Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 9/8 maq. 22-25
  • Tsebo ea ho Susumetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsebo ea ho Susumetsa
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho Bao Papatso e Lebisoang ho Bona
  • Mabaka a ho Susumetsa
  • Ho Ipiletsa Monahanong le Maikutlong
  • Matla a Tšoasang
  • Ho Kapeha ka Leoatleng la ho Bapatsa
    Tsoha!—1998
  • Matla a ho Bapatsa
    Tsoha!—1998
  • Phatlalatso e na le Matla a ho Kholisa
    Tsoha!—1988
  • Koae le Thibelo
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 9/8 maq. 22-25

Tsebo ea ho Susumetsa

SEPHEO sa ho bapatsa ha khoebo ke sefe? Likhoebo li bolela hore ho bapatsa ha tsona ho sebeletsa sechaba hobane ho re fa boitsebiso mabapi le lihlahisoa tsa tsona. Mokhatlo oa Machaba oa ho Bapatsa o re: “Moreki o hloka papatso e le hore a tsebe lintho hantle. Khetho e nang le tsebo e itšetlehile ka boitsebiso bo itseng. Ho bapatsa—ho latela moelelo oa hona o pharaletseng ka ho fetisisa—ke mocha oa bohlokoahali o fanang ka boitsebiso bo pakeng tsa Mohlahisi le Moreki.”

Ka ho hlakileng, kaofela rea tseba hore ho bapatsa ho joalo ho etsa ho fetang ho fana ka boitsebiso feela—sepheo sa hona ke ho rekisa. Hase ho hlokang leeme kapa ho sa nkeng lehlakore. Lipapatso tse atlehang li tseba ho tšoasa kelello ea moreki le ho mo susumelletsa hore a reke sehlahisoa se bapatsoang.

Ho feta moo, ho bapatsa ha ho susumelletse motho ho reka lihlahisoa ka botsona feela; ho buella mabitso. Haeba u le mohlahisi e moholo oa sesepa, u ke ke ua senya liranta tse limilione tsa ho bapatsa u khothalletsa batho ho reka sesepa leha e le sefe. U batla hore ba reke sesepa sa hao. U batla lipapatso tse tla kholisa batho ka tsela e itseng hore lebitso la sesepa sa hao ke lona le letle ho feta leha e le lefe le leng.

Batho Bao Papatso e Lebisoang ho Bona

Hore papatso e atlehe, hangata e lebisoa ka hloko ho batho ba itseng, ebang ke bana, basali ba sa sebetseng, bo-rakhoebo kapa sehlopha se seng se itseng. Papatso e etsoa ka tsela e tla ipiletsa linthong tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo batho bao ba amehileng ka tsona. Joale papatso eo e hlahisoa mocheng oa phatlalatso o tla ba finyella ka tsela e atlehang ka ho fetisisa.

Pele ho qaptjoa papatso e itseng, ho etsoa patlisiso e matla bakeng sa ho fumana ho itseng ka sehlopha sa batho se monyetleng o moholo ka ho fetisisa oa ho reka le ho sebelisa sehlahisoa se bapatsoang. Babapatsi ba lokela ho tseba hore na batho bana ke bo-mang, hore na ba nahana joang ’me ba itšoara joang, ke eng seo ba se lakatsang le seo ba se labalabelang. Setsebi se seng sa papatso se ile sa ngola: “Re etsa boiteko bo matla ba ho tseba hantle hore na re ngolla batho ba mofuta ofe. Ke bo-mang, ba lula hokae, ba reka eng. Le hore na ke hobane’ng ha ba reka sehlahisoa seo. Ho tseba sena sohle ho re fa boitsebiso boo re ka bo sebelisang ho ngola melaetsa e susumetsang ea thekiso. Batho bao re lebisang papatso ea rōna ho bona ba tla arabela hantle tšusumetsong; ba ke ke ba arabela litšosong, lithahasellong tsa rōna kapa lipapatsong tse kang metsu ea mantsoe e phosetsoang moeeng ntle ho morero.”

Mabaka a ho Susumetsa

Ha ho qaptjoa papatso e itseng, khetho ea mantsoe ke ea bohlokoahali. Ho fetelletsa litaba kapa thoriso e feteletseng li tloaelehile. Lijo-thollo tse jeoang hoseng ho thoe “ke tsa boemo bo phahameng,” ’me k’hamphani e etsang likarete tsa litumeliso e bolela kamoo batho ba rekang likarete tsa eona kateng ha ba “batla ho romela tsa maemo a holimo-limo.” Le hoja ho se bonolo kamehla ho khetholla pakeng tsa ho fetelletsa litaba le thetso ea ka boomo, ho hlokahala hore babapatsi ba hlokomele hore ba se bolele lintho tse ka hanyetsoang ka mabaka a nang le bopaki. Mebuso e meng e na le melao e hanelang bomenemene bo joalo, ’me likhoebo li potlakela ho qosa haeba lithahasello tsa tsona li sokeloa ke lipapatso tse thetsang tsa lik’hamphani tse hlōlisanang le tsona.

Haeba sehlahisoa se itseng se batla se tšoana le tse ling, lintho tseo ’mapatsi a ka li buellang li lekanyelitsoe, kahoo, hangata molaetsa o buella ho fokolang kapa ha ho seo o se buellang. Ba bangata ba khetholla lihlahisoa tsa bona ka mapetjo a hapang thahasello. Mehlala e seng mekae: “Ithekele tsona” (lepetjo le bapatsang liteki), “Lijo tsa hoseng tse jeoang ke bo-nkokonono” (lijo-thollo tse jeoang hoseng), “Ke chelete ea hao, khetha ea boleng bo phahameng” (mofuta oa koloi), le “U oetse liatleng tse mofuthu” (k’hamphani ea inshorense).

Melaetsa ea papatso e bonoang, ebang ke makasineng kapa thelevisheneng, e na le litlhahiso tse nang le tšusumetso e matla ho feta se hlileng se buuoang ka sehlahisoa. Tsela eo sehlahisoa se buelloang ka eona e ka ’na ea fetisa maikutlo a kang a hore, ‘Haeba u reka oache ena, batho ba tla u hlompha,’ kapa ‘Moetso ona oa bokate o tla etsa hore u khahlehe haholoanyane ho bahlankana kapa baroetsana,’ kapa ‘Koloi ena e tla ntša baahisani ba hao lipelo.’ Ho e ’ngoe ea liphutuho tse tsebahalang haholo le tse atlehang ka ho fetisisa tsa ho bapatsa, k’hamphani ea lisakerete e amahanya sehlahisoa sa eona le ma-cowboy. Ma-cowboy a hlalosoa e le batho ba matla, ba hahehileng le ba laolang. Molaetsa o fetisoang ka tsela e sa tobang ke ona: Tsuba sakerete ea rōna ’me u tla tšoana le banna bana ba ratehang ba etsang liketso tse matla.

Ho phaella mantsoeng a bohlale le litšoantšong tse bonahalang, ’mino ke oa bohlokoa lipapatsong tsa seea-le-moea le tsa thelevishene. O ama maikutlo, o phahamisa moea oa papatso, o thusa ho etsa hore e hopolehe le ho ntlafatsa boikutlo ba moreki ka sehlahisoa seo.

Makasine ea World Watch ea hlokomela: “Lipapatso tse qapiloeng ka bokhoni bo boholo ke mosebetsi o tsoileng matsoho—li kopanya litšoantšo tse ntle, lebelo le phahameng le mokhoa oa ho bua o tsosang thahasello bakeng sa ho finyella tšabo ea rōna e ka hare le litakatso tsa rōna. Lipapatso tse hlahang thelevisheneng nakong ea mantsiboea eo ka eona boholo ba batho bo e shebeletseng linaheng tsa liindasteri, li fetisa litlhahiso tse ngata ka motsotso ho feta ntho leha e le efe e kileng ea qaptjoa nakong e fetileng.”

Ho Ipiletsa Monahanong le Maikutlong

Lipapatso li qaptjoa ka hloko e le hore li ipiletse lithahasellong tse khethehileng tsa batho bao papatso e lebisitsoeng ho bona, hammoho le linthong tseo ba li nkang e le tsa bohlokoa. Mohlomong papatso e tla ipiletsa tlhokahalong ea ho ithabisa, ho labalabeleng tšireletseho kapa takatsong ea ho amoheloa ke ba bang. Mohlomong papatso e tla lebisa tlhokomelo takatsong ea ho khahlisa ba bang, ho hloeka kapa ho ba mokhelo ho ba bang. Lipapatso tse ling li buella lihlahisoa tsa tsona ka ho ipiletsa maikutlong a rōna a tšabo. Ka mohlala, k’hamphani e ’ngoe ea sesepa se hlatsoang lehano e ile ea lemosa ka likotsi tsa monko o mobe oa lehano: “Esita le motsoalle eo u ntšanang se inong le eena a ke ke a u bolella,” le “U tla b’u sa le u le moetsana, ha ho mohla u tla ba monyaluoa.”

Ka linako tse ling ho bobebe ho sheba papatso le ho hlahlobisisa mokhoa oo e ipiletsang ka oona. Lipapatso tse ling li lebisoa ka ho khetheha likelellong tsa rōna tse hlaphohetsoeng, tse nahanang le tse sebetsang hantle. Li hlahisa boitsebiso bo tobileng ka sehlahisoa se itseng. Mohlala ke letšoao le u bontšang hore hona joale tlhapi e rekisoa ka theko e theotsoeng ka halofo. Tsela e ’ngoe ke ho hlahisa khang e susumetsang batho hore ba lumele. Mofuta ona oa papatso o ka fana ka lebaka la hore tlhapi eo theko ea eona e theotsoeng ka halofo ha e na ho boloka chelete ea hao feela empa e boetse ea latsoeha ebile e tla u haha ’meleng hammoho le ba lelapa la hao.

Lipapatso tse ling li reretsoe ho ipiletsa maikutlong a rōna. Ka mohlala, lipapatso tse lebisoang maikutlong li ipiletsa ka hore li kenyelletse setšoantšo se setle sehlahisoeng. Baetsi ba litlolo, lisakerete le joala ba itšetlehile haholo ka mokhoa ona oa ho bapatsa. Lipapatso tse ling li sebelisa pheta-phetane. Mokhoa ona oa thekiso o qobellang o thehiloe tšepong ea hore haeba batho ba ka utloa molaetsa oo ka makhetlo a mangata ka ho lekaneng, ba tla o lumela ba be ba reke sehlahisoa seo, esita le haeba ba sa rate papatso eo ka boeona! Ke ka lebaka lena hangata re bonang lipapatso tse buellang sehlahisoa se le seng li hlaha ka makhetlo a mangata-ngata. Lik’hamphani tsa meriana e sa laeloang ke lingaka ka tloaelo li sebelisa mokhoa ona.

Ka tsela e tšoanang, lipapatso-taelo li ipiletsa maikutlong a rōna. Lipapatso tsena li re bolella ka ho toba hore na re etse eng: “Noa sena!” “Reka hona joale!” Ho nahanoa hore lipapatso-taelo li sebetsa hamolemo ka ho fetisisa lihlahisoeng tseo batho ba seng ba ntse ba li tseba le ho li rata. Leha ho le joalo, lipapatso tse ling tse ngata li oela tlas’a sehlopha se seng. Tsena ke lipapatso tse susumelletsang motho ho etsisa ba bang, kapa tse fanang ka bopaki ba melemo e fumanoeng sehlahisoeng se itseng. Lipapatso tsena li hlahisa batho ba tummeng kapa ba khahlang ba sebelisa kapa ba buella sehlahisoa seo ’mapatsi a batlang hore re se reke. Boipiletso bona bo thehiloe khopolong ea hore re batla ho tšoana le batho bao re ba ratang. Le-cowboy le tsubang sakerete ke mohlala oa mofuta ona oa papatso.

Matla a Tšoasang

Na u hlokometse hore u ka tloaela monko o itseng o lulang o le teng kapa lerata le itseng hoo u qetellang u sa li hlokomele? Ho etsahala ntho e tšoanang le ka ho bapatsa.

Ho latela makasine ea Business Week, Moamerika oa sebele o pepesehetse melaetsa ea papatso e ka bang 3000 letsatsi le leng le le leng. Batho ba arabela joang? Ba iphapanyetsa eona, ebang ke ka tsela ea sebele kapa kelellong. Boholo ba batho bo lebisa tlhokomelo e fokolang ka hohle kamoo bo ka khonang lipapatsong.

E le ho hlōla ho hloka thahasello ha bashebelli, lipapatso li lokela ho hapa tlhokomelo ea rōna. Lipapatso tsa thelevishene li hlahisa litšoantšo tse khahlang. Li leka ka matla ho ba tse tlosang bolutu, tseo e kang ke tšoantšiso, tse tšehisang, tse makatsang kapa tse amang maikutlo. Li hlahisa batho ba tummeng le litšoantšo tse qabolang tse ratehang. Tse ngata li sebelisa boikutlo ho hapa tlhokomelo ea rōna, mohlomong ka ho hlahisa likatse, malinyane a lintja kapa masea.

Hang ha ’mapatsi a hapile tlhokomelo ea rōna, o lokela ho boloka thahasello ea rōna ho fihlela a etsa hore re hlokomele sehlahisoa seo a se buellang. Lipapatso tse atlehang ha li tlose bolutu feela; li leka ho re susumelletsa hore re reke.

Ka bokhutšoanyane, ke kamoo ho bapatsa ho sebetsang kateng. Joale re tla hlahloba matla a hona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

Moamerika oa sebele o pepesehetse melaetsa ea papatso e ka bang 3000 letsatsi le leng le le leng

[Lebokose le leqepheng la 23]

Bathōlisi, Bafetisi le Batlōlisi

Remote control ea thelevishene ke sebetsa se khahlanong le lipapatso. Batho ba bangata baa thōlisa, kapa ba koala molumo oa papatso ka ho penya konopo e koalang molumo. Ba bang ba rekota mananeo litheiping tsa video ’me ha ba a bapala ba fetisa lipapatso ka ho penya konopo e fetisang ka potlako. Ba bang bona baa tlōla, ho bolelang hore ba tloha seteisheneng se seng ho ea ho se seng moo ba qobang lipapatso. Batlōlisi ba nang le tsebo baa tseba hore na khefu ea lipapatso e nka nako e kae, ’me ba khutlela lenaneong leo ba le shebeletseng ha lipapatso li fela.

Babapatsi ba leka ho thibela ho thōlisoa ha lipapatso tsa bona ka ho hlahisa lipapatso tse nang le matla a tšoasang—tseo ka potlako li hapang thahasello ea moshebelli le ho e boloka. Leraba la ho qapa lipapatso tse hohelang ke hore batho ba ka ’na ba hopola papatso eo, eseng sehlahisoa se bapatsoang.

[Lebokose le leqepheng la 24]

Ho Bapatsa ho sa Hlokomeleheng

Bofelong ba bo-1950, James Vicary o ile a bolela hore o entse lipatlisiso sebakeng seo ho shebelloang baesekopo ho sona New Jersey, U.S.A., moo mantsoe a reng “Noa Coca-Cola” le “Ja Liqhoome” a neng a hlaha sekerineng nakong eo baesekopo e ntseng e tsoela pele. Melaetsa eo e ne e hlaha ka motsotsoana feela, e le mekhutšoanyane haholo hoo e neng e ke ke ea hatiseha kelellong e hlaphohetsoeng. Leha ho le joalo, ho latela Vicary, hoo ho ile ha fella ka keketseho thekisong ea Coca-Cola le liqhoome. Sena seo a ileng a se bolela se ile sa lebisa tumelong e atileng ea hore babapatsi ba ka susumelletsa batho hore ba reke lintho ka ho hlahisa melaetsa “e sa bonoeng.” Ho latela tlaleho, Monghali Vicary o ile a kena pooneng ka mor’a hore a tekene likonteraka tsa lidolara tse limilione tse 4,5 (liranta tse limilione tse 22,4) le babapatsi ba hlaheletseng ka ho fetisisa ba Amerika. Babapatsi bao e ne e bile liphofu tsa bomenemene.

Lipatlisiso tse ileng tsa latela li ile tsa shanofatsa se neng se boletsoe ke Vicary. Motsamaisi e mong ea qetileng nako e telele ho tsa papatso o ile a re: “Ho bapatsa ho sa hlokomeleheng ha ho sebetse. Haeba ho ne ho sebetsa, re ka be re ho sebelisitse.”

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lipapatso li etselitsoe ho hapa tlhokomelo ea rōna

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela