Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 4/8 maq. 12-14
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Hore re be Mahlomoleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Hore re be Mahlomoleng?
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Talimana le Linnete Tse Bohloko
  • Na Molimo ke Eena ea Molato?
  • Lebaka Leo ka Lona Molimo a Lumellang Bokhopo
  • Ha U Mong
  • Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 4/8 maq. 12-14

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Hore re be Mahlomoleng?

“Molimo o maholimong moo lintho tsohle li tsamaeang hantle, ha rōna re le lefatšeng lena la litšehlo.”—Mary.a

BACHA ba kajeno ba hlahetse lefatšeng le khopo. Ho bonahala hore litšisinyeho tsa lefatše tse kotsi le likoluoa tsa tlhaho tse bolaeang batho ba likete li atile. Litabeng ho atisa ho tlalehoa lintoa le litlhaselo tsa likhukhuni. Ho kula, maloetse, tlōlo ea molao le likotsi li re amoha baratuoa ba rōna. Tabeng ea Mary, ea qotsitsoeng ka holimo, tlokotsi ena e ile ea mo ama ka ho toba. O ile a bua mantsoe ao a bontšang khalefo ka mor’a lefu la ntate oa hae.

Ha re hlaheloa ke tsietsi, ke ha tlhaho hore re ikutloe re ferekane, re lahlehetsoe, kapa esita le ho ikutloa re halefile. U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha see se ne se lokela ho etsahala? Ke hobane’ng ha se nketsahalla? kapa ‘Ke hobane’ng ha se nketsahalla hona joale?’ Lipotso tse joalo li hloka likarabo tse khotsofatsang. Empa hore re fumane likarabo tse nepahetseng, re lokela ho ea mohloling o nepahetseng. Ke ’nete hore, joalokaha mocha ea bitsoang Turrell a ile a bolela, ka linako tse ling batho ba “utloa bohloko haholo hoo ba sitoang ho nahana lintho hantle.” Ka hona ho ka ’na ha hlokahala hore u fumane tsela ea ho kokobetsa maikutlo a hao hanyenyane e le hore u ka nahana—ka tsela e loketseng le e utloahalang.

Ho Talimana le Linnete Tse Bohloko

Ho ka ’na ha e-ba bohloko ho nahana ka hona, empa lefu le mahlomola ke linnete tsa bophelo. Jobo o ile a beha taba ena hantle ha a ne a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso.”—Jobo 14:1.

Bibele e tšepisa lefatše le lecha moo “ho loka ho tla aha” teng. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, pele maemo ao a molemo a e-ba teng, moloko oa batho o lokela ho feta nakong ea bokhopo boo ho seng bo kileng ba tšoana le bona. Bibele e re: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”—2 Timothea 3:1.

Linako tsee tse boima li tla ba teng ho fihlela neng? Barutuoa ba Jesu ba ile ba botsa potso e batlileng e tšoana le eo. Empa Jesu ha aa ka a ba fa nako e tobileng ea ha tsamaiso ena ea lintho e hlasetsoeng ke mesarelo e tla fela. Ho e-na le hoo, Jesu o itse: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:3, 13) Mantsoe a Jesu a re khothalletsa ho ba le pono ea nako e telele. Re tlameha ho itokisetsa ho mamella maemo a mangata a bohloko pele bofelo bo qetella bo tlile.

Na Molimo ke Eena ea Molato?

Joale, na hoa utloahala ho halefela Molimo ka lebaka la ho lumella mahlomola? Eseng ha u hlokomela hore Molimo o tšepisitse ho felisa mahlomola. Ebile ha ho utloahale ho ba le maikutlo a hore Molimo o etsa hore lintho tse mpe li etsahale. Lintho tse ngata tse bohloko tse etsahalang ke feela phello ea liketsahalo tse sa reroang. Ka mohlala, nahana ka moea o koqolang sefate e ba se lematsa motho. Batho ba ka ’na ba re ke liketso tsa Molimo. Empa Molimo ha aa ka a liha sefate seo. Bibele e re thusa ho utloisisa hore lintho tse joalo e mpa e le liphello tse bohloko tsa “nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11.

Mahlomola a ka ’na a bakoa le ke ho hloka temoho. Nka hore sehlopha sa bacha se inehella lino tse tahang ebe se il’o khanna koloi. Sena se fella ka kotsi e mpe ea koloi. Ke mang ea molato? Molimo? Che, ba kotutse litholoana tsa ho hloka temoho ha bona.—Bagalata 6:7.

U ka ’na ua botsa: ‘Empa na Molimo ha a na matla a lekaneng a ho felisa mahlomola hona joale?’ Banna ba bang ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ile ba ipotsa potso eo. Moprofeta Habakuke o kile a botsa Molimo, a re: “Ke hobane’ng ha u talima ba sebetsang ka bolotsana, hore u khutse ha ea khopo a metsa ea lokileng ho mo feta?” Leha ho le joalo, Habakuke ha aa ka a potlakela ho etsa liqeto. O ile a re: “Ke tla lula ke lebetse, ho bona seo a tla se bua ka ’na.” Hamorao Molimo o ile a mo tiisetsa hore o tla felisa mahlomola ka “nako e behiloeng.” (Habakuke 1:13; 2:1-3) Ka lebaka leo, re lokela ho ba le mamello, re letele Molimo hore a felise bokhopo ka nako ea hae e behiloeng.

Qoba ho potlakela ho etsa qeto ea hore ekare Molimo o batla hore re be mahlomoleng kapa hore ka boeena oa re leka. Ke ’nete hore mahlomola a ka etsa hore qetellong ho hlahelle litšobotsi tse ntle tseo re nang le tsona le hore Bibele e re liteko tseo Molimo a li lumellang li ka matlafatsa tumelo ea rōna. (Baheberu 5:8; 1 Petrose 1:7) Ka sebele, batho ba bangata ba fetang litekong le maemong a sithabetsang ba ba le mamello e eketsehileng le qenehelo. Empa ha rea lokela ho etsa qeto ea hore mahlomola a bona ke liketso tsa Molimo. Monahano o joalo ke oa motho ea sa nahaneng ka lerato la Molimo le bohlale ba hae. Bibele e re ka ho toba: “Ha a le tlas’a teko, ho se ke ha e-ba le ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe kapa hona hore o leka leha e le mang ka tsona.” Ho e-na le hoo, ho Molimo ho tsoa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng”!—Jakobo 1:13, 17.

Lebaka Leo ka Lona Molimo a Lumellang Bokhopo

Joale, bokhopo bo tsoa hokae? Hopola hore Molimo o na le bahanyetsi—ea ka sehloohong ke ‘ea bitsoang Diabolose le Satane, ea khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Molimo o ile a beha batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, lefatšeng le se nang matšoenyeho. Empa Satane o ile a kholisa Eva hore a ka ba boemong bo molemo ha a sa busoe ke Molimo. (Genese 3:1-5) Ka masoabi, Eva o ile a lumela mashano a Satane ’me a se ke a mamela Molimo. Adama o ile a kopanela le eena borabeleng boo. Phello e bile efe? Bibele e re, “lefu la namela ho batho bohle.”—Baroma 5:12.

Ho e-na le ho felisa borabele bona ka ho timetsa Satane le balateli ba hae hang-hang, Molimo o ile a bona ho loketse hore a lumelle nako hore e fete. Seo se ne se tla finyella eng? Taba ea pele, se ne se tla etsa hore Satane a senolehe hore o leshano! Se ne se tla etsa hore ho bokellane bopaki ba hore ho lokoloha ho Molimo ha ho na molemo ho mpa ho tlisa tšenyo feela. Na hase sona se hlileng se etsahetseng? “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Ho feta moo, ‘motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) Malumeli a moloko oa batho ke molubalube oa lithuto tse hanyetsanang. Boitšoaro bo hlephile ka ho fetisisa. Mebuso ea batho e lekile mofuta o mong le o mong oa puso. E tekenela lilekane le ho etsa melao, empa litlhoko tsa batho feela ba tloaelehileng li ntse li sa finyelloe. Lintoa li baka mesarelo holim’a e meng.

Ho hlakile hore re hloka hore Molimo a kenelle ’me a felise bokhopo! Empa sena se tla etsahala ka nako ea Molimo feela. Ho fihlela ka nako eo, re na le tokelo ea ho tšehetsa puso ea Molimo ka ho mamela melao le melao-motheo ea hae e ka Bibeleng. Ha lintho tse mpe li etsahala, re ka tšelisoa ke tšepo e tiileng ea bophelo lefatšeng le se nang matšoenyeho.

Ha U Mong

Leha ho le joalo, ha re tobana le mahlomola ka ho toba, re ka ’na ra iphumana re botsa, ‘Ke hobane’ng ha se nketsahalla?’ Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o re hopotsa hore hase rōna feela ba oeloang ke mahlomola. Pauluse o bolela hore “pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Baroma 8:22) Ho tseba ’nete ena ho ka u thusa ho sebetsana ka katleho le mahlomola. Ka mohlala, Nicole o ne a ferekane maikutlo ka lebaka la litlhaselo tsa likhukhuni tsa la 11 September, 2001, New York City le Washington, D.C. Oa lumela: “Ke ne ke harohile letsoalo ke bile ke thothomela.” Empa ha a ntse a bala litlaleho tsa kamoo Bakreste-’moho le eena ba ileng ba sebetsana ka katleho le tlokotsi eo, pono ea hae e ile ea fetoha.b “Ke ile ka hlokomela hore ho hang ha ke mong. Butle-butle ka qala ho hlaphoheloa bohlokong ba ka le mesarelong.”

Maemong a mang, e ka ba bohlale ho batla motho eo u ka buang le eena—motsoali, motsoalle ea hōlileng tsebong, kapa moholo oa Mokreste. Ho tšollela maikutlo a hao ho motho eo u mo tšepang ho tla etsa hore u fumane “lentsoe le molemo” la khothatso. (Liproverbia 12:25) Mocha e mong oa Brazil oa hopola, o re: “Ke ile ka lahleheloa ke Ntate lilemong tse robong tse fetileng, ’me kea tseba hore ka letsatsi le leng Jehova o tla mo tsosa. Empa ke ile ka thusoa ke ho ngola maikutlo a ka. Hape ke ile ka tšollela maikutlo a ka ho metsoalle ea ka ea Bakreste.” Na u na le ‘metsoalle ea ’nete’ eo u ka e tšepelang makunutu? (Liproverbia 17:17) Joale rua molemo thusong ea eona e lerato! U se ke ua tšaba ho lla kapa ho ntša maikutlo a hao. Ha e le hantle le Jesu o kile “a ntša meokho” ka lebaka la ho utloa bohloko ke ho lahleheloa ke motsoalle!—Johanne 11:35.

Bibele e re tiisetsa hore ka letsatsi le leng re tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ’me re thabele “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Baroma 8:21) Ho fihlela ka nako eo, batho ba bangata ba molemo ba ka ’na ba e-ba mahlomoleng. Fumana matšeliso tabeng ea ho tseba hore na ke hobane’ng ha mahlomola a joalo a etsahala—le hore a ke ke a tsoela pele halelele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Bona letoto la lihlooho tse reng: “Ho ba Sebete ha ho Tobanoe le Koluoa,” tokollong ea Tsoha! ea January 8, 2002.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Ho bua ka mesarelo ea hao ho ka ’na ha u tsoela molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela