Na Khoebo ea Koae ke Boitšoaro bo Botle?
“B.A.T. [British American Tobacco] Uganda 1984 Ltd. ha e lumele hore ho tsuba sakerete ho kotsi bophelong bo botle.” Taba ena eo e neng e ngotsoe lengolong le eang ho Tšebeletso ea Bophelo bo Botle ea Entebbe, Uganda, e ile ea baka morusu nakong eo ho neng ho etsoa liqoso khahlanong le mekhoa e belaetsang le litekanyetso tse thetsang tsa khoebo Brithani. Hobane’ng?
Litemoso tsa ’muso mabapi le bophelo bo botle li tlameha ho ngoloa mabokoseng a lisakerete linaheng tsa Bophirimela moo joale ho tsuba ho theohang ka karolo ea 1 lekholong selemo le selemo. Leha ho le joalo, linaheng tse tsoelang pele moruong hangata litlhokahalo tse joalo tsa molao ha li eo, ’me moo li leng teng, li ka ’na tsa se hlokomeloe haeba batsubi ba reka lisakerete tsa bona ka bonngoe ho e-na le ho li reka ka lebokose. Thekiso ea lisakerete linaheng tseo e eketseha ka karolo ea 2 lekholong selemo le selemo. Empa hoo ke karolo feela ea bothata. Hlooho ea lenaneo la Koae kapa la Bophelo bo Botle la WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) Dr. Roberto Masironi, o bolela hore koae e nang le bokoali bo bongata “hoo e leng kotsi haholo bakeng sa [linaha tsa Europe] hore ka botsona li ka e tsuba” e romeloa Afrika le linaheng tse ling tse tsoelang pele moruong ho tsoa Europe.
Thekiso e mabifi e boetse e hlahisa mabitso a macha a matla a theko e tlaase. Zimbabwe, moo halofo ea lenane la baahi e leng ka tlas’a lilemo tse 16 ’me ho se tekanyetso ea lilemo ho ba rekang koae, ho tšajoa hore bana ba banyenyane e tla ba makhoba a ho tsuba. Letona la bophelo bo botle la Zimbabwe Dr. Timothy Stamps, le eena o bontšitse ho ameha ka “melaetsa ea bolotsana e lebisitsoeng ho basali ba bacha” hore ba tšoasoe ke bokoali bo ’nileng ba bitsoa “sethethefatsi se sebetsang ka potlako e khōlō lefatšeng la Bophirimela.” Ha e fana ka puo sebokeng sa WHO, ngaka e khōlō ea Brithani e itse: “Ke sitoa ho utloisisa kamoo motho ofe kapa ofe a ka tsoelang pele ho hōlisa mokhoa ona o bolaeang.”
Mabapi le likhatello tse joalo, ke hobane’ng ha letšolo la ho eketsa thekiso ea lisakerete le sa hlōlehe? Ho na le mabaka a mabeli a motheo. La pele, haeba le ne le ka hlōleha, lifeme tsa koae tsa Europe li ne li tla lahleheloa ke mesebetsi e likete. La bobeli, ke moruo oa linaha tseo ho tsona ho rekisoang koae. Ka mohlala, Kenya e fumana karolo ea 5 lekholong cheleteng eohle ea eona eo ’muso o e fumanang ka lekhetho la ka har’a naha le la phaello thekisong ea koae. Hape, ho tlatsetsang khōlong ea thekiso ea koae ke chelete eo lifeme tsa koae li tšehetsang lipapali ka eona.
Ka nako e tšoanang, mathata a bophelo bo botle a lefatše la Bophirimela joale a nanarela linaha tsa Afrika. Ha li tsoela pele ho loantša malaria le mafu a mang a seoa, li fumana hore mehloli ea tsona e lekanyelitsoeng e imeloa ke mafu a amanang le ho tsuba.
Asia ke ’maraka o latelang oo lifeme tsa koae li retelehelang ho ’ona. Teng, ho hakanngoa hore thekiso ea koae e tla phahama bonyane ka karolo ea 18 lekholong lilemong tse leshome tse tlang. Ho lebelletsoe hore Chaena le eona e tla qetella e romella koae linaheng tsa Bophirimela. Ho se ho ntse ho tsejoa hore Machaena a tsuba karolo ea 30 lekholong ea lisakerete tsa lefatše. The Sunday Times ea London e tlaleha hore setsebi sa kankere sa Brithani Moprofesa Richard Peto, o lohotha hore har’a bana bohle ba Machaena ba phelang kajeno, ba limillione tse 50 ba tla qetella ba bolailoe ke mafu a amanang le koae.
E ’ngoe ea litšobotsi tse khethollang Lipaki tsa Jehova—tse fetang limillione tse ’nè lefatšeng ka bophara—ke ho se tsube ha tsona koae. Leha ho le joalo, bongata ba tsona e ne e le bo tsubang haholo. Li ile tsa khaotsa ha li hlokomela hore ho tsuba ha ho lumellane le tumelo ea Bokreste. (Mattheu 22:39; 2 Ba-Korinthe 7:1) Haeba kannete u batla ho lokoloha bokhobeng ba koae, kōpa leha e le mang oa tsona hore a u thuse le ho u eletsa. O tla thabela ho etsa joalo.