Ho Mamela ka Mahlo a Hao
SENOTLOLO sa ho buisana ka katleho le Sethōlō ke sefe? Ho shebana mahlong ntle ho tšitiso ea letho le ka tsela e loketseng. Ke tlamo ho etsa joalo ha Lithōlō li bua. Ha e le hantle, ha batho ba babeli ba buisana ka puo ea matsoho, ho nkoa e le ho hloka mekhoa e metle hore e mong a shebe koana ’me a se ke a sheba e mong mahlong. U ka hapa tlhokomelo ea Sethōlō joang? Ho e-na le ho bitsa motho ka lebitso la hae, ho molemo ke ho mo phaphatha lehetleng kapa letsohong, ho mo hoehla ka letsoho u le moo a ka u bonang kapa haeba a le hōle ho etsa hore motho a mo bontše uena. Ho itšetlehile ka boemo, u ka tapa-tapa fatše kapa ua bonesa le ho tima mabone. Mekhoa ena le e meng e loketseng ea ho hapa tlhokomelo e thusa Lithōlō ’me ke karolo ea bophelo ba Lithōlō.
Tlamo e Kopanyang ea Puo
Ha ba teana le Lithōlō, ba bang ba ile ba etsa qeto e fosahetseng ea hore ho utloa seo motho a se buang ka ho mo bala molomong ke mosebetsi o bobebe. Leha ho le joalo, Lithōlō tse ngata li fumana hore ke mokhoa o lekanyelitsoeng haholo oa puisano. Ke ’nete hore ho na le mekhelo, kaha batho ba bang ba na le tsebo e ntle ea ho bala litaba molomong, empa ka kakaretso e ne e tla ba mosa ho se nahane hore motho a ka bala habonolo seo u se buang. Mohlomong ho sebelisa toloko kapa ho ngola pampiring seo u batlang ho se bua ho ne ho tla etsa hore ho be le puisano e nang le morero ho isa bohōleng bo itseng.
Leha ho le joalo, haeba u lula u teana le Lithōlō, na e ne e ke ke ea e-ba ho nahanela ho ithuta matšoao a itseng a puo ea matsoho? See se ne se tla hlahisa tlamo e babatsehang hakaakang, haholo-holo har’a ba leng tumelong e le ’ngoe! Ho tšoana le ho ithuta metheo ea puo e ’ngoe e buuoang sebakeng seo ho buuoang lipuo tse peli. Ho tloha khale Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thahasella ho etsa hore boitsebiso bo buang ka Jehova Molimo bo fumanoe ke bohle. Ha re hlokomela hore Lithōlō li ke ke tsa ithuta ho utloa ka tsela e tloaelehileng, ho ka ba molemo hakaakang haeba re ikamahanya le maemo a bona ka ho sebelisa puo ea matsoho!—1 Bakorinthe 9:20-22.
Antonino o bolela hore ha a ne a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Italy, qalong “ho ne ho se na phapanyetsano ea sebele le e sebetsang ea khothatso ha a qoqa le barab’abo rōna ba utloang. Kaha re ne re sa utloisisane, ke ne ke ikutloa ke qheletsoe ka thōko.” Litho tse ’maloa tsa phutheho li ile tsa arabela ka ho ithuta Puo ea Matsoho ea Italy (LIS). Lithōlō tse thahasellang li ile tsa qala ho ithuta Bibele, ’me liboka tsa tsamaisoa ka LIS. Antonino o ile a khothala ’me hona joale o lakatsa “ho bua le metsoalle eohle ea hae ea Lithōlō ka liboka tsa rōna le ka lerato le mofuthu le teng har’a batho ba Jehova.”
Lefatšeng ho pota, Lipaki tsa Jehova li theha liphutheho tse sebelisang puo ea matsoho, moo Lithōlō li khonang ho thabela botsoalle bo mofuthu le bo lerato hammoho. Spain, lihlopha tsa Lithōlō tse sebelisang puo ea matsoho li bile teng ka lilemo tse fetang 20. United States, hona joale ho na le liphutheho tse 19 tse mafolofolo tsa Lithōlō le lihlotšoana tse 47.
Lithōlō li khona ho sebeletsa e le basebeletsi ba nako e tletseng (bo-pula-maliboho), bahlanka ba sebeletsang le baholo esita le ho fana ka lipuo likopanong, ho ruta Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho le ho etella pele ka litsela tse sa tšoaneng. Tikolohong ena ha ho meeli, ho na le menyetla feela ea ho rorisa Jehova ka bokhoni ba motho.
Tlhoko ea rōna ea tlhaho ea ho ba le botsoalle le puisano e bontšoa ke mekhoa e mengata ea ho phela le ke lipuo tse ngata tse buuoang lefatšeng ho pota. Ho e-na le ho bona Lithōlō li haelloa kapa li hlōleha, ho molemo hakaakang ha re bona katleho, bokhoni le litšoaneleho tse re etsang batho kaofela! Ka ho hlompha ha rōna ba bang le ka ho ikemisetsa ha rōna ho ikamahanya le maemo a bona, bohle re tlatsetsa ho bōpeng lelapa le sa tšoaneng la motho empa e le le momahaneng.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ha u buisana le e mong ka puo ea matsoho, mo shebe mahlong
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lithōlō li sebeletsa ka thabo e le basebeletsi ba nako e tletseng
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho bina lipina tsa ’Muso ho sebelisoa puo ea matsoho ea Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho fana ka puo kopanong ka Puo ea Matsoho ea Korea
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Likhatiso tse thehiloeng Bibeleng li bontšoa videong ka puo ea matsoho