Re ka Rua Molemo ka ho Mamella Lintho Tse Utloisang Bohloko
“Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile.”—JAKOBO 5:11.
1, 2. Ke eng e bontšang hore e ne e se morero oa Jehova hore batho ba utloe bohloko?
HA HO motho ea phetseng hantle kelellong ea batlang ho utloa bohloko; ebile le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, ha a batle hore batho ba utloe bohloko. Re ka bona sena ha re hlahloba Lentsoe la hae le bululetsoeng ’me re hlokomela se ileng sa etsahala ka mor’a hore a bōpe monna le mosali. Molimo o ile a etsa monna pele. “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Adama o ne a e-na le ’mele le kelello e phethahetseng, kahoo ho ne ho sa hlokahale hore a kule kapa a shoe.
2 Adama o ne a phela tlas’a maemo a joang? “Jehova Molimo a lema serapa Edene, ka nģ’a bochabela, ’me moo a beha motho eo a mo entseng. Kahoo Jehova Molimo a melisa lefatšeng sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ea motho le se molemo bakeng sa lijo.” (Genese 2:8, 9) Ka sebele Adama o ne a e-na le lehae le tsotehang. Ho ne ho se na lintho tse utloisang bohloko Edene.
3. Banyalani ba pele ba ne ba e-na le tebello efe?
3 Genese 2:18 e re bolella ho re: “Jehova Molimo a tsoela pele ho re: ‘Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.’” Eaba Jehova o bōpela Adama mosali ea phethahetseng, a etsa hore ba be le tebello ea bophelo ba lelapa bo monate. (Genese 2:21-23) Bibele e boetse e re bolella ho re: “Molimo a ba hlohonolofatsa ’me Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’” (Genese 1:28) Banyalani bao ba pele ba ne ba tla ba le monyetla o babatsehang oa ho atolosa Paradeise ea Edene ho fihlela e qetella e nametse lefatšeng lohle, ho le etsa paradeise. Hape ba ne ba tla ba le bana ba thabileng, ba neng ba ke ke ba hlaheloa ke lintho tse utloisang bohloko. E bile qalo e ntle hakaakang!—Genese 1:31.
Batho ba Qala ho Utloa Bohloko
4. Histori e hlakisa eng ka moloko oa batho?
4 Leha ho le joalo, ha re talima boemo ba moloko oa batho ho theosa le histori, hoa hlaka hore kae-kae lintho li ile tsa senyeha hampe. Ho etsahetse lintho tse mpe tse ’nileng tsa utloisa moloko oa batho bohloko bo boholo. Ho theosa le makholo a lilemo, litloholo tsohle tsa Adama le Eva li ’nile tsa kula, tsa tsofala ’me tsa qetella li shoele. Ho hang lefatše hase paradeise e tletseng batho ba thabileng. Boemo bona bo hlalosoa ka mokhoa o nepahetseng ho Baroma 8:22, e reng: “Pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.”
5. Batsoali ba rōna ba pele ba phethile karolo efe e tliselitseng moloko oa batho lintho tse bohloko?
5 Hase molato oa Jehova hore ebe batho ba ’nile ba utloa bohloko bo boholo ka nako e telele hakana. (2 Samuele 22:31) Ka tsela e itseng batho ba molato. “Ba entse ka mokhoa o senyang, ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona.” (Pesaleme ea 14:1) Batsoali ba rōna ba pele ba ne ba filoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo e le hore ba qale bophelo ka eona. Hore boemo boo bo tsoele pele, ho ne ho hlokahala feela hore ba mamele Molimo, empa Adama le Eva ba ile ba khetha ho itokolla ho Jehova. Kaha batsoali ba rōna ba pele ba ile ba ikhula ho Jehova, o ne a ke ke a etsa hore ba lule ba phethahetse. Ba ne ba tla sohlokeha ho fihlela ba e-shoa. Re futsitse ho se phethahale.—Genese 3:17-19; Baroma 5:12.
6. Satane o ile a phetha karolo efe e ileng ea etsa hore lintho tse utloisang bohloko li qale ho ba teng?
6 Sebōpuoa se seng sa moea se ileng sa tsejoa e le Satane Diabolose le sona se ile sa phetha karolo e itseng e ileng ea etsa hore lintho tsohle tse utloisisang bohloko li qale ho ba teng. Se ne se filoe bolokolohi ba ho ikhethela. Leha ho le joalo, se ile sa sebelisa tokelo eo hampe moo se batlang ho rapeloa. Empa, ke Jehova feela ea lokelang ho rapeloa, eseng libōpuoa tsa hae. Ke Satane ea ileng a susumelletsa Adama le Eva hore ba batle ho itokolla ho Jehova, joalokaha eka ka ho etsa joalo ba ne ba tla “ba joaloka Molimo, [ba] tsebe botle le bobe.”—Genese 3:5.
Ke Jehova Feela ea Nang le Tokelo ea ho Busa
7. Liphello tsa ho fetohela Jehova li bontša eng?
7 Liphello tse bohloko tsa borabele li bontša hore Jehova, ’Musi oa Bokahohle, ke eena feela ea nang le tokelo ea ho busa le hore puso ea hae ke eona feela e lokileng. Lilemo tse likete tse fetileng li bontšitse hore Satane, ea ileng a fetoha “’musi oa lefatše lena,” o thehile puso e khopo, e sa lokang, e mabifi le e sa khotsofatseng ho hang. (Johanne 12:31) Puso ea batho ea nako e telele le e sa thabisang e boetse e bontšitse hore ha ba khone ho busa ka ho loka. (Jeremia 10:23) Ka lebaka leo, puso e ’ngoe le e ’ngoe eo ho ka nahanoang ka eona ntle le ea Jehova, joang kapa joang e tla nyopa. Histori e pakile sena ntle ho tika-tiko.
8. Morero oa Jehova ke ofe ka mefuta eohle ea puso ea batho, hona o tla finyella morero oo joang?
8 Kaha ka lilemo tse likete Jehova o tlohetse batho hore ba leke ho ipusa ba sa itšetleha ka eena, o na le mabaka a utloahalang a hore a felise puso ea mefuta ena eohle lefatšeng a ntan’o e nkela sebaka ka ’muso oa hae. Boprofeta bo amanang le sena bo re: “Matsatsing a marena ao [mebuso ea batho] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [’muso oa hae oa leholimo o laoloang ke Kreste] o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Puso ea bademona le ea batho e tla fela, ’me ke ’Muso oa leholimo oa Molimo feela o tla ba teng le o tla busa lefatše. Kreste e tla ba Morena, ’me batho ba tšepahalang ba 144 000 ba nkiloeng lefatšeng, e tla ba babusi-’moho le eena.—Tšenolo 14:1.
Ho Rua Molemo Linthong Tse Utloisang Bohloko
9, 10. Jesu o ile a rua molemo joang linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona?
9 Hoa thahasellisa ho hlahloba litšoaneleho tsa batho ba tla busa ’Musong oa leholimo. Tabeng ea pele, Kreste Jesu o ile a bontša hore o tšoaneleha hantle ho ba Morena. O ne a qetile nako e ke keng ea lekanngoa a e-na le Jehova ’me a phetha thato ea Ntate oa hae, e le ‘mosebetsi oa Hae ea hloahloa.’ (Liproverbia 8:22-31) Ha Jehova a lokisetsa hore a tle lefatšeng, Jesu o ile a lumela ka boithatelo. Ha a le lefatšeng o ile a tsepamisa mohopolo tabeng ea ho bolella batho ba bang ka bobusi le ’Muso oa Jehova. Jesu o ile a behela e mong le e mong oa rōna mohlala o tsotehang ka ho ikokobelletsa bobusi boo ka hohle-hohle.—Matheu 4:17; 6:9.
10 Jesu o ile a hlorisoa, ’me qetellong a bolaoa. Nakong ea tšebeletso ea hae, hohle moo a neng a e-ea teng, o ne a ka bona boemo bo hlomolang pelo ba moloko oa batho. Na ho bona seo sohle le hore ebe eena ka boeena o ile a utloa bohloko ho ile ha mo ruisa molemo leha e le ofe? E, ho joalo. Baheberu 5:8 e re: “Le hoja e ne e le Mora [oa Molimo], o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona.” Lintho tse ileng tsa hlahela Jesu ha a ntse a le lefatšeng li ile tsa etsa hore e be ea utloisisang haholoanyane le ea nang le kutloelo-bohloko haholoanyane. O ile a inoesa ka nkho hore na boemo ba moloko oa batho bo joang. O ne a ka utloela ba mahlomoleng bohloko ’me a ka utloisisa hamolemo mosebetsi oa hae oa ho ba pholosa. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a totobatsang ntlha ena kateng bukeng ea Baheberu ha a re: “O ile a tlameha ho ba joaloka ‘barab’abo’ ka litsela tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo, e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa batho. Etsoe ka hore o utloile bohloko ha a ntse a lekoa, o khona ho phallela ba ntseng ba lekoa.” “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rōna bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe. Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheberu 2:17, 18; 4:14-16; Matheu 9:36; 11:28-30.
11. Lintho tse hlahelang marena le baprista ba nakong e tlang ha ba le lefatšeng, li tla ba thusa joang ha e se e le babusi?
11 Ho ka boleloa se tšoanang ka ba 144 000, ‘ba rekiloeng’ lefatšeng hore e be babusi hammoho le Kreste Jesu ’Musong oa leholimo. (Tšenolo 14:4) Kaofela ha bona ba tsoetsoe e le batho lefatšeng, ba hōlela lefatšeng le tletseng lintho tse bohloko, ’me bona ka bobona ba utloa bohloko. Ba bangata ba ile ba hlorisoa, ’me ba bang ba bolaoa ka lebaka la ho lula ba tšepahala ho Jehova le la ho ikemisetsa ho latela Jesu. Empa ha ‘baa ka ba hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa bona, ba ile ba ba le karolo ho utloisoeng bohloko ke bobe bakeng sa litaba tse molemo.’ (2 Timothea 1:8) Lintho tse ba hlahelang ha ba le lefatšeng li etsa hore ba tšoanelehe hantle ho ahlola moloko oa batho ba le leholimong. Ba ithutile ho ba le kutloelo-bohloko haholoanyane, ho ba mosa le ho labalabela ho thusa batho.—Tšenolo 5:10; 14:2-5; 20:6.
Thabo ea ba Nang le Tšepo ea ho Phela Lefatšeng
12, 13. Ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka rua molemo joang ka ho utloa bohloko?
12 Na ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise le se nang ho kula, masoabi le lefu, ba ka rua molemo o itseng linthong tse ba utloisang bohloko hona joale? Bonneteng masisa-pelo le matšoenyeho a tlisoang ke ho utloa bohloko hase lintho tse lakatsehang. Empa ha re mamella lintho tse joalo tse utloisisang bohloko, sena se ka ntlafatsa botho ba rōna bo botle ’me sa etsa hore re thabe.
13 Hlokomela seo Lentsoe le bululetsoeng la Molimo le se buang ka taba ena: “Esita le haeba le ka utloa bohloko ka lebaka la ho loka, lea thaba.” “Haeba le ntse le nyelisetsoa lebitso la Kreste, lea thaba.” (1 Petrose 3:14; 4:14) “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong.” (Matheu 5:11, 12) “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo.”—Jakobo 1:12.
14. Ke’ng e thabisang barapeli ba Jehova ha ba utloisoa bohloko?
14 Bonneteng ho utloisoa bohloko hase hona ho re thabisang. Se re thabisang le se re khotsofatsang ke ho tseba hore re utloisoa bohloko hobane re etsa thato ea Jehova ’me re latela mohlala oa Jesu. Ka mohlala, lekholong la pele la lilemo, baapostola ba bang ba ile ba kenngoa teronkong ba ntan’o tlisoa ka pel’a lekhotla le phahameng la Bajuda ’me ba qosetsoa ho bolela ka Jesu Kreste. Ba ile ba shapuoa eaba baa lokolloa. Ba ile ba ikutloa joang? Tlaleho ea Bibele e re ba ile “ba tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae.” (Liketso 5:17-41) Ba ne ba sa thabela ho shapuoa le ho utloisoa bohloko, empa ba ne ba thabile hobane ba ne ba utloisisa hore sena se ne se etsahetse hobane ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova ’me ba latela mehato ea Jesu.—Liketso 16:25; 2 Bakorinthe 12:10; 1 Petrose 4:13.
