao ea tsoalo joang? Mohlomong ka ho utloa ha ba lelapa le metsoalle ba bua ha u sa le lesea. Batho ba bangata ba tseba puo ka ho e utloa ’me ba e hlakisa ka ho e bua. Ha ba hlophisa likhopolo le mehopolo, ho iketsahalla ka tlhaho ho batho ba utloang ho nahana ka mantsoe le lipolelo tse buuoang ka likelellong tsa bona pele ba li bua. Leha ho le joalo, ha ngoana a tsoaloa e le sethōlō, na kelello e ka hlophisa likhopolo ka tsela e ’ngoe? Na ho na le puo e ka fetisang likhopolo tsa lintho tse inahaneloang le tsa lintho tsa sebele, ho tloha mothong e mong ho ea ho e mong ho se na molumo o etsoang?

Ea Bonoa Empa ha e Utluoe

Ntho e ’ngoe e babatsehang ka kelello ea motho ke bokhoni ba rōna ba puo le matla a rōna a ho e sebelisa. Leha ho le joalo, ka ntle ho kutlo, hangata ho ithuta puo e-ba tšebetso ea mahlo, eseng ea litsebe. Ka thabo, takatso ea ho ba le puisano e matla haholo bophelong ba batho, e re nolofalletsa ho hlōla tšitiso leha e le efe e ka ’nang ea bonahala e ba teng. Tlhokahalo ena e entse hore Lithōlō li qape litsela tse ngata tsa puo ea matsoho lefatšeng ka bophara. Ha li ntse li kopana, li tsoaletsoe malapeng a Lithōlō kapa li kopana ’moho likolong tsa litlhoko tse khethehileng le sechabeng, phello e bile ho qapa puo e rarahaneng ea mahlo e reretsoeng litlhoko tsa bona—puo ea matsoho.a

Ho Carl oa United States, puo ena e bile mpho e tsoang ho batsoali ba hae ba Lithōlō.b Le hoja a tsoetsoe e le sethōlō, o ne a khona ho tšoaea lintho, ho kolokisa matšoao hammoho le ho hlalosa likhopolo tse inahaneloang ka Puo ea Matsoho ea Amerika (ASL) a sa le monyenyane haholo. Bana ba bangata bao e leng Lithōlō bao batsoali ba bona ba sebelisang puo ea matsoho ba qala ho sebelisa puo ea bona ea matsoho ha ba le likhoeli li 10 ho isa ho tse 12. Bukeng e bitsoang A Journey Into the Deaf-World, ho hlalosoa hore “hona joale litsebi tsa lipuo lia hlokomela hore bokhoni ba motho ba ho tseba puo ka tlhaho le ho e fetisetsa baneng ba hae bo metse ka matla bokong. Hore na bokhoni boo bo bonahala haholo puong ea matsoho kapa puong e buuoang hase habohlokoa hakaalo.”

Sveta o hlahetse Russia a le molokong oa boraro lelapeng la Lithōlō. Eena hammoho le khaitseli ea hae ea Sethōlō, ba ile ba tseba Puo ea Matsoho ea Russia. Nakong eo a neng a ngolisoa sekolong sa tlhokomelo ea bana ba banyenyane ba Lithōlō ha a le lilemo li tharo, tsebo ea hae ea puo ea matsoho e ne e se e ntlafetse haholo. Sveta oa lumela: “Bana ba bang ba Lithōlō ba ne ba sa tsebe puo ea matsoho ’me ba ne ba ithuta eona ho ’na.” Bana ba bang ba bangata ba Lithōlo ba ne ba e-na le batsoali ba Utloang ba sa sebeliseng puo ea matsoho. Hangata puo ea matsoho e ne e fetisoa ke bana ba baholoanyane ba Lithōlō ba e fetisetsa ho ba banyenyane, ho ba nolofalletsa ho ba le puisano.

Kajeno batsoali ba ntseng ba eketseha ba Utloang ba ithuta puo ea matsoho hore ba bue le bana ba bona ka eona. Ka hona, bana bana ba Lithōlō ba khona ho ba le puisano e atlehileng le pele ba e-ea sekolong. Canada, sena e bile ’nete ka Andrew ea nang le batsoali ba utloang. Ba ile ba ithuta puo ea matsoho ’me ba buisana le eena ka eona a sa le monyenyane, ba mo fa motheo oa puo oo a neng a ka haha ho oona lilemong tse latelang. Hona joale lelapa lohle le khona ho buisana ka puo ea matsoho ka taba leha e le efe.

Lithōlō li khona ho hlophisa likhopolo tsa lintho tse inahaneloang le tsa lintho tsa sebele, ho sa hlokahale hore li nahane ka puo e buuoang. Feela joalokaha e mong le e mong oa rōna a hlophisa likhopolo ka puo ea rōna, Lithōlō tse ngata li nahana ho latela puo ea tsona ea matsoho.

Lipuo Tse sa Tšoaneng

Lefatšeng ka bophara, mekhatlo ea Lithōlō e iqapetse puo ea matsoho kapa e kenyelelitse litšobotsi tsa lipuo tse ling tsa matsoho. Mantsoe a mang a puo ea ASL ea kajeno a nkiloe Puong ea Matsoho ea Fora lilemong tse 180 tse fetileng. A ile a kopanngoa le a neng a se a ntse a sebelisoa a qapiloeng United States, ’me a fetoha seo hona joale e leng ASL. Lipuo tsa matsoho lia hōla ka mor’a lilemo tse ngata ’me moloko o mong le o mong ka ho latellana o ba le lintlafatso ho eona.

Ka tloaelo, lipuo tsa matsoho ha li latele litšusumetso tsa lipuo tse buuoang ke batho ba phelang tikolohong e itseng. Ka mohlala, le hoja Puerto Rico ho buuoa Sepanishe, ho sebelisoa ASL. Le hoja Senyesemane se buuoa Engelane le United States, Engelane e sebelisa Puo ea Matsoho ea Brithani e fapaneng haholo le ASL. Hape, Puo ea Matsoho ea Mexico e fapane le lipuo tse ngata tsa matsoho tsa Latin America.

Ha motho a ithuta puo ea matsoho, o khahloa ke marang-rang le ho hlaka ha lipolelo tsa eona. Ho ka qoqoa ka meqoqo e mengata, ha fetisoa likhopolo, kapa maikutlo ka puo ea matsoho. Ka thabo, ho na le mokhoa o ntseng o ata oa ho hlahisa lingoliloeng ka lik’hasete tsa video molemong oa Lithōlō, ho sebelisoa puo ea matsoho ea tlhaho ho hlalosa lipale, ho etsa lithothokiso, ho fana ka litlaleho tsa histori le ho ruta ’nete ea Bibele. Linaheng tse ngata tsebo ea ho bala le ho ngola puo ea matsoho e ntse e eketseha.

Ho Bala Seo ho Seng Mohla se Kileng sa Utluoa

Ha batho ba Utloang ba bala, ka tloaelo ba nahana ka mantsoe ao ba kileng ba a utloa ao ba ntseng ba hopola molumo oa ’ona. Ka hona, boholo ba seo ba se balang baa se utloisisa hobane ba kile ba se utloa pele. Lipuong tse ngata mantsoe a ngoloang ha a bontše kapa ha a tšoane le likhopolo tseo a li emelang. Batho ba bangata ba Utloang ba ithuta mokhoa ona oa ho bitsa mantsoe ao ba kileng ba a utloa kapa matšoao a ngoloang ka ho a amahanya le melumo ea puo e buuoang e le hore ba a bale ka kutloisiso. Ak’u leke ho nahana ho se mohla u kileng ua utloa molumo, lentsoe kapa puo e buuoa bophelong bohle ba hao! E ka ba ntho e thata le e ferekanyang ho ithuta matšoao a ngotsoeng ke motho e mong a puo e ke keng ea utluoa. Ha ho makatse hore ebe ho bala puo e joalo ho hlahisetsa Lithōlō phephetso e khōlō, haholo-holo ho tse sa utloeng ka ho feletseng kapa tseo ho seng mohla li kileng tsa utloa!

Litsi tse ngata tsa thuto ea bana ba Lithōlō lefatšeng ho pota li hlokometse melemo ea ho sebelisa puo ea matsoho ho tloha qalong ha ngoana a ithuta puo. (Bona lebokose le leqepheng la 12 le la 14.) Li fumane hore ho ruta ngoana e monyenyane oa Sethōlō puo ea tlhaho ea matsoho le ho mo fa motheo oa lipuo ho tla rala motheo oa hore a atlehe haholoanyane lithutong le sechabeng esita le ha a se a tseba puo e ngoloang hamorao.

Moifo oa thuto ea Lithōlō oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Meetlo o itse: “Ha e sa le ntho e amohelehang ho hlokomoloha puo ea matsoho, leha e le ho qoba ho nka karolo e mafolofolo ntšetso-peleng ea eona mananeong a thuto ea lithōlō.” Leha ho le joalo, ho ka boleloa hore ho sa tsotellehe khetho eo batsoali ba e etsetsang ngoana oa bona oa Sethōlō, ke habohlokoa haholo hore batsoali ka bobeli ba nke karolo ka ho feletseng tsoelo-peleng ea ngoana oa bona.—Bona sehlooho se reng “Hore Ke Buisane le Ngoan’a ka, ke ile ka Ithuta Puo e ’Ngoe,” ho Tsoha! ea November 8, 1996.

Ho Utloisisa Bophelo ba Lithōlō

Ha bana ba Lithōlō e e-ba batho ba baholo ba Lithōlō, hangata ba bolela hore seo ba neng ba se hloka ka ho fetisisa ho batsoali ba bona e ne e le ho ba le puisano. Ha ’mè oa hae ea tsofetseng a e-shoa, Jack, monna oa Sethōlō, o ile a leka ho buisana le eena. ’Mè oa hae o ne a leka ka matla ho mo bolella ho itseng empa a sa khone ho e ngola a bile a sa tsebe puo ea matsoho. Eaba o akheha nako e telele ’me hamorao a shoa. Jack o ile a ikutloa a ferekantsoe ke metsotso eo ea ho qetela. Phihlelo ena e ile ea mo susumelletsa hore a eletse batsoali ba nang le bana ba Lithōlō: “Haeba le batla ho ba le puisano e phollatsi le ho fapanyetsana likhopolo, maikutlo, menahano le lerato le ngoana oa lōna oa sethōlō ka tsela e nang le morero, buisanang ka puo ea matsoho. . . . Ho ’na e se e le morao haholo. Na e se e le morao haholo ho lōna?”

Ka lilemo-lemo ba bangata ba ’nile ba utloisisa hampe phihlelo ea Lithōlō. Ba bang ba ’nile ba nahana hore lithōlō ha li tsebe letho kaha ha li utloe letho. Batsoali ba ’nile ba sireletsa bana ba bona ba Lithōlō ka tsela e feteletseng kapa ba tšaba ho ba tlohella hore ba tsoakane le lefatše la kantle. Mekhoeng e meng ea bophelo Lithōlō li ’nile tsa hlalosoa ka phoso e le “lithoto” kapa “limumu,” le hoja hangata e se hore Lithōlō li na le bothata ba ho bua. Li mpa li sa utloe feela. Ba bang ba ’nile ba nka puo ea matsoho e le e fetiloeng ke nako kapa e tlaasana ho puo e buuoang. Ha ho makatse hore ebe ka lebaka la ho hloka tsebo ho joalo, Lithōlō tse ling li ile tsa ikutloa li hateletsoe ’me li sa utloisisoe.

Ha a sa le monyenyane a hōlela United States lilemong tsa bo-1930, Joseph o ile a ngolisoa sekolong se khethehileng sa bana ba Lithōlō se neng se thibela tšebeliso ea puo ea matsoho. Eena le liithuti-’moho ba ne ba atisa ho shapuoa ka lebaka la ho sebelisa puo ea matsoho, esita leha ba sa khone ho utloisisa seo matichere a se buang. Ba ne ba labalabela ho utloisisa le ho utloisisoa hakaakang! Linaheng tse ling moo thuto ea bana ba Lithōlō e lekanyelitsoeng, ba bang ba hōla ba e-na le thuto e fokolang haholo ea sekolo. Ka mohlala, mongolli oa Tsoha! Afrika e ka bophirimela o itse: “Bophelo ba Lithōlō tse ngata Afrika bo thata ’me bo hlomola pelo. Ho batho bohle ba holofetseng, e ka ’na eaba Lithōlō ke tsona tse hlokomolohiloeng ka ho fetisisa le tse sa utloisisoeng ka ho fetisisa.”

