Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane!
Mohlomong ka nako e ’ngoe bophelong ba hao u kile ua ipotsa potso ena, ‘Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a makaale?’ Ka lilemo tse likete-kete, moloko oa batho o ’nile oa apareloa ke mahlomola a maholo ka lebaka la lintoa, bofuma, likoluoa, bonokoane, ho hloka toka, ho kula le lefu. Lilemong tse lekholo tse fetileng ho bile le mahlomola a maholo ho feta leha e le neng pele. Na mahlomola aa ’ohle a tla ke a fele?
Karabo e tšelisang ke hore ho joalo, ’me a tla fela haufinyane! Lentsoe la Molimo, Bibele, le re: “Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ka nako e kae? “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Ka mor’a hore Molimo a felise bokhopo le mahlomola, lefatše le tla fetoloa paradeise. Ka nako eo batho ba tla khona ho phela ka ho sa feleng ba phetse hantle ’meleng ’me ba thabile. Lentsoe la Molimo le bolela esale pele, le re: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:4.
Lefatšeng leo le lecha, esita le bafu ba tla tsosetsoa bophelong hore ba kopanele litlhohonolofatsong tseo: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Ke ka lebaka leo Jesu Kreste a neng a ka bolella sesenyi se bakileng se ileng sa bontša tumelo ho eena, a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43.
Ke Hobane’ng ha Mahlomola a Ile a E-ba Teng?
Kaha Molimo o ne a rerile hore batho ba be le bokamoso bo tsotehang joalo, ke hobane’ng ha a ile a lumella mahlomola hore a be teng? Ke hobane’ng ha a a lumeletse ka nako e telele hakaale?
Ha Molimo a bōpa Adama le Eva, O ile a ba etsa ba phethahetse ’meleng le kelellong. O ile a ba beha serapeng sa paradeise ’me a ba fa mosebetsi o khotsofatsang. Bibele e re: “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:31) Hoja ba ne ba ile ba mamela Molimo, ba ka be ba ile ba tsoala bana ba phethahetseng, ’me lefatše lohle e ka be e bile paradeise, eo ho eona batho ba neng ba tla phela ka ho sa feleng ba le khotsong ’me ba thabile.
Molimo o ile a kenya ka ho Adama le Eva mpho e babatsehang ea bolokolohi ba ho ikhethela. Ba ne ba sa lokela ho ba joaloka liroboto tse sa nahaneng. Leha ho le joalo, hore ba tsoele pele ba thabile ho ne ho itšetlehile ka hore ba sebelise bolokolohi ba bona ba ho ikhethela ka tsela e nepahetseng—ka hore ba mamele melao ea Molimo. Molimo o re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela hampe ho ne ho tla fella ka tlokotsi, kaha batho ba ne ba sa bōpeloa hore ba atlehe ba sa itšetleha ka Molimo. Bibele e re: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.
Ka masoabi, batsoali ba rōna ba pele ba ile ba nahana hore ba ka tsoela pele ho atleha ba sa itšetleha ka Molimo. Empa ha ba ikhula pusong ea Molimo, ba ile ba lahleheloa ke phetheho. Kahoo ba ile ba qala ho fokola ho fihlela qetellong ba tsofala ’me ba e-shoa. Tumellanong le melao ea lefutso, re futsitse ho se phethahale hoo le lefu.—Baroma 5:12.
Tseko e ka Sehloohong—Ea Bobusi
Ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a timetsa Adama le Eva eaba o bōpa batho ba bang ba babeli? Hobane bobusi ba Molimo ba bokahohle, e leng tokelo ea hae ea ho busa, bo ne bo phephelitsoe. Potso e ne e le hore, Ke mang ea nang le tokelo ea ho busa, hona ke puso ea mang e loketseng? Ho feta moo, Na batho ba ne ba tla atleha haeba ba sa busoe ke Molimo? Ka ho ba fa nako e lekaneng ea ho leka tokoloho e feletseng, Molimo o ne a tla tiisa ka ho feletseng hore na ba tla atleha ha a ba busa kapa ha ba ipusa. Nako e fanoeng e ne e lokela ho ba telele ka ho lekaneng hore batho ba leke mefuta eohle ea tsamaiso ea lipolotiki, ea sechaba, ea moruo le ea bolumeli ba sa tataisoe ke Molimo.
Phello e bile efe? Lilemo tse likete tsa histori ea batho li re pakela hore ho bile le mahlomola a eketsehileng. Lekholong le fetileng la lilemo, moloko oa batho o bile mahlomoleng a fetisisang. Batho ba limilione ba ile ba bolaoa nakong ea Polao e Sehlōhō. Ba fetang limilione tse 100 ba bolailoe lintoeng. Bonokoane le pefo li jele setsi. Tšebeliso e mpe ea lithethefatsi ke seoa. Mafu a tšoaetsanoang ka thobalano a tsoela pele ho ata. Batho ba mashome a limilione baa shoa selemo le selemo ka lebaka la tlala le maloetse. Bophelo ba lelapa le litekanyetso tsa boitšoaro li thefulehile libakeng tsohle. Ha ho na puso ea batho e nang le tharollo ea mathata ana. Ha ho le e ’ngoe ea tsona e hlōtseng botsofali, ho kula le lefu.
Boemo ba batho bo joalokaha Bibele e boletse esale pele bakeng sa mehla ea rōna. Lentsoe la Molimo le re mehla ea rōna ke ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho ao ka ’ona ho neng “ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” ’Me feela joalokaha Bibele e boletse, ‘batho ba khopo le baikhakanyi ba tsoetse pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.’—2 Timothea 3:1-5, 13.
Mahlomola a Haufi le ho Fela
Bopaki bohle bo bontša hore re haufi le bofelo ba tsela e bohloko eo batho ba e lekileng ba sa itšetleha ka Molimo. Ho bonahetse ka ho hlakileng hore le ka mohla puso ea batho e ke ke ea atleha ha ba sa itšetleha ka Molimo. Ke puso ea Molimo feela e ka tlisang khotso, thabo, bophelo bo phethahetseng ba ’mele le bophelo bo sa feleng. Kahoo ho mamella ha Jehova bokhopo le mahlomola ho se ho tla fela. Haufinyane Molimo o tla kenella litabeng tsa batho ka ho felisa tsamaiso ena eohle ea lintho e sa khotsofatseng.
Boprofeta ba Bibele bo re: “Matsatsing a marena ao [mebuso ea batho e teng hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [leholimong] o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [mebuso ea hona joale], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Thuto ea Bibele e ka sehloohong ke ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova, e leng tokelo ea hae ea ho busa, a sebelisa ’Muso oa hae oa leholimo. Ha Jesu a bolela esale pele ka karolo e ka sehloohong ea pontšo ea ‘matsatsi a ho qetela,’ o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Ha bofelo bo fihla, ke bo-mang ba tla pholoha? Bibele e araba ka ho re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.” (Liproverbia 2:21, 22) Ba lokileng ke ba ithutang thato ea Jehova ’me ba e phetha. Jesu Kreste o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E, “lefatše lea feta . . . , empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, Mangolo a qotsitsoe Phetolelong ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea puo ea kajeno.