Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
KA LILEMO tse makholo, bo-rafilosofi ba bangata le baruti ba ’nile ba tsieleha ke potso ea hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella bohloko. Ba bang ba ’nile ba bolela hore kaha Molimo o matla ’ohle, e tlameha ebe ke eena ea ikarabellang bakeng sa hore ebe batho ba utloa bohloko. Mongoli oa The Clementine Homilies, buka ea lekholong la bobeli la lilemo eo e seng karolo ea Bibele, o ile a bolela hore Molimo o busa lefatše a sebelisa batho ba babeli. Ea ka “letsohong le letšehali,” e leng Diabolose, o baka bohloko le mahlomola, ’me ea ka “letsohong le letona,” e leng Jesu, oa pholosa ebile oa hlohonolofatsa.
Ba bang ha ba sitoa ho lumela hore Molimo a ka lumella bohloko le haeba a sa bo bake, ba ikhethetse ho latola hore bohloko bo teng. Mary Baker Eddy o re: “Bobe ke thetso feela, ’me ha ho na motheo oa hore bo teng. Haeba sebe, ho kula le lefu li ne li nkoa e se letho, li ne li tla fela.”—Science and Health With Key to the Scriptures.
Ka lebaka la liketsahalo tse bohloko tse etsahetseng haholo-holo ho tloha ntoeng ea pele ea lefatše, ba bangata ba entse qeto ea hore Molimo o sitoa ho thibela bohloko. David Wolf Silverman, eo e leng setsebi sa Mojuda o ngotse o re: “Ke nahana hore Polao e Sehlōhō ea Bajuda le Batho ba Bang e felisitse khopolo ea hore batho ba bolele habonolo feela hore Molimo o matla ’ohle.” O ile a phaella a re: “E le hore batho ba tle ba utloisise Molimo ka tsela e itseng, molemo oa Hae o lokela ho sebetsa bobe bo ntse bo le teng, ’me sena se tla etsahala hafeela A se matla ’ohle.”
Leha ho le joalo, lipolelo tse reng Molimo ka tsela e itseng ke eena ea bakang bohloko, hore o sitoa ho bo thibela kapa tse latolang hore bohloko bo teng, ha li tšelise batho ba utloang bohloko. ’Me ntho ea bohlokoa haholo ke hore tumelo e joalo e khahlanong ka ho feletseng le Molimo ea nang le toka, ea matla le ea tsotellang eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. (Jobo 34:10, 12; Jeremia 32:17; 1 Johanne 4:8) Ebe joale Bibele e re lebaka ke lefe la hore Molimo a lumelle ho utloa bohloko?
Ho Utloa Bohloko ho Qalile Joang?
Molimo ha aa ka a bōpela batho hore ba utloe bohloko. Ho fapana le seo, o ile a fa batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, likelello tse phethahetseng le ’mele e phethahetseng, a ba lokisetsa serapa se setle seo e neng e le lehae la bona, ’me a ba fa mosebetsi o molemo le o khotsofatsang. (Genese 1:27, 28, 31; 2:8) Leha ho le joalo, hore ba ’ne ba thabe ho ne ho hlokahala hore ba ele hloko bobusi ba Molimo le tokelo ea hae ea ho rera hore na se setle le se sebe ke sefe. Tokelo eo ea Molimo e ne e tšoantšelitsoe ke sefate se bitsoang “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” (Genese 2:17) Adama le Eva ba ne ba tla bontša hore ba ikokobelletsa Molimo ha ba mamela taelo ea hae ea hore ba se ke ba ja litholoana tsa sefate seo.a
Ka masoabi, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo. Lengeloi la lerabele, leo hamorao le ileng la bitsoa Satane Diabolose, le ile la kholisa Eva hore ho ne ho se molemong oa hae hore a mamele Molimo. Ha e le hantle, ho ea ka lengeloi lena, Molimo o ne a mo tima ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa: e leng ho ipusa, tokelo ea ho ikhethela se setle le se sebe. Satane o ile a bolela hore haeba a e-ja litholoana tsa sefate sena, ‘mahlo a hae a ne a tla tutuboloha ’me o ne a tla ba joaloka Molimo, a tsebe botle le bobe.’ (Genese 3:1-6; Tšenolo 12:9) Eva o ile a thetsoa ke hore o ne a tla ipusa eaba o ja litholoana tse hanetsoeng, ’me le Adama o ile a etsa joalo.
Hona letsatsing leo, Adama le Eva ba ile ba qala ho utloa liphello tsa borabele ba bona. Ba ile ba hana bobusi ba Molimo ’me ba lahleheloa ke tšireletso le tlhohonolofatso tse neng li tla ba tlela ha ba ne ba mamela Molimo. Molimo o ile a ba leleka Paradeiseng ’me a re ho Adama: “Lefatše le rohakiloe ka lebaka la hao. U tla ja lihlahisoa tsa lona ka bohloko ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao. U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung.” (Genese 3:17, 19) Adama le Eva ba ile ba kula, ba utloa bohloko, ba tsofala ’me ba shoa. Batho ba ile ba qala ho utloa bohloko.—Genese 5:29.
Ho Khaola Khang
E mong a ka ’na a botsa, ‘Na Molimo a ka be a sa ka a hlokomoloha sebe sa Adama le Eva?’ Che, hobane seo se ka be se ile sa etsa hore bolaoli ba hae bo hlompholloe ka ho tsoelang pele, mohlomong sa khothalletsa borabele bo bong hape ’me sa fella ka bohloko bo eketsehileng. (Moeklesia 8:11) Ntle ho moo, hoja Molimo a mamella ho se mamele hoo, a ka be a kopanetse phosong eo. Moshe, mongoli oa Bibele oa re hopotsa o re: “Mosebetsi oa [Molimo] o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) E le hore Molimo a lumellane le melao-motheo ea hae, o ne a tlameha ho tlohella Adama le Eva hore ba kotule litholoana tsa ho se mamele ha bona.
Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a timetsa hang-hang batho ba babeli ba pele hammoho le Satane, mohlohlelletsi ea sa bonahaleng oa borabele ba bona? O ne a e-na le matla a ho etsa joalo. Adama le Eva ba ka be ba sa etsa bana ba utloang bohloko le ba shoang joaloka bona. Leha ho le joalo, ha Molimo a ne a ka bontša matla a hae joalo, sena se ne se ke ke sa bontša hore O na le tokelo ea ho busa libōpuoa tsa hae tse bohlale. Ho feta moo, hoja Adama le Eva ba shoa ba se na bana, sena se ne se tla bolela hore morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka bana ba bona ba phethahetseng, o hlōlehile. (Genese 1:28) Hape, “Molimo ha a tšoane le batho . . . Eng kapa eng eo a e tšepisang, oa e etsa; oa bua, ’me ho ba joalo.”—Numere 23:19, Today’s English Version.
Bohlaleng ba hae bo phethahetseng, Jehova Molimo o ile a etsa qeto ea ho tlohella borabele hore bo tsoele pele ka nakoana. Marabele a ne a tla ba le nako e ngata ea ho utloa liphello tsa ho itokolla ho Molimo. Liketsahalo tsa lefatše li ne li tla bontša ntle ho pelaelo hore motho o hloka tataiso ea Molimo le hore puso ea Molimo e phahametse ea motho kapa ea Satane. Ka nako e tšoanang, Molimo o ile a nka mehato ho tiisa hore morero oa hae oa mathomo ka lefatše o tla phethahatsoa. O ile a tšepisa hore ho ne ho tla tla “peō” e neng e tla ‘khoba hlooho ea Satane,’ e felise borabele ba hae le liphello tsa bona tse kotsi ka ho feletseng.—Genese 3:15.
Jesu Kreste e ne e le eena Peō eo e tšepisitsoeng. Ho 1 Johanne 3:8, rea bala: “Mora oa Molimo o ile a bonahatsoa . . . ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” O entse sena ka ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng le ka ho lefa thekollo e le hore a lopolle bana ba Adama sebeng le lefung leo ba le futsitseng. (Johanne 1:29; 1 Timothea 2:5, 6) Ba bontšang tumelo e le kannete sehlabelong sa Jesu ba tšepisoa hore ba ke ke ba hlola ba utloa bohloko ka ho sa feleng. (Johanne 3:16; Tšenolo 7:17) See se tla etsahala neng?
Ho Utloa Bohloko Hoa Fela
Ho hana bolaoli ba Molimo ho bakile bohloko bo ke keng ba hlalosoa. Kahoo, ho loketse hore Molimo a bontše bolaoli ba hae ka ho khethehileng hore a felise bohloko boo batho ba bo utloang ’me a phethe morero oa hae oa mathomo ka lefatše. Jesu o ile a bua ka tokisetso ena ea Molimo ha a ne a ruta balateli ba hae ho rapela, a re: “Ntat’a rōna ea maholimong, . . . ’muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.
Nako eo Molimo a tloheletseng batho hore ba leke ho ipusa ka eona, e tloha e fela. Phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, ’Muso oa hae o ile oa hlongoa maholimong ka 1914 ’me Jesu Kreste e le Morena oa oona.b Haufinyane o tla silakanya ’me o felise mebuso eohle ea batho.—Daniele 2:44.
Tšebeletsong ea hae e khutšoanyane lefatšeng, Jesu o ile a bontša hanyenyane feela hore na ho tsosolosoa ha puso ea Molimo ho tla tlisetsa batho mahlohonolo afe. Likosepele li fana ka bopaki ba hore Jesu o ne a qenehela batho ba futsanehileng le ba khetholloang. O ile a folisa ba kulang, a fepa ba lapileng ’me a tsosa bafu. Esita le matla a tlhaho a ne a utloa lentsoe la hae. (Matheu 11:5; Mareka 4:37-39; Luka 9:11-16) Nahana feela hore na Jesu o tla finyella eng ha a sebelisa matla a ho hloekisa a sehlabelo sa hae sa thekollo ho ruisa batho bohle ba mamelang molemo! Bibele e tšepisa hore ka puso ea Kreste, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [batho], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Molimo oa rōna ea lerato le ea matla ’ohle Jehova, oa re tsotella le hore haufinyane o tla lopolla batho! Hangata, motho ea kulang haholo o amohela phekolo e ’ngoe le e ’ngoe e tla mo thusa le haeba e le bohloko haholo. Ka tsela e tšoanang, haeba re tseba hore tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona e tla re tlisetsa mahlohonolo a ka ho sa feleng, tsebo eo e tla re matlafatsa ho sa tsotellehe hore na re har’a mathata afe a nakoana.
Ricardo, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng, o ithutile ho fumana matšeliso litšepisong tsa Bibele. Oa hopola o re: “Ka mor’a lefu la mosali oa ka, ke ne ke batla ho ikarola ho batho ba bang, empa kapele ke ile ka hlokomela hore sena se ke ke sa tsosa mosali oa ka empa se tla nkutloisa bohloko le ho feta.” Ho e-na le hoo, Ricardo o ile a ’na a tsoela pele a e-ea libokeng tsa Bokreste le ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Ricardo o re: “Eitse ha ke ntse ke hlokomela hore Jehova o ntšehelitse ka lerato ’me o arabela lithapelo tsa ka le linthong tse bonahalang li le nyenyane, ke ile ka atamela ho eena ka ho eketsehileng. Ho hlokomela lerato la Molimo ke hona ho ileng ha etsa hore ke mamelle seo ka sebele e neng e le teko e bohloko ka ho fetisisa eo nkileng ka ba le eona.” Oa lumela o re: “Ke ntse ke hloloheloa mosali oa ka haholo, empa hona joale ke kholisehile hore ha ho letho leo Jehova a lumellang hore le etsahale le ka re utloisang bohloko ka ho sa feleng.”
Na uena joaloka Ricardo le ba bang ba limilione u labalabela nako eo ka eona bohloko boo batho ba bo utloang hona joale ‘bo ke keng ba hopoloa, kapa ba fihla ka pelong’? (Esaia 65:17) Kholiseha hore u ka fumana mahlohonolo a ’Muso oa Molimo haeba u latela keletso ena ea Bibele: “Batlang Jehova, ha a sa ntse a ka fumanoa. Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.”—Esaia 55:6.
Hore u tle u finyelle sena, etelletsa pele ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko. Tseba Molimo le Jesu Kreste eo a mo romileng. Loanela ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Molimo ’me kahoo u bontše hore u ikemiselitse ho ikokobelletsa bobusi ba hae. Ho etsa joalo ho tla u tlisetsa thabo e khōloanyane hona joale ho sa tsotellehe liteko tseo u ka ’nang ua ba har’a tsona. Nakong e tlang, ho tla fella ka hore u thabele ho phela lefatšeng le se nang bohloko.—Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mongolong oa eona o botlaaseng ba leqephe mabapi le Genese 2:17, The Jerusalem Bible e hlalosa hore “tsebo ea botle le bobe” e ne e le “matla a ho etsa qeto . . . ea se setle le se sebe le ho etsa lintho ka tšoanelo, e ne e le ho bolela hore ba ipusa ka ho feletseng e leng se etsang hore motho a hane ho lemoha boemo ba hae hore ke sebōpuoa.” Ea phaella e re: “Sebe sa pele e bile ho hlasela bobusi ba Molimo.”
b Bakeng sa puisano e qaqileng ea boprofeta ba Bibele mabapi le 1914, bona khaolo ea 10 le ea 11 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 6, 7]
RE KA LOANTŠA HO UTLOA BOHLOKO JOANG?
‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lōna ho [Molimo].’ (1 Petrose 5:7) Maikutlo a pherekano, khalefo le ho ikutloa eka u lahluoe kherehloa, a tloaelehile ha u mameletse bohloko kapa u bona eo u mo ratang a utloa bohloko. Ho ntse ho le joalo, kholiseha hore Jehova o utloisisa kamoo re ikutloang kateng. (Exoda 3:7; Esaia 63:9) Joaloka banna ba tšepahalang ba khale, re ka mo phetlela lifuba ’me ra mo bolella lipelaelo tsa rōna le matšoenyeho. (Exoda 5:22; Jobo 10:1-3; Jeremia 14:19; Habakuke 1:13) Ho ka etsahala hore a se ke a tlosa liteko tsa rōna ka mohlolo, empa ha a arabela lithapelo tsa rōna tse etsoang ka tieo, a ka re fa bohlale le matla a hore re li sebetse.—Jakobo 1:5, 6.
“Le se ke la makatsoa ke teko e le utloisang bohloko, joalokaha eka le hlaheloa ke mohlolo.” (1 Petrose 4:12, New International Version) Mona Petrose o bua ka ho hlorisoa, empa mantsoe a hae a sebetsa le bohlokong bofe kapa bofe boo molumeli a ka bo mamellang. Batho ba utloa bohloko ba bohloki, ho kula le ho shoeloa. Bibele e bolela hore bohle ba hlaheloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Maemo ana a tloaelehile kajeno. Ho tseba sena ho tla re thusa hore re sebetsane le mahlomola le litsietsi ha li hlaha. (1 Petrose 5:9) Ka holim’a tsohle, ho hopola tšepiso ea hore “mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe” ho tla re tšelisa haholo.—Pesaleme ea 34:15; Liproverbia 15:3; 1 Petrose 3:12.
“Thabang tšepong.” (Baroma 12:12) Ho e-na le ho llela metsotso, re ka thuisa ka tšepiso ea Molimo ea ho felisa bohloko bohle. (Moeklesia 7:10) Tšepo ena e nang le motheo e tla re sireletsa joalokaha helmete e sireletsa hlooho. Tšepo e fokotsa bohloko ba litsietsi tsa bophelo ’me e re thusa ho tiisa hore ha li re ntše kotsi kelellong, maikutlong kapa moeeng.—1 Bathesalonika 5:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Adama le Eva ba ile ba hana bobusi ba Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Molimo o tšepisa lefatše le se nang bohloko