Kaofela ha rōna re hloka ho utloisisoa. Ka masoabi, ba bang ha ba bona Sethōlō, ba bona feela motho ea “holofetseng.” Ho sheba mefokolo ho ka sira bokhoni ba sebele ba Sethōlō. Ho fapana le moo, Lithōlō tse ngata li inka e le batho ba “nang le bokhoni.” Li khona ho bua phollatsi, ho iketsetsa seriti le ho atleha lithutong, sechabeng le moeeng. Ka bomalimabe, tšoaro e mpe eo Lithōlō tse ngata li bileng le eona e entse hore tse ling li se ke tsa tšepa batho ba Utloang. Leha ho le joalo, ha ba Utloang ba bontša thahasello ea sebele ho utloisiseng bokhoni ba Lithōlō le puo ea tlhaho ea matsoho le ho nka Lithōlō e le batho “ba nang le bokhoni,” bohle ba rua molemo.

Haeba u ka rata ho ithuta puo ea matsoho, hopola hore lipuo li hlalosa tsela eo re nahanang le ho fetisa likhopolo ka eona. Hore motho a ithute puo hantle, ho hlokahala hore a nahane ka puo eo. Ke ka lebaka leo ho ithuta matšoao a puo ea matsoho dikishinaring ea puo ea matsoho ho ke keng ha thusa motho hore a hle a tsebe ho bua puo eo. Ke hobane’ng ha u sa ithute ho batho ba buang puo eo bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi—e leng Lithōlō? Ho ithuta puo e ’ngoe ho batho ba e buang ho u thusa ho nahana le ho fetisa likhopolo ka tsela e fapaneng, empa e le ea tlhaho.

Lefatšeng ho pota, Lithōlō li atolosa tsebo ea tsona ea ho sebelisa puo ea matsoho e nang le metsoako e mengata. Tloo ’me u iponele puo ea tsona ea matsoho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lihloohong tsena, mantsoe “Lithōlō” le “Ba Utloang” ha aa sebelisoa feela bakeng sa ho khetholla ba holofetseng kutlong ho ba sa holofalang empa hape le ho khetholla mokhoa oa bophelo le liphihlelo tsa batho ba lihlopha tseo tse peli.

b Ho hakanngoa hore ho na le lithōlō tse milione United States feela, tse nang le “puo le tsebo e ikhethang.” Hangata ke tse tsoetsoeng e le lithōlō. Ho feta moo, ho hakanngoa hore ho na le batho ba limilione tse 20 ba nang le mathata a kutlo empa e le ba buang haholo-holo ka puo ea bona ea tsoalo.—A Journey Into the Deaf-World, ea Harlan Lane, Robert Hoffmeister le Ben Bahan.

[Lebokose le leqepheng la 12]

“New York e Ruta Lithōlō Puo ea Matsoho, Hamorao Senyesemane”

Sehlooho seo se ne se hlahile ho The New York Times ea la 5 March, 1998. Felicia R. Lee o ile a ngola: “Ho se ileng sa bitsoa phetoho e ikhethang thutong ea liithuti tsa lithōlō, sekolo se le seng feela sa sechaba sa lithōlō se tla hlahlobisisoa e le hore matichere ’ohle a tle a rute haholo-holo ka puo ea matsoho a itšetlehile ka matšoao le boitšisinyo ba ’mele.” O hlalosa hore matichere a mangata “a re phuputso e bontša hore puo ea sehlooho ea lithōlō ke pono, eseng mantsoe le hore likolo tse sebelisang mokhoa oo o ikhethang, o bitsoang Puo ea Matsoho ea Amerika, li ruta liithuti hamolemonyana ho feta kamoo likolo tse ling li etsang kateng.

“A bolela hore liithuti tsa lithōlō li lokela ho tšoaroa joaloka liithuti tse tsebang lipuo tse peli, eseng joaloka batho ba holofetseng.”

Moprofesa Harlan Lane, oa Univesithi ea Northeastern, Boston, o itse: “Ke nahana hore [sekolo sa New York] se nkile bohato ba pele.” O boleletse Tsoha! hore sepheo sa ho qetela ke ho ruta Senyesemane e le puo ea bobeli, e baloang.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Ke Puo!

Batho ba bang ba Utloang ba ’nile ba etsa qeto e fosahetseng ea hore puo ea matsoho ke mofuta o mong o rarahaneng oa tšoantšiso eo batšoantšisi ba eona ba sa bueng. E ’nile ea hlalosoa e le puo ea lipapiso. Le hoja puo ea matsoho e sebelisa sefahleho, ’mele, matsoho le tikoloho e haufi ka tsela e sebetsang, matšoao a mangata a eona a amana hanyenyane kapa ha ho moo a tšoanang teng le likhopolo tseo li a fetisang. Ka mohlala, ka Puo ea Matsoho ea Amerika (ASL) letšoao le fetisang khopolo ea “ho etsa” le sebelisa matsoho a mabeli a finneng lifeisi, feisi e ’ngoe e finnoe ka holim’a e ’ngoe motho a ntse a sisinyeha. Le hoja le tloaelehile, letšoao lena ha le hlalose ka ho hlaka seo le se bolelang ho motho ea sa tsebeng puo ea matsoho. Ka Puo ea Matsoho ea Russia (RLS), letšoao le emelang khopolo ea “ho hloka” le fetisoa ka ho sebelisa matsoho a mabeli, monoana ka mong o motona o thetsitse monoana oa boraro ’me e potoloha e bapile. (Bona litšoantšo tse leqepheng lona lena.) Kahoo, ka likhopolo tse ngata tse inahaneloang, ho ke ke ha khoneha ho ba le matšoao a li hlalosang. Mekhelo ho sena e ne e tla ba linthong tsa sebele tse ka hlalosoang, tse kang matšoao a emelang “ntlo” kapa “lesea.”—Bona litšoantšo tse leqepheng lona lena.

Tekanyetso e ’ngoe ea puo e ne e tla ba ho sebelisoa ha pokello ea mantsoe e hlophisitsoeng e amohelehang sechabeng. Lipuo tsa matsoho li bontša sebōpeho-puo se joalo. Ka mohlala, hangata ka puo ea ASL ho qaloa pele ka ho bolela sehlooho sa taba, ebe ho latela tlhaloso ea taba. Hape, ho latellisa lintho ho latela nako eo li etsahetseng ka eona ke tšobotsi e ’ngoe ea sehlooho ea lipuo tse ngata tsa matsoho.

Litlhaloso tse ngata tsa sefahleho le tsona li sebeletsa e le matšoao a sebōpeho-puo kaha li thusa ho khetholla potso ho taelo, polelo e itšetlehileng ka maemo, kapa polelo feela e etsoang. Puo ea matsoho ea mofuta oa litšoantšo e entse hore li ntlafatsoe ’me ho ntlafatsoe le litšobotsi tse ling tse ngata tse ikhethang.

[Litšoantšo]

“Ho etsa” ka ASL

“Ho hloka” ka RLS

“Ntlo” ka ASL

“Lesea” ka ASL

[Lebokose le leqepheng la 14]

Lipuo Tsa Sebele

“Ho fapana le likhopolo tse tloaelehileng tse fosahetseng, lipuo tsa matsoho hase litšoantšiso tseo batšoantšisi ba tsona ba sa bueng ’me hase boitšisinyo ba ’mele, boqapi ba matichere, kapa ba matšoao a puo e buuoang tikolohong e haufi. Li fumanoa hohle moo ho nang le lithōlō, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea ikhetha, ke puo e feletseng, e sebelisang mefuta e tšoanang ea sebōpeho-puo se fumanoang lefatšeng ka bophara lipuong tse ling tse buuoang.”

Nicaragua “likolo li ne li amehile haholo ka ho koetlisa melomo ea bana ba [lithōlō] ho bala le ho bua, ’me joaloka maemong a mang ’ohle moo seo se ileng sa lekoa, liphello li ne li nyahamisa. Leha ho le joalo ba ile ba ithuta puisano. Ha ba le mabaleng a lipapali le ka libeseng tsa sekolo bana ba ne ba iqapela tsela ea bona ea ho buisana ka puo ea matsoho . . . Nakoana feela hamorao e ile ea ntlafala ho ba seo hona joale se bitsoang Lenguaje de Signos Nicaragüense.” Hona joale moloko o mocha oa bana ba lithōlō o hlahisitse puo e phollatsi ho feta e ileng ea bitsoa Idioma de Signos Nicaragüense.—The Language Instinct, ea Steven Pinker.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ena ke tsela e ’ngoe ea ho bontša hore “Ka mor’a hore a ee lebenkeleng, o ile a ea mosebetsing” ka ASL

1 Lebenkeleng

2 o

3 ea

4 ha a qeta o

5 ea

6 mosebetsing

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela