Koae le Thibelo
“Ho Lekane ka Thibelo Ena! Tokoloho ea ho bua—ho kopanyelletsa le tokoloho ea ho phatlalatsa—ke tokelo eo re lokelang ho ba le eona. Thibelo ea ho phatlalatsa sekarete ha e tšehetsoe ke boholo ba Maamerika.”-Phatlalatso ea koranta, Pherekhong 1989, e theiloeng “phuputsong ea sechaba ea lipuisano tsa thelefono le batho ba baholo ba 1500.” Empa na 1 500 e emela “boholo ba Maamerika”?
BAPHATLALATSI ba koae ba pheha khang ka hore liphatlalatso tsa bona ha li etse batho hore ba qale tloaelo ea ho tsuba. Li mpa li lekanyetsa ho hōla ha khoebo har’a mefuta e fapaneng ea koae. Leha ho le joalo, ho eketseha ha basali ba tsubang kajeno ho shanofatsa mantsoe ao. Empa ho na le tšusumetso e ’ngoe e bolaeang e tsoang matleng a sebelisoang ke baphatlalatsi ba koae. Lilemong tsa morao tjena lifeme tsa koae tsa U.S. li itheketse botumo bo itseng ka ho reka lifeme tsa lijo le ho ntša lentsoe koae mabitsong a lifeme tsa eona. Kahoo, American Tobacco Company e fetohile American Brands; R. J. Reynolds Tobacco Company e sa tsoa fetoha RJR/Nabisco; Brown and Williamson Tobacco Corporation e fetohile Brown and Williamson Industries. Empa phello e ’ngoe ea liphetoho tsena ke efe? Khatello e eketsehileng ea phatlalatso. Joang?
Ekasita le limakasine tse e-song ho hlahise liphatlalatso tsa koae li lokela ho nahana ka botebo ka ho phatlalatsa lihlooho tse nyatsang ho tsuba le lihlahisoa tsa koae. Kannete, chelete e fumanoang liphatlalatsong tsa koae ha e lahlehe. Empa ho thoe’ng ka lifeme tse ling tseo hajoale e leng tsa barekisi ba koae ’me li phatlalatsa lijo kapa lihlahisoa tse ling? ’Me ho thoe’ng ka lihlooho kapa lipuo tse ka buang hampe ka ho tsuba? Ona ke motheo oa ho ipehela thibelo ka tsela e patehileng.
Mohlala o thahasellisang ntlheng ena ke oa tokollo ea Newsweek ea la 6 Phuptjane, 1983. Litokollo tsa pele le tse latelang eo ea la 6 Phuptjane li ne li e-na le maqephe a supileng ho ea ho a leshome a liphatlalatso tsa sekarete. Empa Newsweek ea la 6 Phuptjane e ne e e-na le maqephe a 4,3 a letoto la liphehisano le nang le sehlooho “Qeto e Entsoeng ka ho Tsuba.” Ke maqephe a makae a liphatlalatso tsa sekarete ao e neng e e-na le ’ona tokollong eo? A ne a le sieo. Mongoli White oa bolela: “Ha lifeme tsa sekarete li utloela ka merero ea taba e ngoloang, li kōpa hore liphatlalatso tsa tsona li hlakoloe. E ka ’na ea ba makasine e lahlehetsoe ke lidolara tse limillione [liranta tse limillione tse 2, 5] liphatlalatsong bakeng sa ho hatisa taba eo.”
Tsela ea ho phatlalatsa ke mothapo oa bophelo oa limakasine le likoranta. Bopaki bo bontša hore bangoli ba nahana ka hloko ka boitsebiso boo ba tla bo hatisa ha ba nyatsa feme ea koae, haeba bo le teng. Mongoli e mong oa bophelo bo botle o itse: “Ka mohlala, haeba ke kenya ho tsuba lethathamong la lintho tse bakang lefu la pelo, mohlophisi oa ka o tla ho beha qetellong ea lethathamo kapa a ho tlohelle ka ho felletseng.” Ho joalokaha maele a Senyesemane a bolela, “Molefi oa litšenyehelo o na le tokelo ea ho khetha seo a se batlang.” Ho ipehela thibelo ho fetohile mokhoa o sebelisoang.
Ka ho thahasellisang, The Wall Street Journal e tlalehile hore lilemo tse ka holimo ho tse tšeletseng tseo ka tsona limakasine tsa batho ba batšo li neng li hatisa liphatlalatso tsa koae, ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea hatisa sehlooho se buang ka ho toba ka ho tsuba le bophelo bo botle. Na e mpa e le ka kotsi? Ka ho hlakileng, limakasine tse phatlalatsang lihlahisoa tsa koae li thatafalloa ke ho loma matsoho a li fepang. Kahoo li balehela ho pepesa likotsi tsa ho tsuba.
Tlhahlobo ena ea koae, ho tsuba, le ho phatlalatsa e re thusa ho bona hore lintho tse ngata li kotsing. Ho balemi ba koae, bophelo ba bona bo kotsing. Ho bahoebi ba koae, barekisi, phaello ea bona e kotsing. Ho mebuso, ho lefisa ha eona lekhetho ho kotsing. ’Me ho batsubi ba limillione, bophelo bo botle bo kotsing.
Haeba ua tsuba kapa u ntse u nahana ka hore u qalise ho tsuba, khetho ke ea hao. Ho joalokaha balaoli ba koae ba U.S. ba rata ho u hopotsa, ho tsuba ke tokelo ea hao ea molao. Empa hopola, hoo ho boetse ho bolela hore ke tokelo ea hao ea molao ho ipeha kotsing ea ho bolaoa ke kankere ea matšoafo kapa ea ’metso, boloetse bo amanang le pelo le methapo ea mali, emphysema, boloetse ba Buerger (bona lebokoso ho leqephe 9), le letoto la mahloko a mang a bolaeang. Ka lehlakoreng le leng, haeba u batla ho tlohela ho tsuba, u ka ho etsa joang? Ke’ng se hlokahalang? Boitšusumetso!
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ngaka e khōlō ea U.S. Koop e lemositse ka makhetlo ka likotsi tsa ho sebelisa koae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea Public Health Service