Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 9/8 leq. 21
  • Ho Kapeha ka Leoatleng la ho Bapatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kapeha ka Leoatleng la ho Bapatsa
  • Tsoha!—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phatlalatso e na le Matla a ho Kholisa
    Tsoha!—1988
  • Tsebo ea ho Susumetsa
    Tsoha!—1998
  • Matla a ho Bapatsa
    Tsoha!—1998
  • Phatlalatso e Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 9/8 leq. 21

Ho Kapeha ka Leoatleng la ho Bapatsa

“NTATE, khoeli eona e tlameha ho bapatsa eng?” Potso ena e makatsang, e ileng ea botsoa ke ngoana, e ile ea hlaha thothokisong e ngotsoeng ke Carl Sandburg lilemong tse 50 tse fetileng. Nakong e tlang, potso e kang eo e ka ’na ea se ke ea hlola e bonahala e makatsa. Ho latela makasine ea New Scientist, batsamaisi ba babeli ba tsa papatso London ba ntse ba sebetsana le morero oa ho sebelisa khanya ea letsatsi hore e hlahise lipapatso khoeling.

Nahana ha khoeli e se e sebelisoa e le lematjana la phatlalatso! Nahana ho se ho bapatsoa molaetsa oa khoebo o eang ho batho lefatšeng ka bophara, molaetsa oo ba o shebeletseng ba ke keng ba o tima, ba o koala, ba o akhela ka moqomong oa lithōle kapa ba o thōlisa ka remote control. E ka ’na eaba khopolo ena ha e u khahle, empa ho ba bang e tla ba ho phethahala ha toro ea bona.

Le hoja hona joale ho bapatsa ho e-s’o fihle khoeling, ho aparetse lefatše. Boholo ba limakasine le likoranta tsa Amerika li behella karolo ea 60 lekholong ea maqephe a tsona ka thōko bakeng sa lipapatso. Khatiso ea Sontaha ea The New York Times e le ’ngoe feela e ka ’na ea e-ba le maqephe a 350 a lipapatso. Liteishene tse ling tsa seea-le-moea li nehelana ka metsotso e 40 horeng e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa lipapatso.

Joale ho hong ke thelevishene. Ho latela khakanyo e ’ngoe, bacha ba Maamerika ba qeta lihora tse tharo ba shebeletse lipapatso tsa thelevishene beke e ’ngoe le e ’ngoe. Nakong eo ba qetang sekolong se phahameng ka eona, ba tla be ba bone lipapatso tsa TV tse ka bang 360 000. Lithelevishene li bapatsa liemelong tsa lifofane, likamoreng tsa ho leta sepetlele le likolong.

Liketsahalo tsa bohlokoa tsa lipapali hona joale ke tsona liketsahalo tse khōlō tse bapatsoang. Likoloi tsa reisisi li mamarelitsoe melaetsa ea papatso. Baatlelete ba bang ba fumana boholo ba chelete ea bona ho batho ba bapatsang. Khalala e ’ngoe ea papali ea basketball e ile ea fumana lidolara tse limilione tse 3,9 (liranta tse limilione tse 19,4) ka ho bapala basketball. Batho ba bapatsang ba ile ba e lefa chelete e fetang eo ka makhetlo a robong bakeng sa ho buella thepa ea bona.

Ha ho moo ho ka baleheloang teng. Lipapatso tsa khoebo li manehoa maboteng, libeseng le literakeng. Li khabisa litekesi ka hare le literene tse tsamaeang ka tlas’a lefatše—esita le mamati a matloana a sechaba. Re utloa lipapatso ka libuela-hōle lisuphamaketeng, mabenkeleng le ka har’a li-lift—esita le ha re emetse ho bua le motho thelefonong. Linaheng tse ling, ho tla melaetsa e mengata ea papatso ka poso hoo batho ba bangata ha ba e amohela ba lebang ka ho toba moqomong oa lithōle o haufinyane ho lahlela poso eo e se nang thuso ka teng.

Ho latela Insider’s Report e hatisitsoeng ke McCann-Erickson, mokhatlo oa lefatše lohle oa tsa papatso, chelete eo ho hakanngoang hore e sebelisitsoe bakeng sa ho bapatsa lefatšeng ka bophara ka 1990 e bile liranta tse libilione tse 1,4. Ho tloha nakong eo, lipalo li ile tsa nyolohela ho liranta tse libilione tse 2,1 ka 1997 ’me bakeng sa 1998 li hakanyelitsoe ho liranta tse libilione tse 2,2. Eo ke chelete e ngata!

Phello ea see sohle ke efe? Mohlahlobisisi e mong o ile a beha taba tjena: “Ho bapatsa ke o mong oa mekhoa e matla ka ho fetisisa ea ho bōpa likamano sechabeng. . . . Lipapatso ha li susumelletse batho ho reka lihlahisoa tse itseng feela. Li ba susumelletsa ho lumela likhopolo tse itseng tse atileng, litekanyetso, lipakane, likhopolo tsa hore na re bo-mang le hore na re lokela ho ba bo-mang . . . Li bōpa maikutlo a rōna ’me maikutlo a rōna a bōpa boitšoaro ba rōna.”

Kaha u ke ke ua qoba papatso, ke hobane’ng ha u sa sibolle hore na e sebetsa joang le hore na e ka u susumetsa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela