Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 16-18
  • Nka Sebetsana Joang le Boemo ba ha ke Oetsoe ke Tlokotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Sebetsana Joang le Boemo ba ha ke Oetsoe ke Tlokotsi?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Lintho Tse Bohloko li Etsahalang ka Lona
  • Litsela Tse Molemo Tsa ho Sebetsana le Boemo ka Katleho
  • Ho na le Matšeliso Afe Bakeng sa ba Shoetsoeng?
    Tsoha!—1991
  • Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Hore re be Mahlomoleng?
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Lintho Tse Mpe ho Etsahala?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Sebetsana Joang le Boemo ba ha ke Oetsoe ke Tlokotsi?

“Ke hobane’ng ha likhukhuni li bolaile ’Mè?”—Kevin..a

“[Pele ho la 11 September], ke ne ke rata lithanele. Hona joale ke ipona ke shoella ka har’a thanele ha e phatloloa ka seqhomane.”—Peter.

’M È OA Kevin o ile a shoa tlhaselong ea World Trade Center, New York City, ka la 11 September, 2001. Peter ha aa ka a hlaheloa ke ntho e bohloko joalo, empa le eena o ne a anngoe ke liketsahalo tseo.

Tlaleho e ’ngoe ea litaba e re: “Ka lebaka la [litlhaselo tsa] la 11 September, bana ba likete ba phelang New York ba na le bothata ba kelello boo ba bangata ba bona ba tla hōla le bona.” Ho tšosang ke hore ‘bana ba sa luleng haufi le sebaka sa koluoa ba ile ba e-ba le matšoao a ho sithabela a tšoanang le a bana ba ileng ba bona ha seo se etsahala.’b

Mathata a tšoanang le ao a kelello a ka boela a bakoa ke litlokotsi tse ling tse kang tsa batho ba ipolaellang le ba bang ka ho qhomisa libomo Iseraele le ho thunya ho sa khetheng ho etsahalang libakeng tse ling. Mabapi le ho thunya ho joalo ho sa khetheng, setsebi se seng sa liphello tsa ho sithabela se itse: “Esita le haeba [bana] ba le hōle le sebaka seo ka limaele tse 2 000, liketsahalo tsena li ntse li eketsa ho tšoenyeha [ha bona].”

Lebaka la ho tšoenyeha hona ke lefe? Ha ho hlaha tlokotsi, bana ba bona boitsebiso bo bongata ba litaba. Litšoantšo tse tšosang tsa libomo tse qhomisoang ke likhukhuni, ho thunngoa ha bana sekolong le likoluoa tsa tlhaho li lula li pheta-phetoa, e leng ho etsang hore bacha ba bangata ba liehe ho li lebala. Hase feela phuputso e entsoeng ke Boto ea Thuto ea New York City e sibolotseng: “Barutoana ba kenang likolo tsa sechaba ba etsang karolo ea 76 lekholong ea ba 8 266 ba lula ba hopola litlhaselo tsa likhukhuni leha ho se ho fetile likhoeli tse tšeletseng World Trade Center e putlame.”

Re phela mehleng eo Bibele e reng ke “linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1-5, Bibele ea Sesotho) U ka sebetsana joang le boemo ba ha u oeloa ke tlokotsi?c

Lebaka Leo Lintho Tse Bohloko li Etsahalang ka Lona

Tsela e ’ngoe eo u ka sebetsanang le ho utloa bohloko bo u imelang ke ea ho tsosa ‘matla a hao a hlakileng a ho nahana.’ (2 Petrose 3:1) Leka ho talima lintho ka tsela e utloahalang, ea bomolimo. Ka mohlala, u ka ’na ua tlameha ho ikhopotsa hore litlokotsi tse ngata e mpa feela e le liphello tsa “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Jesu Kreste o ile a fana ka mohlala oa sena ha a bua ka ho putlama ha tora ea Siloame. Ho ile ha shoa batho ba 18 koluoeng eo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a hlakisa hore bao ba shoeleng ba ne ba sa otloa ke Molimo. Ba bolailoe ke ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng. (Luka 13:1-5) Ho thuisa ka taba ena ho ka ’na ha u thusa hore u be le pono e leka-lekaneng ka likoluoa.

Ho nahana ka tsela e hlakileng ho ka boela ha u thusa ho qoba ho “halefela Jehova” ka ho mo beha molato ka lintho tse bohloko tse etsahalang. (Liproverbia 19:3) Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle,” hase eena ea re bakelang mesarelo. (2 Bakorinthe 1:3) Ha ho hlaha tlokotsi, re lokela ho atamela haufi le eena—eseng re ikhule ka bohale. Nahanisisa ka mantsoe a Bibele a ho Jakobo 1:13: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.”d

Ketsahalo e bohloko e etsahetseng makholo a lilemo a fetileng Bochabela bo Hare e ka ba mohlala o motle oa sena. Bibele e re bolella hore mophonyohi a le mong oa tlokotsi eo o ile a tlaleha: “Mollo oa Molimo o oele leholimong ’me oa qala ho chesa linku le bahlanka le ho ba qeta.” (Jobo 1:16) E ne e le tlokotsi e kaakang! ’Me ho hlakile hore monna enoa ea tšohileng o ne a nahana hore ke Molimo ea entseng sena. Empa e ne e se Molimo. Jobo 1:7-12 e bontša hore mollo o ne o sa romeloa ke Molimo, empa o ne o rometsoe ke Sera sa Molimo—Satane Diabolose!

Boo e ne e le boemo bo ikhethang: Jehova o ne a lumeletse Satane hore ka ho khetheha a leke botšepehi ba Jobo. Ka hona, u se ke ua etsa qeto ea hore Satane ke eena ea ikarabellang ka ho toba likoluoeng tsa tlhaho tse kang lifefo tse matla le likhohola.e Empa le teng Bibele e re “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Kahoo, a ka sebelisa batho ho baka tšenyo le thipitlo.

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore re felloe ke tšepo. Nahana ka ketsahalo e ’ngoe e tlalehiloeng Bibeleng ho 1 Samuele 22:12-23. Re bala ka polao e sehlōhō ea sehlopha sa baprista ba tšepahalang le malapa a bona. Ha ho pelaelo hore Satane o ne a bile le karolo ho susumetseng Morena Saule ea khopo hore a bolaee batho ka sehlōhō joalo. Leha ho le joalo, Davida ea tšepahalang, eo hamorao e ileng ea e-ba morena, o ile a ngola Pesaleme ea 52, moo a ileng a bolela ka kholiseho hore Molimo o tla felisa batho ba khopo ba bakelang ba bang tlokotsi.—Pesaleme ea 52:5.

Ka ho tšoanang le kajeno, u ka kholiseha hore Molimo a ke ke a mamella ka ho sa feleng liketso tse susumelitsoeng ke Diabolose tsa polao le pefo. Ha e le hantle Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla sebelisa Mora oa hae, Jesu, hore a ‘qhaqhe mesebetsi ea Diabolose’! (1 Johanne 3:8) Qetellong, ha ho sa tla ba le mohlala feela oa tšenyo e entsoeng ke Satane. Ka tsoho ea bafu, Molimo a ka ba a tsosa le batho ba shoeletseng liketsahalong tse mabifi kapa tsa bokhukhuni.—Liketso 24:15.

Litsela Tse Molemo Tsa ho Sebetsana le Boemo ka Katleho

Tšepo ena e thehiloeng Bibeleng e ka u thusa hore u qobe ho apareloa ke tšabo. Empa ho boetse ho na le mehato e meng e sebetsang eo u ka e latelang. Ka mohlala, hlokomela molao-motheo o hlahang ho Liproverbia 12:25. U ka fumana “lentsoe le molemo” le khothatsang haeba u bolella ba bang maikutlo a hao. Ho etsa joalo ho tla u thusa hape hore u lemohe hore hase uena feela ea bothateng bo joalo. Ka hona, haeba u ikutloa u tšoenyehile, leka ho bolella batsoali ba hao kapa motho e mong ea hōlileng ka phuthehong ea Bokreste.f

Tlhahiso e ’ngoe ke ena: U se ke ua lula u shebeletse litaba tse buang ka koluoa. Ho etsa joalo ho tla u thatafaletsa ho lebala litšoantšo tse u khathatsang tsa se etsahetseng.—Pesaleme ea 119:37.

Na u Mokreste? Joale tsoela pele u phetha mesebetsi ea hao ea Bokreste. (Bafilipi 3:16) Mesebetsi e joalo e akarelletsa ho ba teng libokeng le Bakreste-’moho le uena le ho bolella ba bang ka tumelo ea hao. (Baheberu 10:23-25) Seo se tla u thusa hore u se lule u nahana ka lintho tse nyahamisang. Ho itšehla thajana ho tla u lematsa—maikutlong le moeeng.—Liproverbia 18:1.

Ho bala Bibele kamehla ho ka thusa haholo ha re le maemong a nyahamisang. ’Mè oa ngoanana ea bitsoang Loraine o ne a le makhatheng a ho bolaoa ke kankere. Hlokomela hore na Loraine o ile a thusoa ke eng hore a sebetsane ka katleho le boemo boo bo bohloko: “Ke hopola ke bala buka ea Jobo hangata feela nakong eo e mahlonoko. Buka ea Lipesaleme le eona e ile ea ntšelisa haholo. Ha ke ne ke bala mantsoe a tšelisang a Mangolo, ke ne ke utloa eka Jehova o nkopa ka matsoho.” Ngoan’abo, Mishael le eena oa hopola: “Haeba ke ne nka tlōlisa letsatsi ke sa bala Bibele, ke ne ke ikutloa. Kelello ea ka e ne e khutlela menahanong e nyahamisang. Ho bala Bibele ho ile ha mphepa moeeng, e leng sona seo ke neng ke se hloka letsatsi le leng le le leng.”

Haeba u hlokahalletsoe—haholo-holo ke motho eo u mo ratang—ho bala bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoag ho ka u tšelisa haholo. Iphe nako ea ho bala le ho thuisa ka mangolo ’ohle a qotsitsoeng. Nahanisisa le ka tšepo ea tsoho. Loraine o re: “Ke ne ke nahana ha ’Mè a tsoha bafung. Ke ne ke nahana ke mo utloa a re: ‘Ke khutlile. Le phehile’ng bakeng sa mantsiboea?’ Seo se ne se etsa hore ke bososele.”

Ho itšetleha ka Jehova ka thapelo le hona ho ka u fa matla ao u a hlokang a ho mamella ha u oetsoe ke tlokotsi. Loraine oa hopola: “Ke ne ke le teng ka kamoreng ha ’Mè a hlokahala. Ka potlako ke ile ka kōpa Jehova hore a mphe matla a ho mamella le ho amohela sena. Ke ile ka utloa khotso ea Molimo hang-hang.” Toba taba ha u bua le Jehova thapelong. Mo bolelle kamoo u ikutloang kateng. Mopesaleme oa khothatsa: “Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a hae.”—Pesaleme ea 62:8.

Ha nako e ntse e feta, mahlomola a ka ’na a eketseha le ho feta lefatšeng. (2 Timothea 3:13) Leha ho le joalo, Bibele ea tšepisa: “Baetsi ba bobe ba tla felisoa . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” (Pesaleme ea 37:9-11, 29) Ho tšoarella tšepong ena ho tla u thusa hore u sebetsane ka katleho le boemo ba ha u oetsoe ke tlokotsi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Ho latela litsebi tsa mafu a kelello, matšoao a joalo a ka ’na a akarelletsa ho se amehe maikutlo, ho phofa, ho itšehla thajana, ho khaotsa ho etsa mesebetsi e tloaelehileng le ho ikutloa u le molato le ho ba bohale.

c Le hoja sehlooho sena se bua ka ho khetheha ka litlokotsi tse khōlō, keletso e ka sebetsa le litlokotsing tsa botho, tse kang ho shoelloa ke motho eo u mo ratang.

d Bona khaolo ea 7 bukeng ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, bakeng sa ho fumana hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo.

e Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa May 1, 1975.

f Ha motho a imetsoe kelellong kapa a tepeletse maikutlo ho tlōla tekano, o lokela ho bona ngaka.

g E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho ka ’na ha e-ba bohlale hore u ipehele meeli tabeng ea ho shebella litaba tse nyahamisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela