Bacha Baa Botsa. . .
Nka Iphumanela Chelete Joang?
“Ke batla mosebetsi o fanang ka chelete e tōma.”—Tanya.
BACHA ba bangata ba na le maikutlo a kang a Tanya. Mocha e mong ea bitsoang Sergio o re: “Ke batla chelete bakeng sa ho reka koloi le hore ke khone ho intša le ho reka liphahlo. Ha ke batle ho itšetleha ka batsoali ba ka nthong e ’ngoe le e ’ngoe.” Laurie-Ann e monyenyane o na le lebaka le tšoanang la ho sebetsa. O re: “Ke ngoanana ’me ke rata ho reka.”
Ha ho makatse hore ebe ho latela makasine ea U.S.News & World Report, “bana ba bararo ho ba bane ba saletsoeng ke selemo se le seng le ba leng selemong sa ho qetela sekolong se phahameng [United States] hona joale ba ea mosebetsing ka mor’a sekolo le ka mafelo-beke.” Ho ea bohōleng bo itseng, sena se bontša “lerato la chelete” le se nang teka-tekano, le atileng haholo lefatšeng lena la kajeno le ratang lintho tse bonahalang. (1 Timothea 6:10) Leha ho le joalo, hase bacha bohle ba batlang chelete ba inehelang leratong la lintho tse bonahalang.
Bibele e re ‘chelete ke tširelo.’ (Moeklesia 7:12) ’Me ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mangata a utloahalang ao ka ’ona joaloka mocha oa Mokreste, u ka ’nang ua batla ho fumana chelete e itseng.a Ka mohlala, Avian e monyenyane o hlalosa hore na ke hobane’ng ha a sebetsa matsatsi a mabeli ka beke: “Ho nthusa hore ke iphelise kaha ke pula-maliboho oa kamehla [’moleli oa evangeli oa nako e tletseng].”
Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a tšoanang ao ka ’ona u ka lakatsang ho fumana mosebetsi oa nakoana. Mohlomong u iketselitse pakane ea ho ea kopanong ea Bokreste. Kapa mohlomong u hloka chelete e itseng bakeng sa liaparo tse eketsehileng tse tšoanelehang tseo u ka li aparang libokeng tsa phutheho. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, lintho tsena li hloka chelete. Ke ’nete hore Jesu o ile a tšepisa hore Molimo o tla hlokomela ba ‘tsoelang pele ho batla ’Muso oa Molimo pele.’ (Matheu 6:33) Empa hona ha ho qhelele ka thōko hore u nke bohato ba pele tabeng ena. (Bapisa le Liketso 18:1-3.) Kahoo, mehato e meng e sebetsang eo u ka e nkang haeba u batla ho iphumanela chelete ke efe?
Ho Qalisa
Ha re nka hore batsoali ba hao ba u lumella hore u etse mosebetsi o itseng, ntho ea pele eo u lokelang ho e etsa ke ho bua le baahisani ba hao, matichere le beng ka uena ’me u ba bolelle hore u batla mosebetsi. Haeba u le lihlong ho ba bolella ka ho toba, u ka ’na ua ba botsa feela hore na ba ne ba etsa mosebetsi ofe ha e sa le bacha. Ba ka ’na ba u fa litlhahiso tse itseng tse molemo. Ha batho ba eketsehileng ba tseba hore u batla mosebetsi, u tla fumana boitsebiso bo bongata ba bohlokoa le libaka tseo u ka eang ho tsona bakeng sa mosebetsi.
Ka mor’a moo, leka mesebetsi e phatlalalitsoeng koranteng le mamatjaneng a boitsebiso a mabenkele, sekolong seo u se kenang le libakeng tse ling tsa sechaba. Mocha ea bitsoang Dave o re: “Ke kamoo ke ileng ka fumana mosebetsi oa ka kateng. Ke ile ka sheba koranta, ka ba romella boitsebiso bohle ba ka ka fax, ka ba ka ba founela.” Leha ho le joalo, na u hlokometse hore mesebetsi e mengata ha e phatlalatsoe? Ho latela makasine ea Seventeen, ba bang ba hakanya hore “mesebetsi e ka bang meraro ho e leshome ha e be teng ho fihlela ha ho hlaha motho ea tšoanelehang.” Mohlomong u ka kholisa mohiri hore ho hlokahala hore a u fumanele mosebetsi!
Empa u ka etsa joalo joang? U ka ’na ua nahana, ‘Ha ke na phihlelo.’ Joale ak’u nahane. Na u se u kile ua hlokomela ngoan’eno e monyenyane ha batsoali ba hao ba le sieo kapa ua sala le bana ba batho ba bang? Sena se bontša hore u na le boikarabelo. Na u se u kile ua thusa ntate oa hao ho lokisa koloi? Sena se bontša hore e ka ’na eaba u na le talenta ea ho sebetsana le mechine. Na u tseba ho thaepa kapa ho sebelisa k’homputha? Kapa na u ile ua fumana limaraka tse ntle ka mosebetsi oo u iqapetseng oona? Tsena ke lintlha tse ntle tse ka kholisang bao e ka bang bahiri ba hao ba ka moso.
Ka ho tšoanang, u se ke ua hlokomoloha lintho tseo u tloaetseng ho li etsa ha u phomotsa kelello kapa lintho tseo u li thahasellang. Ka mohlala, haeba u tseba ho letsa seletsa se itseng sa ’mino, fumana hore na ha ho sebaka se bulehileng lebenkeleng la ’mino. Ho hlakile hore u thahasella thepa ea lebenkele leo ’me ka sebele u ne u tla ba boemong bo botle ba ho arabela lipotso tsa bareki.
Ho Etsa Kōpo ea Mosebetsi
Ha re re le behelane nako ea hore u e’o hlahlobeloa mosebetsi. Hlokomela moaparo oa hao le ho itlhopha hobane ponahalo ea hao e bolela ho itseng ka uena. E ka fetisa molaetsa oa hore “u na le boikarabelo, u makhethe, u hlophisehile”—kapa o fapaneng le seo. Bibele e molemo ha e khothalletsa basali ba Bakreste hore ba ‘ikhabise ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.’ (1 Timothea 2:9) Seo se boetse sea sebetsa le ho banna. Le ka mohla, u se ke ua apara liaparo tse fesheneng kapa tse bokhoahlapa ha u il’o hlahlobeloa mosebetsi, ho sa tsotellehe hore na ho ameha mosebetsi oa mofuta ofe.
Boitšoaro ba hao le mekhoa ea hao e metle le tsona li bolela ho hoholo ka uena. Sebelisa Molao oa Khauta: Tšoara ba bang ka tsela eo u batlang ho tšoaroa ka eona. (Matheu 7:12) Boloka nako eo le e behelaneng. E-ba mafolofolo ’me u falimehe. E-ba le mekhoa e metle. U sa ithorise kapa ho fetelletsa litaba, hlalosa hore na ke hobane’ng ha u nahana hore ua tšoaneleha bakeng sa mosebetsi oo. Toba taba.
Litsebi tse ling li khothalletsa hore u tle le (kapa u romele esale pele) boitsebiso bohle ba hao, bo ngotsoeng ka makhethe, bo hlophisitsoeng hantle. Bo lokela ho akarelletsa lebitso la hao, aterese, nomoro ea thelefono, sepheo mosebetsing, thuto (ho kopanyelletsa le lithuto tse khethehileng tseo u ileng ua ithuta tsona), phihlelo ea mosebetsi oa pele (ho kopanyelletsa oo ho oona u neng u lefshoa le oo e neng e le oa boithaopo), tsebo e khethehileng, lithahasello tsa botho le lintho tseo u tloaetseng ho li etsa ho khatholla kelello (sena se ka bontša bokhoni ba hao), hammoho le molaetsa o mokhutšoanyane oa hore u ka fana ka mangolo a bopaki haeba a hlokahala. U ka boela ua lokisa leqephe le ka thōko le thathamisitseng mabitso, liaterese le linomoro tsa thelefono tsa batho ba itseng ba ka u buellang bakeng sa mosebetsi oo. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore u kōpa tumello ea bona pele. Bana ba ka akarelletsa bahiri ba hao ba pele, tichere, moeletsi oa sekolo, motsoalle oa hao e moholoanyane lilemong—motho leha e le ofe ea ka fanang ka bopaki mabapi le tsebo ea hao, bokhoni kapa botho ba hao.
Ho Itšebetsa
Ho thoe’ng haeba ho sa tsotellehe boiteko bohle boo u bo entseng, u sa fumane mosebetsi? Sena se atile linaheng tse ngata. Empa u se ke ua felloa ke tšepo. Ho iqalla khoebo ea hao e ka ’na ea e-ba karabo. Melemo ea hona ke efe? U ka khona ho iketsetsa kemiso ’me ua sebetsa haholo kapa hanyenyane ka hohle kamoo u batlang. Ke ’nete hore ho itšebetsa ho hloka hore u be motho ea ikhannang, ea ithibang le ea ikemiselitseng ho nka bohato ba pele.
Empa u ka qala khoebo ea mofuta ofe? Nahana ka sebaka se haufi le moo u lulang teng. Na ho na le thepa e itseng kapa tšebeletso e hlokahalang eo ho seng motho ea fanang ka eona? Ka mohlala, ha re re u rata liphoofolo. U ka ’na ua hlatsoa kapa ua kuta liphoofolo tseo baahisani ba hao ba li ruileng lapeng ka tefiso e itseng. Kapa mohlomong u tseba ho letsa seletsa sa ’mino. Na mohlomong u ka ruta ba bang ho letsa? Kapa mohlomong ke taba ea ho etsa mosebetsi oo hangata ba bang ba o tsoafang, o kang ho hlatsoa lifensetere kapa ho hloekisa. Mokreste ha a soabisoe ke ho sebetsa ka matsoho a hae. (Baefese 4:28) U ka ba ua leka le ho ithuta ho etsa lintho tse ling tse ncha. Sheba libuka tse tataisang bakeng sa ho etsa lintho tse itseng lilaebraring, kapa u kōpe motsoalle hore a u rute. Ka mohlala, Joshua e monyenyane o ile a ithuta ho ngola mengolo e metle e khethehileng. Ka mor’a moo, o ile a iqalla khoebo e nyenyane ea ho etsa likarete tsa ho memeloa machatong le liphathing.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng, “Mesebetsi eo U ka e Etsang.”
Tlhokomeliso: U se ke ua potlakela ho kena khoebong leha e le efe pele u hlahloba litšenyehelo tsa eona le lintho tse ling kaofela tse amehang. (Luka 14:28-30) Pele, buisana ka eona le batsoali ba hao. Hape, buisana le ba bang ba ’nileng ba e-ba le likhoebo tse tšoanang le eo. Na ho tla hlokahala hore u lefe lekhetho? Na ho tla hlokahala hore u fumane lakesense kapa lengolo la tumello? Batlisisa boitsebiso ho ba boholong sebakeng sa heno.—Baroma 13:1-7.
Boloka ho Leka-lekana!
Ho hlakile hore ho na le kotsi ea ho etsa mesebetsi e mengata ho feta eo u ka e jarang. Laurie-Ann o ile a re ka bacha ba bang ba hiriloeng: “Ha ba etse mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae, ’me ba khathala haholo hoo ba sitoang ho mamela ka hloko ka tlelaseng.” Ke ’nete hore libakeng tse ling tsa lefatše, bacha ha ba na boikhethelo haese ho sebetsa lihora tse telele hore ba thuse malapa abo bona ho phela. Empa haeba ha u boemong boo, ke hobane’ng ha u ka fetelletsa lintho tabeng ee? Ho ea ka litsebi tse ngata, ho sebetsa lihora tse fetang 20 ka beke empa u ntse u kena sekolo ho feteletse ’me ho sitisa pakane e habiloeng. Ba bang ba fana ka tlhahiso ea hore u se ke ua sebetsa lihora tse fetang robeli ho ea ho tse leshome ka beke.
Haeba u sebelisa nako ea hao e ngata, matla le ho falimeha ha hao mosebetsing oa ka mor’a sekolo, bophelo ba hao ba ’mele, limaraka tsa hao ’me haholo-holo bomoea ba hao, li ka qala ho fokola. E, hase batho ba baholo feela ba ’nileng ba pupetsoa ke “matla a thetsang a maruo le litakatso tsa lintho tse ling kaofela.” (Mareka 4:19) Kahoo, boloka ho leka-lekana. Solomone o ile a lemosa mabapi le ho sebetsa ka ho feteletseng, a re: “Seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho feta liatla tse peli tse tletseng mosebetsi o boima le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6, NW.
E, ho ka ’na ha hlokahala hore u fumane chelete. ’Me haeba morero oa hao oa ho etsa joalo e le o molemo le o nang le tšabo ea bomolimo, joaloka oa Avian e monyenyane ea boletsoeng pejana, u ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Leha ho le joalo, etsa bonnete ba hore ha u tšoarehe ka mosebetsi oo hoo u lebalang “lintho tsa bohlokoa haholoanyane,” e leng lithahasello tsa moea. (Bafilippi 1:10) Le hoja chelete e ka ba “tširelo,” kamano ea hao le Molimo ke eona eo ka sebele e tla u atlehisa.—Moeklesia 7:12; Pesaleme ea 91:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” tse hlahileng litokollong tsa Tsoha! ea December 8, 1990 le October 8, 1997, li ile tsa tšohla lehlakore le letle le le lebe la mesebetsi ea ka mor’a sekolo.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Mesebetsi eo U ka e Etsang
• Ho hlatsoa lifensetere
• Ho rekisa kapa ho tsamaisa likoranta
• Ho tlosa lehloa
• Ho lokisa lirapa kapa ho kuta mohloa
• Ho sala le bana
• Ho fepa liphoofolo tse ruiloeng, ho tsamaea le tsona kapa ho li hlatsoa
• Ho bentša lieta
• Ho lokisa kapa ho tereka liaparo
• Ho lema lijalo le ho li rekisa
• Ho rua likhōhō kapa ho rekisa mahe
• Ho thaepa kapa ho sebelisa k’homputha
• Ho rongoa mona le mane
• Ho tsamaisa thepa
• Ho ruta ’mino kapa lithuto tse ling
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho ipolaisa mosebetsi ho ka etsa hore limaraka tsa hao li theohe