15. Ho mamella lintho tse re utloisang bohloko hona joale ho ka re ruisa molemo joang nakong e tlang?
15 Haeba re mamella khanyetso le mahloriso ka boikutlo bo nepahetseng, sena se ka re thusa ho ba le mamello. Se tla re thusa ho mamella lintho tse utloisang bohloko nakong e tlang. Re bala mantsoe a reng: “Ho nkeng e le thabo feela, barab’eso, ha le thulana le liteko tse sa tšoaneng, joalokaha le hlile le tseba hore tšobotsi ena e lekiloeng ea tumelo ea lōna e hlahisa mamello.” (Jakobo 1:2, 3) Ka ho tšoanang, Baroma 5:3-5 e re ho rōna: “A re thabeng ha re ntse re le matšoenyehong, kaha rea tseba hore matšoenyeho a hlahisa mamello; mamello, eona, e hlahisa boemo bo amohelehang; boemo bo amohelehang, bona, bo hlahisa tšepo,’me tšepo ha e soetse.” Kahoo, re tla hlomelloa hamolemo ho mamella liteko tse eketsehileng tsa tsamaiso ena e khopo ea lintho haeba hona joale re mamella liteko tse eketsehileng ka lebaka la bophelo ba rōna ba Bokreste.
Jehova o Tla re Phetsa Meokho
16. Jehova o tla etsetsa marena le baprista ba nakong e tlang eng e tla ba moputso oa litlhokofatso tsa bona?
16 Esita leha re ka lahleheloa ke lintho tse bonahalang ka lebaka la ho hanyetsoa le ho hlorisetsoa ho khomarela tsela ea Bokreste, re ka khotsofalla ho tseba hore Jehova o tla re putsa ka ho feletseng. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a ngolla ba bang ba neng ba e-na le tšepo ea ho ea leholimong mantsoe ana: “Le ile la . . . amohela ka thabo ho tlatlapuoa lintho tsa lōna, le tseba hore le na le letlotlo le molemo le le lulang le le teng” la ho ba babusi ’Musong oa Molimo. (Baheberu 10:34) Nahana kamoo ba tla thaba kateng ha ba e-ba le seabo ho abeleng baahi ba lefatše le lecha mahlohonolo a babatsehang tlas’a tataiso ea Jehova le ea Kreste. Ruri mantsoe ao moapostola Pauluse a a boleletseng Bakreste ba tšepahalang ke a ’nete, ha a re: “Ke lekanya hore litlhokofatso tsa nako ea hona joale hase letho ha li bapisoa le khanya e tlang ho senoloa ho rōna.”—Baroma 8:18.
17. Ke eng eo Jehova a tla e etsetsa ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba mo sebeletsang ka botšepehi hona joale?
17 Ka ho tšoanang, ho sa tsotellehe hore na hona joale ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba ka lahleheloa ke eng kapa ba tela eng ka boithaopo ka lebaka la ho sebeletsa Jehova, o tla ba putsa ka tekanyo e fetisisang ka seo a tla se etsa nakong e tlang. O tla ba fa bophelo bo phethahetseng le bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Lefatšeng leo le lecha, Jehova “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) A tšepiso e tsotehang! Eng kapa eng eo re ka e tellang Jehova ka boithatelo kapa hobane re tlamehile lefatšeng lena e ke ke ea lekana le bophelo bo babatsehang bo tlang, boo a tla bo fa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba mamellang ha ba utloisoa bohloko.
18. Jehova o re fa tšepiso efe e tšelisang ka Lentsoeng la hae?
18 Lintho leha e le life tse bohloko tseo re ka ’nang ra lokela ho li mamella li ke ke tsa re sitisa ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Kaofela ha tsona li tla nkeloa sebaka ke maemo a matle a tla ba teng lefatšeng le lecha. Esaia 65:17, 18 e re bolella mantsoe ana: “Lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong. Empa thabang, ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bōpang.” Ka lebaka leo, ho ne ho loketse hore mor’abo Jesu ka ’mè oa bona, e leng Jakobo a re: “Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile.” (Jakobo 5:11) Ka sebele, haeba ka botšepehi re mamella lintho tse bohloko tsa hona joale, re ka rua molemo hona joale le nakong e tlang.
U ka Araba Joang?
• Ho tlile joang hore batho ba hlaheloe ke lintho tse utloisang bohloko?
• Ke melemo efe eo babusi ba lefatše le baahi ba lona ba nakong e tlang ba ka e ruang ka ho utloa bohloko?
• Ke hobane’ng ha re ka thaba esita le hona joale, le hoja re hlaheloa ke lintho tse utloisang bohloko?
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Bokamoso bo tsotehang bo ne bo larile ka pel’a batsoali ba rōna ba pele
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho bona kamoo batho ba neng ba utloa bohloko kateng ho ile ha thusa Jesu hore e be Morena ea khabane le Moprista ea Phahameng
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Baapostola ba ‘ile ba thabela ho nkoa e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa’ ka lebaka la tumelo ea bona