Ho na le Matšeliso Afe Bakeng sa ba Shoetsoeng?
BAKENG sa ba tobaneng le tahlehelo ea tšohanyetso ea baratuoa ba bona likotsing tse amanang le joala, “ha ho nako . . . ea hore ‘Salang hantle,’ . . . kapa ‘Kea u rata,’” ho bolela Janice Lord, mongoli oa Survivor Grief Following a Drunk-Driving Crash.
Joalokaha re se re bone, baphonyohi ba lokela ho sebetsana le lintho tse ngata: ho nyaroha, tšabo, bohale, le tsieleho. Ho shoa ha baratuoa ka tsela ena ho baka boikutlo ba tahlehelo ea ka mehla. Baphonyohi ba ka ikutloa hore bohloko boo ba bo utloileng bo ke ke ba etsolloa le ka mohla.
Ka ho hlokomela bohloko bo bakoang ke tahlehelo e joalo, mebuso e mengata e sebeletsa ho etsa melao kapa maemo a ka ’nang a fokotsa lenane le phahameng ka ho tšosang la likotsi selemo le selemo. Ka mohlala, mohlanka e mong oa ’muso o ile a supa tšobotsi ea bofokoli ho ba leng molato oa ho noa le ho khanna ’me a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe litsi tseo ba ka itlalehang ho tsona moo ka thuto, mosebetsi le thupelo ka lithethefatsi, ba ‘ka tšehetsoang le ho matlafatsoa’ hore ba hlōle mefokolo ea bona.
Ke Eng se Hlileng se Hlokahalang?
Le hoja sena se lakatseha haholo, ha ho motho kapa mokhatlo oa batho o ka hlakolang bohloko ho ba shoetsoeng, leha e le hore batho ba ka tsosa bafu. Se hlokahalang ho etsolla tšenyo eohle se phahametse hōle seo batho ba ka fanang ka sona. Se hlileng se hlokahalang ke tokisetso e fapaneng ka ho felletseng lefatšeng, tokisetso e ke keng ea itšetleha likhopolong tsa boithati tsa kajeno tse senyang tsa ‘ho fumana boithabiso ka hohle-hohle’ tse nkileng bophelo ba batho ba bangata.
Na ho na le motheo oa sebele oa ho tšepa hore ho tla ba le lefatše la mofuta oo le molemonyana moo litlokotsi tse joalo e tlang ho ba lintho tsa nakong e fetileng? E, o teng. Ha e le hantle, ho na le tšepo e tiileng ea lefatše le lecha moo litlokotsi tsena li tla fela, lefatše leo ho lona esita le ba shoang likotsing ba tla tsosoa bafung. E tla ba thabo e kaakang ha batho bana ba boela ba kopana le baratuoa ba bona! E tla ba lefatše le lecha leo ho lona ha nako e ntse e tsamaea, mehopolo e bohloko ea litlokotsi tsa nakong e fetileng e tla hlakola ka ho sa feleng.
Tšepo eo ea lefatše le lecha e fumanoa Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng, Bibele, le reng: “[Molimo] o tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” (Esaia 25:8) Sena se tla akarelletsa ho tsosoa ha bafu mabitleng. Ho joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Jesu le baapostola ba bontšitse sena ka ho tsosa bafu.—Luka 7:11-16; 8:40-42, 49-56; Johanne 11:1, 14, 38-45; Liketso 9:36-42; 20:7-12.
Bophelo lefatšeng le lecha, ho kopanyelletsa le bophelo bakeng sa bafu ba tsositsoeng mabitleng, bo tla putsoa ka hore batho e be ba phethahetseng. Matla a Molimo a ho phekola a tla etsa hore menahano le ’mele ea bohle ba phelang nakong eo e phele hantle: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” “Nakong eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa litholo li tla buleha. Nakong eo ea hlotsang o tla tlōla joaloka khama, ’me leleme la semumu le tla hooa ka thabo.”—Esaia 33:24, NW; 35:5, 6, NW; bona hape le Mattheu 15:30, 31.
Bibele e hlalosa boemo ba nakong e tlang ba moloko oa batho lefatšeng ka ho bolela hore Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Mofani oa melemo e babatsehang le maemo a thabisang a tlang o re: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.”—Esaia 65:17, 18.
Tsena tsohle li tla etsahala ka matla a mang? Ka matla a Mofani e moholo oa tšepo, ’Mōpi oa bokahohle, Jehova Molimo. O re tiisetsa ka Lentsoeng la hae hore tsamaiso e joalo e ncha “moo ho loka ho tla ikahela teng” haufinyane e tla nkela tsamaiso ea joale ea lintho ea boithati le e mabifi e keneng ‘mehleng ea eona ea bofelo’ sebaka.—2 Petrose 3:13; 2 Timothea 3:1-5, 13; Liproverbia 2:21, 22.
Matšeliso a Tsoang Lentsoeng la Molimo
Lipaki tsa Jehova joaloka batho ba bang, ha se mekhelo litlokotsing tsa mehla ea rōna, kapa hona hore li lebelletse hore Molimo o li sireletse lefung le tlisitsoeng ke kotsi kapa le etsahalang ka tsela efe kapa efe lefatšeng lena le kotsi. Lia tseba hore sena ha se thato ea Molimo hona joale. Moeklesia 9:11 (NW) ea bolela: “Nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.” Leha ho le joalo, ke khale Lipaki li lebisa tlhokomelo ea batho Lentsoeng la Molimo, kaha litšepiso tsa oona li fana ka matšeliso a ka ho sa feleng ho bohle ba tlang ho a amohela.
E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a ameha ka ho tebileng ha mokhanni ea tahiloeng a bolaea monna oa ngoana’bo ’me a siea ngoana’bo a holofetse kelellong ka baka la maqeba a tšabehang hloohong hoo a ileng a hloka tlhokomelo e sa khaotseng. Le bona e ne e le Lipaki tsa Jehova. Oa hlalosa:
“Nako e fetang selemo ke ne ke atisa ho lla ’me ke ne ke halefile. Ke ne ke halefetse mohlankana ea bakileng tlokotsi ena ebile ke halefetse batsoali ba hae ka ho se mo hlokomele hantle. Ka linako tse ling ke ne ke bile ke halefela Molimo le mangeloi ka baka la ho se thibele hore sena se etsahale. Eo ke tšenyo e khōlō hakaakang ea batho ba batle ba o sebeletsang!
“Ke ’nete ke ne ke tseba hore hase Molimo o ikarabellang ka ho tobileng ’me o ne o sa rate hore lintho tse joalo li etsahale. Empa ke ile ka ikutloa hore o laola mohato o mong le o mong oa rōna le ho re sireletsa kotsing e joalo. Joale ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho ba le pono e leka-lekaneng ka taba ena, ’me ke ile ka qala ho batla likarabo.
“Ho ile ha nkuka nako e telele pele ke qala ho thibela bohloko le ho beha mabaka ka taba ena. Ke ile ka ikutloa joaloka Asafe ea boletseng ho Pesaleme ea 73 hore ho bonahala eka batho ba khopo ke bona ba hauhetsoeng. Empa hona ho pesaleme eo, Lentsoe la Molimo le tsoela pele ho bontša hore ha ho joalo, hore Molimo ha o hauhele batho ba khopo, le hore nakong ea oona e loketseng, o tla ba timetsa.
“Ke ile ka qala ho hlokomela hore monahano oa ka, eseng oa Molimo, ke oona o neng o le phoso. Ke ne ke sebelisa mangolo ka tsela e fosahetseng. Molimo ha o tiise polokeho likotsing, ho kuleng, kapa lefung nakong ena empa o tšepisa mahlohonolo a nakong e tlang bakeng sa lefatše la oona le lecha. Hang ha ke utloisisa seo e hlileng Lentsoe la Molimo le neng le se bolela ka ho re sireletsa ha Molimo hona joale ka tsela ea moea, eseng ea nama, khalefo ea ka e ile ea kokobela butle-butle. Joale ke ne ke tseba ho hlokomela mohloli oa sebele oa litlokotsi tse joalo, Satane Diabolose, eo e bileng ’molai le raleshano ho tloha nakong ea ha a fetohela Molimo. Bibele e hlakisa hantle hore Satane ke eena molimo oa lefatše lena le tletseng bohloko hakana.—Johanne 8:44; 2 Ba-Korinthe 4:4.
“Ke boetse ke ananela ka botlalo ’nete ea hore ke hobane’ng ho na le ho utloa bohloko, le hore ke hobane’ng ha Molimo o bo lumella, le kamoo o tla bo felisa ka teng, ’me ho ile ha hlaka hore Molimo hase sera sa rōna, empa ke ’moloki oa rōna!
“Hape, e bile matšeliso a maholo ho tseba hore Jehova ka moea oa hae o halalelang o tšehetsa ba mo sebeletsang. Bibele e re tiisetsa hore moea o halalelang o fana ka ‘matla a fetang a tloaelehileng.’ Ka thuso ena o re neha matla a ho mamella mejaro e boima. O boetse o re tšelisa ka tšepo ea ho bona baratuoa ba rōna ba tsosoa. Kahoo re ka hlōla bomalimabe.”—2 Ba-Korinthe 4:7, NW.
Bokamoso bo Botle
Litlokotsi tsa mefuta e fapaneng li etsahalletse batho ba bangata ho kopanyelletsa Lipaki tsa Jehova ho theosa le lilemo. Sena se tiisa ’nete ea Lentsoe la Molimo hore nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle. (Moeklesia 9:11, NW) Empa hape liphihlelo tsa bahlanka ba Molimo li boetse li tiisa ’nete ea Lentsoe la Molimo hore Jehova o tšelisa batho ba hae le ho ba matlafatsa nakong ea tlokotsi ’me o boetse o tiisa bokamoso bo botle lefatšeng la hae le lecha moo litlokotsi tse joalo e tlang ho ba lintho tsa nakong e fetileng.
Ka sebele ke ho tšelisang ho tseba hore lefatšeng le lecha la ho loka la Molimo, ho tla ba le lerato la sebele bakeng sa batho ba bang le ho hlompha mpho e babatsehang ea bophelo. Litšobotsi tsena tse babatsehang li tla nka sebaka sa boithati le ho sebelisoa hampe ha bofokoli ba batho molemong oo hona joale o ntšang lefatše lena kotsi. Lipelaelo tsa lefatše la joale li tla fela, likhatello, le tšabo tse qobellang batho ba bangata boikutlong bo fetelletseng ba ho sebelisa joala kapa ho sebelisa lithethefatsi tse ling.
Esita le hona joale, Lipaki tsa Jehova li etsa boena ba lefatše lohle bo tlamahaneng hammoho ka matla a kopanyang a lerato. (Johanne 13:34, 35) Bao e leng karolo ea boena bona ba fana ka tšehetso e matla ea ho thusa batho ka bomong ba ileng ba lahleheloa ke beng ka bona. Ba thabela ho thusa mang kapa mang ea lakatsang ho tšelisoa joalokaha ba ile ba tšelisoa.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Bibele e tšepisa hore ho tla ba le tsoho ea bafu